‘Mokhoa o Sehlōhō ka ho Fetisisa oa Tšoaro e Mpe ea Bana’
Matsoho a mosali a qoqothong ea lesea. Joale oa tiisa—butle-butle o khama lesea. Lesea le hlokang thuso le leka ho itoanela. Hamorao mosali o nyehlisa matsoho. Lesea le qala ho hema habohloko ka baka la ho thijoa moea empa le pholoha tlhaselo. Hamorao mosali o tšoara qoqotho e nyenyane hape, o qalisa ka tlhokofatso e tšoanang. O boetse oa le tlohella ’me lesea le qala ho hema ka thata . . .
SEO u sa tsoa se bala se hlalosa bohloko boo lesea le e-song ho hlahe le bo utloang ha le hlokofatsoa ke ’mè oa lona ea tsubang.
Kotsi ea ka ho sa Feleng
Na hoo ke ho fetelletsa litaba? Che. Sehlooho sa The New York Times se tlaleha hore lenane le eketsehang la liphuputso tsa mahlale le bontša hore ha ’mè a tsuba ka mehla a ka baka likotsi tsa ka ho sa feleng ’meleng le kelellong ea ngoana oa hae. Sehlooho sena se re tse ling tsa likotsi tsena “ke tse bonahalang ka pele ha tse ling li hōla butle-butle.”
Ke ka tsela efe ’mè ea tsubang a amang lesea le e-song ho hlahe? Ngaka William G. Cahan, ngaka ea Setsi sa Kankere sa Memorial Sloan-Kettering United States le mongoli oa sehlooho sa Times, oa hlalosa: “Nakong ea metsotsoana e se mekae ea ho tsuba sakerete se le seng carbon monoxide le bokoali li kena maling a ’mè.” Kaha carbon monoxide e fokotsa matla a mali a ho nka oxygen ’me bokoali bo thibela methapo ea mali ka popelong, “lesea le e-song ho hlahe le amohuoa oxygen ea lona e tloaelehileng ka nakoana. Haeba hona ho etsahala ka makhetlo, ho ka lematsa boko hampe ’me boko ke setho seo ka ho khethehileng se tsoang kotsi habonolo ha oxygen e haella,” ho bolela ngaka Cahan.
Ka mohlala, phuputso e ’ngoe e senotse hore ka metsotso e mehlano ka mor’a hore basali ba baimana ba tsube lisakerete tse peli feela, masea a bona a e-song ho hlahe a bontša ho tepella—ho otla ha pelo ho sekhahla ho tsamaisanang le ho phefumoloha ho sa tloaelehang.
Litsubi tse Tsubang Lebokose la Sakerete ka Letsatsi
Joale, ho thoe’ng ka likotsi ho lesea le e-song ho hlahe haeba ’mè oa lona a tsuba lisakerete tse 20 ka letsatsi kapa, lebokose le leng ka letsatsi? Ngaka Cahan o lekanyetsa hore setsubi sa ka mehla se hula methamo e mehlano sakereteng se le seng. Kahoo tloaelo ea ho tsuba lebokose le le leng ka letsatsi ho lekana le methamo e lekholo ea ho tsuba ka letsatsi. Nakong ea ho ima e nkang matsatsi a 270, ’mè o etsa hore lesea le e-song ho hlahe le be tlas’a khatello “ea lik’hemik’hale bonyane ka makhetlo a 27 000.”
Tšoaro e mpe joalo ea masea e ka ba le phello ea nako e telele ho bo-’mè ba ’ona ba tsubang koae. Ntle ho kotsi ea ’mele, ho bolela Ngaka Cahan, bana ba ka ba le “mathata a boitšoaro, ho sa tsebe ho bala hantle, ho ba mahlaha-hlaha ka ho fetelletseng le ba bothoto kelellong.” Ka ho sa makatseng, oa botsa: “Ke mosali ofe ea nang le boikarabelo ea ka phehellang mokhoa o sokelang lesea la hae?”
Ho phaella moo, batsoali ba tsubang ba hlahisa boemo bo kotsi baneng ba hōlang. Hobane’ng? Bukana Facts and Figures on Smoking, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Kankere oa Amerika, ea arabela: “Bana ba batsoali ba tsubang ba na le mafu a matšoafo ho feta bana ba batsoali ba sa tsubeng, ho kopanyelletsa le ho eketseha ha lefu la matšoafo le letsoejana ba sa le ba banyenyane.”
Ka lebaka leo, Ngaka Cahan o fihlela qeto ea hore “mokhoa ona oa tšoaro e mpe ea masea e ka ’na ea ba o sehlōhō ka ho fetisisa.” Potso ke hore, Na oa u qoba?