Ketsahalo e Lokelang ho Hopoloa!—Labobeli, la 10 April
E ne e le la 14 Nisane selemong sa 33 C.E. Jesu
o ne a kopanela senong sa veine le bohobe bo sa lomosoang
le baapostola ba hae. Taelo ea hae ebile efe? “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.”—Luka 22:19. Kahoo, hanngoe ka selemo, Lipaki tsa Jehova ho potoloha lefatše li bokana hammoho ho ikhopotsa lefu la Jesu ka tsela eo a laetseng ka eona bosiung boo a buileng mantsoe ao ka bona. Selemong sena, la 14 Nisane le tla ba ka Labobeli, April 10, ha letsatsi le qeta ho likela. U mengoa ka mofuthu hore u be teng ha ho tšoaroa seboka sena ka Labobeli leo mantsiboea. Fumana nako e nepahetseng le sebaka ho Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno.