Ho Nyoreloa Khotso le Tšireletseho
Batho ba bangata ba na le takatso ea tlhaho bakeng sa khotso, empa takatso eo e ’nile ea ferekangoa ka linako tsohle historing ea batho. Leha ho le joalo, lilemo tsa morao tjena li bone ho atleha ho babatsehang ha motho bakeng sa ho khotsofatsa lenyora la khotso, joalokaha lenane le latelang le bontša.
1985: (Mphalane) Machaba a Kopaneng a keteka selemo sa bo40 ’me a tsebahatsa 1986 e le Selemo sa Machaba sa Khotso.
(Pulungoana) Seboka sa pele sa mebuso e matla ea lefatše nakong ea lilemo tse tšeletseng ha Gorbachev le Reagan ba kopana; Reagan o buile ka “tšimoloho e ncha.”
1986: (Pherekhong) Gorbachev o phatlalatsa hore libetsa tsohle tsa nuclear li felisoe ho ea bofelong ba selemo sa 2000.
(Loetse) Seboka sa Lekunutu le Mehato ea Tšireletso le Peho ea Lihlomo Fatše Europe (lichaba tse 35, ho kopanyeletsa United States, Canada, Soviet Union, le Europe eohle ka ntle ho Albania) li saena selekane sa ho fokotsa likotsi tsa ntoa.
(Mphalane) Seboka sa Reagan le Gorbachev se ea hlōleha Iceland, le hoja Gorbachev a bolela hore ba ne ba le lintšing tsa ho “etsa liqeto tse khōlō, liqeto tse etsang histori.”
1987: (Pherekhong) Ho bonahala mokhoa oa glasnost (openness) o supa mehla e mecha Soviet Union.
(Tlhakubele) Leeto la pele la tonakholo ea Brithani Moscow nakong ea lilemo tse 12
(Tšitoe) Gorbachev le Reagan ba saena selekane sa INF (Intermediate-range Nuclear Forces) bakeng sa ho felisa li-missile tsa nuclear.
1988: (Tlhakubele) Nicaragua le Linaha tseo eseng tsa Bokomonisi li saena selekane sa ho beha lihlomo fatše, ho qalisoa ka lipuisano bakeng sa ho finyella peho ea libetsa fatše ka ho sa feleng.
(’Mesa) Soviet Union e phatlalatsa ho ntšuoa ha mabotho a eona Afghanistan ho ea bofelong ba Tlhakubele 1989; Ethiopia le Somalia li lumellana ho khaotsa ho loana.
(Motšeanong) Vietnam e phatlalatsa ho ntšuoa ha mabotho a eona a 50 000 Kamnuchea pele selemo se fela, ’me mabotho a setseng a tla ntšuoa bofelong ba 1990.
(Phupjane) Tonakholo ea Australia Bob Hawke o itse ka seboka sa Gorbachev le Reagan Moscow: “Ka lekhetlo la pele nakong eohle ka mor’a ntoa, ho na le lipontšo tsa sebele tsa ho hlaha ha lefatše le phelang ka khotso.”
(Phupu) Iran e phatlalatsa ho amohela qeto ea Machaba a Kopaneng bakeng sa ho khaotsa ntoa ea lilemo tse robeli mahareng a Iran le Iraq.
(Phato) United States e lumela ho lefa molato o setseng oa Machaba a Kopaneng, e leng tsela e seng e nkiloe ke Masoviet, ka hona a thusa ho felisa bothata ba chelete le ho neha Machaba a Kopaneng sebōpeho se secha.
(Loetse) Likhukhuni tsa Morocco le Polisario li amohela morero oa Machaba a Kopaneng oa ho felisa ntoa ea lilemo tse 13 Sahara Bophirima.
(Mphalane) Mabotho a khotso a Machaba a Kopaneng a abeloa Moputso oa Nobel bakeng sa Khotso; Libya le Chad li lumellana ho felisa boemo ba nako e telele ba ntoa.
