Seo U Lokelang ho se Tseba ka Linta Tsa Hlooho
HOA tšosa, ke lihlong, le boikutlo ba ho ba molato ke likarabelo tseo tloaelehileng tsa batsoali bao bana ba bona ba tšoaelitsoeng ke linta tsa hlooho. “Ke ho tlotlollang, hobane u ikutloa hore batho ba nahana hore ha ua hloeka,” ho boletse ’mè e mong.
Na ho na le lebaka la ho ikutloa u tlotlollehile haeba ba ntlo ea hao ba e-na le linta?
Mefuta e Meraro
Linta tsa hlooho li nyenyane, ke likokoanyana tse se nang mapheo tseo ka tloaelo li ka bang bolelele ba milimithara ho ea ho tse peli, ’me li ka ba boholo ba peō ea sesame. Li boputsoa bo bosoeu ho isa ho ’mala o mosootho. Bomalimabe bo amahanngoang le ho ba le linta bo hlaha boikutlong bo fosahetseng ba hore linta li hlasela feela batho ba bohlasoa. Empa, ha e le hantle, linta tsa hlooho li khetha sebaka se hloekileng, esita le batho ba itlhatsoang ka mehla ba ka ’na ba e-ba le tsona.
Ntle ho linta tsa hlooho, ho na le mefuta e ’meli hape ea linta e tloaelehileng ho motho: linta tsa ’mele le linta tse lulang karolong e potolohileng litho tsa botona kapa tsa botšehali. Linta tsena, tse fetisoang kamanong e haufi ea botona le botšehali, li fumanoa moriring o potolohileng litho tsa botona kapa botšehali, ka tlas’a mahafi, litelung, ’me hangata le lintšing. Nta ena e khutšoaane ’me e bōpehile joaloka lekhala le lenyenyane, ke kahoo e filoeng lebitso la bosoasoi, nta ea lekhala.
Nta ea ’mele, ho fapana le linta tsa hlooho le tsa karolo e potolohileng litho tsa botona kapa botšehali, ha e lule bathong. E lula liaparong tse haufi le ’mele ’me e ea ’meleng bakeng sa ho iphepa. Nta ea ’mele e tloaelehile har’a batho ba leng har’a batho ba petetsaneng le maemong a litšila. Nakong e fetileng nta ena e ile ea fetisa mafu a mangata, ho kopanyelletsa le typhus, feberu e hlaselang mesifa, masapo le manonyeletso le feberu e matla, empa ke ka seoelo mafu ana a tsamaisoang ke linta kajeno.
Ke Bothata bo Pharalletseng Hakae?
Koranta ea bongaka Archives of Dermatology e itse: “Pediculosis captis [lefu la linta tsa hlooho] ke bothata bo pharalletseng United States, ’me le tšoaelitse karolelano e khōlō ea batho libakeng tse ling.” Lingaka li lekanyetsa hore batho ba limillione tse tšeletseng ho isa ho tse leshome United States baa tšoaetsoa selemo le selemo.
Ho itšetlehile ka liphuputso tse ileng tsa tsamaisoa ke Setsi sa Taolo ea Mafu sa U.S., lenane le leholo la liithuti ho fumanoe le e-na le linta tsa hlooho. Ha e le hantle, moprofesa David Taplin, oa Sekolo sa Bongaka sa Univesithi ea Miami, o re: “Libakeng tse ling ba tšoaetsoang ke linta ba ka fihla karolong ea 40 lekholong.”
Leha ho le joalo, hase United States feela e amehileng ka ho nama ha ho tšoaetsoa ke linta. Makasine oa bongaka Discover oa tlaleha: “Ho tsoa Canada le Chile, ho tsoa Engelane, Fora, Italy, Jeremane Bochabela, Soviet Union, esita le Australia, ho hlaha litlaleho tsa ho tšoaetsoa ke linta tsa hlooho ha bana ba etsang karolo ea 50 lekholong kapa ho feta likolong tse ling.”
Li Fetisoa Joang?
