‘O Tseba Likarabo Tsohle Tsa Bibele’
Nakong e fetileng mosali e mong oa New York State o ile a romella eo e neng e le seithuti le eena, ea neng a na le lelapa, kopi ea Buka ea Ka ea Lipale tsa Bibele. Ka mor’a nakoana mosali enoa o ile a amohela lengolo le tsoang ho eena leo ho lona a ngotseng ka morali oa hae Elizabeth:
“O rata buka ena—ke eona feela eo a batlang hore ke ’malle eona bosiu. O bala lipale tse hlano (hobane o lilemo li hlano) bosiu ka bong, bekeng e fetileng tichere ea hae ea Sekolo sa Sontaha e ile ea mpolella hore ka mehla a ka tšepa hore Elizabeth o tseba likarabo tsohle tsa lipotso tsa Bibele. Kahoo e tlameha ebe e ngotsoe ke e mong eo ka sebele a utloisisang seo bana ba leng sona.”
Mosali oa New York o bolela tjena mabapi le motsoalle oa hae: “Ena e bile ketsahalo ea hae ea botšepehi, kaha o tobile ’me o ne a ke ke a rorisa buka haeba a ne a sa e rate.”
Re ikutloa hore le uena u tla thabela khatiso ena e nang le litšoantšo tse ntle, e mongolo o moholo. Litlaleho tsa eona tsa Bibele tse 116 li neha ’mali khopolo ea sohle seo Bibele e leng sona. Lipale tsena li hlaha ka tatellano eo liketsahalo li ileng tsa etsahala ka eona historing. Ka sebele u tla fumana e thusa bakeng sa ho ithuta ha e ama liketsahalo tse ling, lintho tse etsahetseng historing. Amohela buka ena e bohlokoa e maqephe a 256 ka ho tlatsa le ho romela setlankana sena.
Ke lakatsa ho amohela buka e sekoahelo se thata Buka ea Ka ea Lipale tsa Bibele. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufi le uena. Bona leqephe 4.)