Ke Hobane’ng ha Molimo o Lumella ho Utloa Bohloko?
Litaba tse mpe ke ’nete ea bophelo, empa ke hobane’ng ha li jele setsi hakaale? Ke hobane’ng ha ho e-na le ho utloa bohloko ho hongata hakaale? Ho ba teng ha hona ho ka boelanngoa joang le ho lumela ho Molimo o lerato? Na ho utloa bohloko ho tla ke ho fele?
Likarabelo tsa lipotso tsena le lipotso tse ling tsa bohlokoa li fumanoa ka Bibeleng. Likarabelo li ama uena le lelapa la hao. Li ama thabo ea hao. U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ke buka e fanang ka tšepo ka ho u supisa likarabelong tsa Bibele.
Maqephe a buka a 256, a lekanang le makasine ona, a tletse litšoantšo tse rutang tse fetang 150, tseo boholo ba tsona e leng tsa mebala. Haeba u lakatsa ho iphumanela kopi, ka kōpo tlatsa le ho romella setlankane se ka tlaase mona.
Ke rata ho fumana buka e maqephe a 256 e sekoahelo se thata U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufi le uena. Bona leqephe 4.)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
U.S. Army