Kaha linta ha li tsebe ho fofa kapa ho qhothoma, li fetisoa haholo-holo ke ho kopana le motho ea tšoaelitsoeng, haholo-holo ka ho thetsana ka lihlooho. Phuputso e entsoeng liklaseng tsa Pennsylvania e sibolotse hore karolo ea 73 lekholong ea ho tšoaetsoa ke linta e bile ka ho thetsana. Ba bang ba ikutloa hore lenane lena le hlile le phahame haholoanyane. Dennis White, motsamaisi oa Lenaneo la Mahloko a Likokoanyana, Lefapheng la Bophelo bo Botle Motseng oa New York, o boletse: “Batho ba tšoaelitsoeng ke linta ka baka la ho thetsana ba ka etsa karolo ea 90 lekholong.”
Litsela tse ling tseo u ka bang le linta tsa hlooho ka tsona ho tsoa ho motho ea tšoaelitsoeng ke ka ho sebelisa kama e le ’ngoe, berete, sek’hafu, katiba, lesela le roaloang hloohong, thaole, li-headphone tsa stereo, katiba ea ho tola, kapa lintho tse ling tsa botho. Ke ka hobane linta li tseba ho phela lihora tse 20 (ba bang ba bolela hore lihora tse 48) li tlohile ho motho eo li neng li phela ho eena.
Lebaka le leng leo linta li tletseng hakana ka lona kajeno ke hore batsoali ba bangata ha ba sebetsane le bothata. Deborah Altschuler, motsamaisi e moholo oa Mokhatlo oa Sechaba oa Tšoaetso ea Linta, o bolela hore “hangata batho ba tšoarehile haholo mosebetsing hoo ba lebalang ho ipha nako le ho etsa boiteko ba ho hlahloba moriri oa bana ba bona ho bona haeba u e-na le ‘mahoefe.’” ’Nete e soabisang ke hore ka bo-1980 ho tšoaetsoa ke linta ho bakiloe ke ho hloka tsebo le ho se tsotelle.
Ho Sireletsa Lelapa la Hao
Letšoao le leholo la ho tšoaetsoa ke bohloko ba linta ke ho hlohlona ha letlalo. Ho longoa ke nta ea hlooho ho hlohlontša letlalo la hlooho, ’me hangata ho bohloko ho bile ho a retela. Belaela haeba u bona ngoana oa hao a ingoaea hlooho hangata. Tlhahlobo e hlokolosi e hloka lebone le khanyang haholo le galase e hōlisang lintho. Kaha nta e ea tsamaea ’me e qoba ho bonoa habobebe, batla mahoefe, hobane ’ona a itšoarelelitse ka thata moriring haufi le letlalo la hlooho. Mahoefe a ’mala o bosehla bo khanyang ho isa ho o mosootho. Lingaka tsa mafu a letlalo li fumane bonyane maemo a 12 ao ka tloaelo a nkuoang ka phoso e le ho tšoaetsoa ke mahoefe. Ka baka leo, sebelisa galase e hōlisang lintho bakeng sa tlhahlobo e phethahetseng ea hlooho. Hlahloba haholo pel’a litsebe ka sekotlong.
Haeba linta kapa mahoefe a fumanoe, sebelisa shampoo e khethehileng, kapa mokelikeli (lotion) ho bolaea linta. Ho thibela ho ata ha tsona, e mong le e mong ea tšoaelitsoeng o lokela ho fumana phekolo ka nako e tšoanang. Ka hona hlahloba lelapa lohle pele u qalisa ka phekolo.
Hase ka mehla mekelikeli e bolaeang mahoefe ’ohle a itšoarelletseng moriring. Mahoefe leha e le afe a setseng a tla qhotsoa nakong ea matsatsing a supileng ho isa ho a leshome, kahoo phekolo ea bobeli ka mekelikeli e bolaeang linta e ka ’na ea e-ba ea bohlokoa bakeng sa ho bolaea linta leha e le life tse setseng. Leha ho le joalo tlhokomeliso ke ena: Mekelikeli e bolaeang linta e na le metsoako e chefu ea ho bolaea likokoanyana, ’me haeba e sa sebelisoe ka ho nepahetseng, e ka ’na ea hlahisa liphello tse kotsi. Ka lebaka leo, latela ka hloko litaelo tsa moetsi oa eona.
Haeba mekelikeli ea ho bolaea linta e sa fumanehe sebakeng sa lōna, ho ka sebelisoa mekhoa e meng. Lingaka tse ngata li buella ho tlosa mahe a linta ka kama e khethehileng e nang le meno a masesaane. Ho phaella moo, buka ea meriana Clinical Dermatology: A Color Guide to Diagnosis and Therapy e fana ka tlhahiso ea hore: “Sekhomaretsi se etsang hore mahoefe a itšoarelle moriring se ka ’na sa qhibilihisoa ka ho itšela ka asene moriring ka metsotso e ka bang 15.”