(Tšitoe) Machabeng a Kopaneng, Gorbachev o phatlalatsa qeto e khōlō ea ho fokotsa mabotho a Soviet nakong ea lilemo tse peli le ho ntšuoa ha mabotho le litanka tsa ntoa Czechoslovakia, Hungary, le Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane; Afrika Boroa, Namibia, le Cuba li lumellana ho amohela qeto ea Machaba a Kopaneng ka la 1 ’Mesa, 1989 le ho neha Namibia boipuso le ho felisa ntoa ea lilemo tse 22; halofo ea masole a 50 000 a Cuba a leng Angola a lokela ho ntšuoa bofelong ba la 1 Pulungoane, ’me a setseng bofelong ba la 1 Phupu, 1991; United States e lumela ho buisana le Mokhatlo oa Tokoloho oa Palestina (Palestine Liberation Organization) ka mor’a hore Yasser Arafat a lumelle Iseraele tokelo ea “ho lula ka khotso le tšireletseho.”
1989: (Pherekhong) Lichaba tse 149 li ba teng Paris Sebokeng sa Libetsa tsa Lik’hemik’hale ’me li batla hore ho nkuoe mohato o potlakileng oa ho thibela keketseho, tlhahiso, poloko, le tšebeliso ea libetsa tsa lik’hemik’hale.
(Tlhakubele) Costa Rica, Honduras, El Salvador, Nicaragua, le Guatemala li ile tsa saena selekane sa ho sireletsa khotso Amerika Bohareng; sehlopha se seholohali sa marabele a Colombia, FARC (Colombian Revolutionary Armed Forces) sa phatlalatsa ho beha lihlomo fatše, se eketsa tšepo ea hore ntoa ea likhukhuni ea lilemo tse 35 e ka ’na ea fela.
(Tlhakubele) Matona a kantle ho naha a tsoang lichabeng tse 35 a qalisa lipuisano Vienna ka CFE (Negotiations on Conventional Armed Forces in Europe), e reretsoeng ho fokotsa mabotho a sesole Europe.
(’Mesa) Vietnam ea phatlalatsa ho ntšuoa ho felletseng ha mabotho a sesole Kampuchea ho ea bofelong ba la 30 Loetse.
(Motšeanong) Hungary e simolla ho tlosa moeli oa eona oa terata e hlabang oa lilemo tse 40 moeling oa Austria; sebokeng sa pele sa baetapele ba Soviet le Chaena nakong ea lilemo tse fetang 30, Soviet e phatlalatsa ho fokotsoa ha masole a Asia; Masoviet a simolla selekane sa ho ntša masole Europe Bochabela.
(Phupjane) Bush o etsa boipiletso bo tebileng ba ho fokotsa mabotho a sesole, litanka tsa ntoa, libetsa, le lifofane tsa ntoa Europe bofelong ba 1992 ’me sena se ile sa etsa hore makasine o re: “Ruri sena se ka bula monyako oa bohlokoa o lebisang ho fokotseng libetsa ho tloha nakong ea bofelo ba Ntoa ea II ea Lefatše.”
(Phato) Lihlopha tse hlano tsa lichaba tsa Amerika Bohareng li lumellana ho felisa ntoa ea Nicaragua.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boiteko bona bo babatsehang, linaha tse ngata li hōle le ho thabela khotso. Batho ba ntse ba shoa Ireland Leboea, Lebanon, Sri Lanka, Afghanistan, le Philippines ha re bolela linaha tse ’maloa ka lebaka la mehato ea sesole. Ho sa le joalo, ba bangata ba ka ikutloa ba na le pono e ntle ka bokamoso ka litebello tsa khotso, empa ha rea lokela ho lebala hore mopalami oa bobeli oa pere ea Tšenolo, ‘pere e khunong,’ ea ntoa, o ntse a khemisa hohle lefatšeng.—Tšenolo 6:3,4