Ke Hobane’ng ha ho na le Likarohano?
LEBAKA la motheo la likarohano tsa bolumeli le totobalitsoe bukeng e ’ngoe ea boitsebiso ea bolumeli e le le mabaka a mararo: thuto, tlhophiso, lipolotiki. A re ke re boneng haeba tlhahlobo ena e lumellana le boemo bo Kerekeng e K’hatholike.
Bolumeli Kapa ’Nete ea Bibele?
Tlhahlobong ea hae ea lebaka la likarohano tse teng Kerekeng e K’hatholike, moprista René Laurentin o ngotse: “Sesosa sa taba ena se hlakile ho ’na. Ke likhopolo tse fapaneng.” O bua ka likhopolo tse tsoelang pele. Tsena li khahlanong le meetlo, e leng ho se khomarele meetlo ea kereke ho hatisitsoeng ke mobishopo Lefebvre. Eo pele e neng e le setho sa Dominican Jean-Pierre Lintanf o re: “Tumelo e ’ngoe, empa malumeli a fapane.”
Likhopolo tse fapaneng, tse ikarabellang likarohanong tsa kereke, li ne li ka qojoa haeba kereke e khomaretse Bibele e le mohloli oa lithuto tsa eona. Ha e le hantle, Seboka sa Bobeli sa Vatican se ile sa laela: “Lentsoe le halalelang ke kofuto ea bohlokoa letsohong le matla la Molimo ho finyella bonngoe boo ’Moloki a bo tšoaretseng batho bohle.” Leha ho le joalo, ho nyenyefatsa bohlokoa bo kopanyang ba Bibele, Seboka seo sa Vatican se boletse: “Kereke ha e fumane ’nete ea eona le linnete tsohle tse senotsoeng Mangolong a halalelang feela. Kahoo, Mangolo le Meetlo li tlameha ho amoheloa le ho hlonephuoa ka maikutlo a lekaneng a boinehelo le hlompho.” ’Me hape: “Thuto e halalelang ea bolumeli e itšetlehile Lentsoeng la Molimo le ngotsoeng, le kopantsoeng le Neano e halalelang.”
Mantsoe a Jesu ho Bafarisi a ka sebelisoa hantle ho baetapele ba Kereke e K’hatholike: “Le entse lentsoe la Molimo le sa sebetseng ka lineano tsa lōna.” (Mattheu 15:6, The New Jerusalem Bible) Mosali e mong ea tšepahalang oa K’hatholike o ile a ngola tjena likhatisong tsa K’hatholike Fora: “Haeba baruti ba se ba sa susumetsoe ho ruta Lentsoe le Molemo, na ke ho makatsang hore ebe lenane la ba tšepahalang le fokolang le batle lentsoe lena sebakeng se seng? (Ha e le bakeng sa Lipaki tsa Jehova le ba lumelang lineano, tumelo ea bona e ba etsa ba fapaneng.)”
Puso ea Baruti e Arohaneng
Hona joale nahana ka lebaka la likarohano kerekeng. Karohano e bakiloeng ke mobishopo Lefebvre e ne e amana ka ho tobileng le sehlopha sa lithuto tsa “Tlhahlamano ea Baapostola” le boetapele ba mopapa. Lefebvre o bolela hore “matla a ho ruta, a ho busa, le a ho halaletsa ao Kreste a ileng a sitsa Baapostola ba Hae ka oona . . . a ntšetsoa pele kolecheng ea Kereke ea babishopo.” Ka lehlakoreng le leng, ho boleloa hore mobishopo oa Roma, mopapa, “ke oa pele ho babishopo bohle, eseng feela ka maemo kapa tlhompho, empa le sehlopheng sa baruti.”—New Catholic Encyclopedia.
Empa na lithuto tsena li theiloe Bibeleng? Buka eo ea boitsebiso ea K’hatholike e lumela hore “motho ha a fumane mantsoe leha e le afe a Kreste Testamenteng e Ncha a bontšang kamoo taelo ea baapostola e neng e lokela ho ntšetsoa pele kateng.” Hape e boetse e bolela hore “boetapele ba mopapa” bo ne bo sa “utloisisoa ka ho hlakileng” “Kerekeng e ka Bophirimela [ea Latin]” ho fihlela lekholong la bohlano la lilemo C.E.
Hona joale puso ea baruti ea Kereke e K’hatholike e phephetsoa ka mahlakoreng ’ohle. Ke sesosa se tlatsetsang likarohanong, kaha babishopo, baruti, baprista, le batho feela ka ho hlakileng ba hlalosa ho se lumellane ha bona le mopapa litabeng tsa tumelo, boitšoaro, le puso ea kereke. “Phatlalatso ea Cologne” e boletse: “Haeba mopapa a etsa se sa lokeleng mosebetsi oa hae, a ke ke a batla ho mameloa lebitsong la Bok’hatholike.”
E Arohane ka Lipolotiki
Economist ea Brithani e ngotse: “Joalokaha balateli ba Lefebvre ba ho hlokomela, kereke ea bona ke phofu ea bolotsana e entseng hore e oele matsohong a balateli ba Marx, e leng Maprotestanta a joale. Mobishopo Lefebvre o lumela hore Phetohelo ea ’Muso ea Fora e ile ea hlahisa likhopolo tsa kajeno tse hlomolang tsa tokoloho lefatšeng, le hore Vatican II e ile ea hlahisa Phetohelo ea Fora . . . kerekeng.” Mak’hatholike a mangata a sa lumelleng phetoho a lumellana le pono ena. Ka lehlakoreng le leng, Mak’hatholike a khomaretseng lineano ke a buellang liphetoho tse molemong oa sechaba, ba bang ba ea bohōleng boo ba amohelang molao-motheo oa phetolo ea ’muso ka lihlomo. Ka baka leo, lipolotiki ke sesosa se seng se arolang Mak’hatholike.
Ha a phetha sehlooho sa hae se reng: “Ke Hobane’ng ha ho E-na le Likarohano Tsena Har’a Bakreste?” moprista Laurentin o ile a bolela hore ho lumellana ha Kereke e K’hatholike ho tla itšetleha ka ho lumellana ha eona le mantsoe a Jesu Kreste: “Ka lebaka la ho ratana ha lōna, e mong le e mong o tla hlokomela hore le barutuoa ba ka.”—Johanne 13:35, NJB.
Ha a sebelisa tekanyetso ena, Mak’hatholike a mangata a tšepahalang lefatšeng lohle a fihletse qeto ea hore boipolelo ba Kereke e K’hatholike ba hore ke eona feela kereke ea ’nete ke bohata. Ba hlokomela hape hore joalokaha Jesu a boletse hore “ha ho ntlo e khaohaneng ho itoantša e tla tšoarella,” ba bangata ba tlohetse kereke ka bohlale.—Mattheu 12:25, NJB.
Hona joale Mak’hatholike a mangata a batla “ntlo” e theiloeng ka Bakreste ba ’nete, ba kopantsoeng ke lerato la ’nete la boena le ba sa aroloang ke lithuto tseo eseng tsa Bibele, puso ea baruti e arohaneng, kapa ka likhopolo tse hanyetsanang tsa lipolotiki. Ba likete ba fumane seo ba neng ba se batla ha ba ne ba qala ho kopanela le Lipaki tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Jesu o ile a nyatsa Bafarisi ka baka la ho etelletsa lineano tsa bona ka pele ho Lentsoe la Molimo