Mokhoa o molemo haholo ke ho kuta. Ba bang ba fumane hore ho sebelisa kerosene e nyenyane hloohong ka metsotso e 15 ho ea ho e 20 e tla bolaea linta le mahoefe. Leha ho le joalo, ho lokela ho be hlokolosi kahobane ho ka ba bohloko. Kerosene e ka boela ea e-ba kotsi haeba motho a e phefumoloha, ’me e ka tuka haeba e le haufi le mollo.
Habohlokoa hape ke ho hloekisa lintho tseo ho robaloang ka tsona, liaparo le lintho tse ling tsa botho. Li hlatsoe ’me u li omise ka mochine o omisang liaparo bonyane metsotso e 20 bakeng sa ho bolaea linta hammoho le mahoefe. Hloekisa materase ka mochine o monyang litšila, thepa e koahetsoeng ka lesela, le lintho tse ling tse ke keng tsa hlatsoeha bakeng sa ho tlosa mahoefe ’ohle a phelang kapa linta. Phekolo ke mokhoa o amehang, empa oa hlokahala bakeng sa ho thibela ho ata ha linta lapeng la hao.
Le hoja ho ke ke ha etsahala hore u se ke ua ba mokhelo tšoaetsong ea linta, u ka fokotsa ho tšoaetsoa ke tsona ka ho latela litataiso tse ’maloa. Khothalletsa bana ba hao ho qoba ho sebelisa likama tsa ba bang, liborosolo, le lintho tse ling tsa botho tseo habonolo li ka ’nang tsa fetisa linta. Haeba ho ka etsahala, bana ba hao ba robale libetheng tse fapaneng. Moriri o moholo o lule o lohiloe bakeng sa ho thusa ho fokotsa ho kopana ka lihlooho. ’Me qetellong, haeba ngoana oa hao a tšoaetsoa ke linta, u se ke ua tsilatsila. Ho tšoaetsoa ke linta hase bomalimabe. Hape ke ho tloaelehileng ’me ebile ke le leng la makunutu a bolokoang hamolemonyana motseng.
[Lebokose le leqepheng la 19]
Bothata ba Khale
Linta tsa hlooho li ’nile tsa tšoenya batho ka likete tsa lilemo. The Medical Post ea November 15, 1988, ea tlaleha: “Linta li ’nile tsa fumanoa li itšoarelletse moriring oa litopo tsa Baegepeta, pele ho mehla ea Maindia a Columbia ho tsoa Peru le Maindia a pele ho histori ho tsoa Amerika e boroa bo ka bophirima.
“Joalokaha hona joale, linta li na le tlhompho e fokolang bakeng sa borena, boemo kapa bolumeli.
“Li ’nile tsa fumanoa ka bongata likameng le moriring o tsoang tlung ea borena ea Heroda, ho tloha ho batho ba boholo-holo ba neng ba lula Masada, ho tloha mahaheng a Qumran moo meqolo ea Leoatle le Shoeleng, meqolo e ngotsoeng ka letsoho ea Bibele ea boholo-holo, e ileng ea fumanoa teng.”
Likama tse ntlha li tšesaane tse ileng tsa sebelisoa likete tsa lilemo tse fetileng li tšoana ka ho hlollang le tse sebelisoang kajeno. Hangata likama li ne li entsoe ka thupa, empa likama tse entsoeng ka meno a tlou li ile tsa fumanoa tlung ea borena ea boholo-holo Megiddo. Ha likama tsena tse fumanoeng pokellong ea lintho ea boholo-holo li ne li hlahlobisisoa, ho ile ha fumanoa li e-na le linta tse ngata le mahoefe.
Ngaka Kosta Mumcuoglu, oa sekolo sa bongaka sa Hebrew University-Hadassah, o hlokometse: “Ha re nahana ka lenane la linta le mahoefe kameng, lisebelisoa tsena ka ho hlakileng e ne e le tsa bohlokoa bakeng sa ho tlosa linta.”
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Nta ea hlooho (e hōlisitsoeng haholo)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto ka tumello ea Beecham Products U.S.A.