Leqephe la Bobeli
Lilemong tse mashome a ’maloa tse fetileng, motho o ile a khetha mokhoa oa bophelo o felletseng ka tšilafalo e khōlō tikolohong ea lefatše—mobu, linōka, maoatle, le sepaka-paka li silafalitsoe. Ka sebele bothata bona ke ba machabe. Ho joalokaha mopapa a boletse puong ea hae ea Letsatsi la Lefatše la Khotso (la 1 Pherekhong 1990): “Mabakeng a mangata liphello tsa mathata a tikoloho li tšela meeli ea Linaha ka bomong; kahoo tharollo ea ’ona e ke ke ea fumanoa feela motheong oa sechaba.”—L’Osservatore Romano, December 18-26, 1989.
Ho iphapanyetsa ha motho bokamoso ha ho lumellane le kameho ea Molimo ka lefatše leo e leng pōpo le thepa ea hae. (Esaia 45:18) Na lefatše le hloekileng ke la sebele? Haeba ho joalo, le tla ba teng joang, hona neng? Letoto la lihlooho tsa rōna tsa sekoahelo le tla araba lipotso tsena.