Merero ea Motho ea ho Finyella Tšireletseho ea Machaba
“Ha ntho ena eohle e felile, re batla ho ba bafolisi. Re batla ho etsa seo re ka se khonang ho betla tsela ea seo ka tšepo nka se bitsang taolo ea lefatše le lecha.”—Mopresidente George Bush oa U.S., January 1991, nakoana ka mor’a ho qaleha ha ntoa khahlanong le Iraq.
“Khopolo ea Mopresidente Bush ea Taolo ea Lefatše le Lecha e hatisa bohlokoa ba puso ea molao le tumelo ea hore lichaba li na le boikarabelo bo kopanetsoeng ba ho finyella tokoloho le toka. Ka ho lala ha Qhoebeshano, ho ile ha qaleha nako e ncha.”—Moemeli oa U.S. Australia, August 1991.
“Bosiung bona, ha ke ntse ke bona liketsahalo tsa puso ea sechaba ka sechaba li hōla ho pota lefatše, mohlomong—mohlomong re haufi le lefatše leo le lecha ho feta leha e le neng pele.”—Mopresidente George Bush oa U.S., September 1991.
BAETA-PELE ba bangata ba lefatše joaloka Mopresidente Bush, ba bua ba tletse tšepo ka nako e tlang. Na ho na le lebaka le utloahalang la hore ba be le tšepo? Na liketsahalo tse etsahetseng ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše li fana ka motheo oa tšepo e joalo? Na u nahana hore bo-ralipolotiki ba ka khona ho tlisa tšireletseho ea machaba?
Morero o Moholo oa Motho
Lenaneo la thelevishene le bitsoang Goodbye War, le ile la hlalosa hore: “Lilemong tse peli tsa ho qetela tsa ntoa ea bobeli ea lefatše, ho ne ho bolaoa batho ba ka holimo ho millione ka khoeli.” Nakong eo, lichaba li ile tsa hlokomela tlhoko e potlakileng ea ho etsa morero oa ho thibela ntoa e joalo hore e se hlole e etsahala hape. Ha ntoa e ntse e kupa, baemeli ba linaha tse 50 ba ile ba hlahisa morero o moholo ka ho fetisisa o kileng oa etsoa ke motho oa ho finyella tšireletseho ea machaba: e leng Tumellano ea Machaba a Kopaneng. Selelekela sa Tumellano se ile sa bolela ka boikemisetso ba “ho boloka meloko e tlang mahlomoleng a bakoang ke ntoa.” Bao ho neng ho lebelletsoe hore e be litho tsa Machaba a Kopaneng ba ne ba tlameha ho “kopanya matla [a bona] a ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba.”
Matsatsi a 41 hamorao, sefofane se ile sa lihela bomo ea athomo Hiroshima, Japane. E ile ea phatloha bohareng ba motse, ea bolaea batho ba 70 000. Ho phatloha hoo, le ho ileng ha latela Nagasaki matsatsi a mararo hamorao, ho ile ha felisa ntoa khahlanong le Japane ka katleho. Kaha motsoalle oa Japane e leng Jeremane o ne a ile a inehela ka May 7, 1945, joale Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea lala. Leha ho le joalo, na hoo e ne e le ho lala ha lintoa tsohle?
Che. Ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše, batho ba bone lintoa tse nyenyane tse ka holimo ho 150 tse bolaileng batho ba ka holimo ho limillione tse 19. Ka ho hlakileng, morero o moholo oa Machaba a Kopaneng ha o e-s’o tlise tšireletseho ea machaba. Ho senyehile hokae?
Qhoebeshano
Batho ba neng ba rera Machaba a Kopaneng ba ile ba hlōleha ho hlokomela bora bo ileng ba hōla ka potlako pakeng tsa linaha tsa selekane tseo pele e neng e le metsoalle Ntoeng ea II ea Lefatše. Linaha tse ngata li ile tsa jela pate tsekong ena ea matla, eo qetellong e ileng ea bitsoa Qhoebeshano le eo, karolong e ’ngoe, e neng e le tseko pakeng tsa Bokomonisi le puso eo moruo o seng tlas’a ’muso. Ho e-na le ho kopanya matla a tsona ho emisa ntoa, lihlopha tse peli tsa lichaba li ile tsa tšehetsa mahlakore a loantšanang likhohlanong tsa mahae ’me ka tsela ena li ile tsa loantšana Asia, Afrika, le Amerika Leboea le Boroa.
Bofelong ba lilemo tsa bo-1960, Qhoebeshano e ile ea kokobela. Ho kokobela hona ho ile ha fihla sehlohlolong ka 1975 ha Linaha tse 35 li saena se bitsoang Tumellano ea Helsinki. Linaheng tsena ho ne ho le Soviet Union le United States, hammoho le metsoalle ea tsona e fapa-fapaneng ea selekane e Europe. Kaofela li ile tsa tšepisa ho sebeletsa “khotso le tšireletseho” le ho “ithiba . . . tšokelong kapa tšebelisong ea likhoka khahlanong le botšepehi ba naha kapa boipuso ba bopolotiki ba Naha leha e le efe, kapa le ka mokhoa leha e le ofe o mong o sa lumellaneng le merero ea Machaba a Kopaneng.”
Empa likhopolo tsena ha lia ka tsa ba le litholoana. Mathoasong a bo-1980, khohlano pakeng tsa mebuso e meholo ea lefatše e ile ea boela ea ba matla. Lintho li ile tsa senyeha hoo ka 1982 mongoli-kakaretso ea neng a sa tsoa khethoa oa Machaba a Kopaneng, Dr. Javier Pérez de Cuéllar, a ileng a lumela hore mokhatlo oa hae o hlōlehile ’me a lemosa ka “pherekano e ncha ea machaba.”
Leha ho le joalo, kajeno, mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng le baeta-pele ba bang ba na le tšepo e itseng. Litlaleho tsa litaba li bua ka “mehla ea ka morao ho Qhoebeshano.” Phetoho ee e tlile joang?
“Mehla ea ka Morao ho Qhoebeshano”
Sesosa se seng sa bohlokoa e bile ho lula ha Seboka sa linaha tse 35 sa Tšireletseho le Tšebelisano-’moho Europe. Ka September 1986 li ile tsa saena ho bitsoang Tokomane ea Stockholm, e neng e tiisa tlamo ea tsona Tumellanong ea 1975 ea Helsinki.a Tokomane ea Stockholm e na le melao e mengata e laolang tsamaiso ea tšebetso ea sesole. SIPRI (Stockholm International Peace Research Institute) ho Yearbook 1990 ea eona e tlaleha hore: “Liphello tse hlahileng lilemong tse tharo tse fetileng lia khothatsa ’me se finyelletsoeng se qala ho phahamela litlamo tse ngotsoeng tsa Tokomane ea Stockholm.”
Joale, ka 1987, mebuso e meholo ea lefatše e ile ea fihlela tumellano e tsotehang e neng e hloka hore ho felisoe limisaele tsohle tsa tsona tse tsoibiloang ho tloha fatše tse lebelo le pakeng tsa lik’hilomithara tse 500 le 5 500. SIPRI e re: “Tšenyo ea limisaele le mechine e tsoibilang libetsa e lekantsoe ’me tiiso ea litumellano e hlokometsoe ka ho loketseng ke lehlakore ka leng.”
Ho nkiloe mehato e meng ho fokotsa ho ipeha tsietsing ka ntoa ea nuclear. Ka mohlala, ka 1988 mebuso e meholo ea lefatše e ile ea saena tumellano e mabapi le “limisaele tse itsamaisang pakeng tsa lik’honthinente le limisaele tse itsamaisang tse tsoibiloang likepeng tse tsamaeang ka tlas’a metsi.” Pele libetsa tse joalo li tsoibiloa, lehlakore ka leng le tlameha ho lemosa le leng “e seng ka tlaase ho lihora tse 24 esale pele, ka letsatsi le reriloeng, moo li tla tsoibileloa teng, le hore na phello e tla ba efe.” Ho ea ka SIPRI, litumellano tse joalo “li tla thibela monyetla oa hore liketsahalo tsa sebaka se itseng li hōle ho isa ntoeng ea lefatše ka bophara ea nuclear.”
Ho sa le joalo, merero ea ho ntlafatsa tšireletseho ea machaba e ile ea potlakisoa. Ka May 1990, sebokeng sa mebuso e meholo ea lefatše se neng se tšoaretsoe Washington, D.C., eo e neng e le mopresidente oa Soviet Mikhail Gorbachev o ile a etsa tšisinyo ea hore lihlopha tse peli tsa lichaba tsa Europe li saene selekane sa khotso. Ka July, lichaba tse 16 tsa Bophirima tsa NATO (North Atlantic Treaty Organization) li ile tsa kopana London. Karabelo ea tsona tšisinyong ea Mikhail Gorbachev e bile hore mahlakore ka bobeli a saene “boipolelo bo kopanetsoeng boo ho bona re bolelang ka tieo hore ha re sa le lira ’me re tiisa qeto ea rōna ea ho ithiba tšokelong kapa tšebelisong ea likhoka.” Sehlooho se sekoahelong sa koranta ea Afrika se ile sa hlalosa sena e le “Mohato o Moholo o Lebisang Khotsong ea Lefatše.”
Joale, pelenyana ho seboka sa mebuso e meholo ea lefatše se neng se tšoaretsoe Helsinki, Finland, moemeli oa ’muso oa U.S. o ile a bolela hore “monyetla oa hore ntoa e ka ba teng [Bochabela bo Hare] o re tlama ho hlahisa morero o mong o kopanetsoeng oa ho finyella khotso ea lefatše.” Khotso e ile ea senyeha ha Iraq e hlasela Kuwait ’me ho bonahala eka linaha tsohle tse Bochabela bo Hare li kotsing ea ho angoa ke ntoa. Empa tlas’a bolaoli ba Machaba a Kopaneng, lebotho la machaba le etelletsoeng pele ke United States le ile la khutlisetsa mabotho a sera naheng ea habo ’ona. Ho ba ntsoe-leng ha lichaba ho bonahalitsoeng ntoeng eo ho ile ha khothalletsa ba bang ho tšepa hore ho hlahile mehla e mecha ea tšebelisano-’moho.
Ho tloha ka nako eo, liketsahalo tsa lefatše li ’nile tsa hloa mekoalaba. Ka ho khetheha, boemo ba seo pele e kileng ea e-ba Soviet Union ka bobona bo fetohile haholo. Linaha tsa Baltic li ile tsa lumelloa ho fumana boipuso, ’me lirephaboliki tse ling tse Soviet Union li ile tsa latela mohlala oa tsona. Likhohlano tse mabifi tsa morabe li ile tsa hlahella linaheng tse neng li bonahala li momahane tlas’a taolo e kopanetsoeng ea Bokomonisi. Bofelong ba 1991, Soviet Union ha ea ka ea hlola e ba teng ka molao.
Liphetoho tsena tse khōlō lipolotiking tsa lefatše li buletse mokhatlo oa Machaba a Kopaneng monyetla. Tabeng ena The New York Times e itse: “Ho kokobela ha tsitsipano lefatšeng ka bophara le moea o mocha oa tšebelisano-’moho pakeng tsa United States le Soviet Union ho ka bolela karolo e ncha, e matla haholoanyane litabeng tsa machaba ho mekhatlo ea lefatše.”
Na qetellong ke nako ea hore mokhatlo oo o lilemo li 47 o ipaka seo o leng sona? Na ka sebele re kena ho seo United States e se bitsang “lekholo le lecha la lilemo, le lilemo tse ncha tse sekete, tsa khotso, tokoloho le nala”?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tumellano ena ke ea pele le ea bohlokoahali letotong la litumellano tse saennoeng Helsinki ke Canada, United States, Soviet Union, le linaha tse ling tse 32. Lebitso la molao la tumellano ea sehlooho ke Molao oa ho Qetela oa Seboka sa Tšireletseho le Tšebelisano-’moho Europe. Pakane ea eona ea sehlooho e ne e le ho fokotsa tsitsipano ea machaba pakeng tsa Bochabela le Bophirima.—World Book Encyclopedia.