Leqephe la Bobeli
“HOO E BATLANG e le karolo ea bohlano ea baahi ba lefatše ke bacha ba mahareng a lilemo tse 15 le 24.” Ke kamoo ho tlalehileng UN Chronicle. Ho ile ha lekanyetsoa hore mathoasong a leshome lena le lecha la lilemo, palo ea bacha ba lefatse e ne e le limillione tse sekete! Bacha ba kajeno ke ba hlahelletseng—ke matla a maholo ao ba lokelang ho nahana ka ’ona.
Psychology Today e tlalehile ka phuputso ea batho ba baholo ba 6 000 linaheng tse leshome tse fapaneng. Ho ile ha fumanoa hore ho sa tsotellehe liphapang tsa moruo le bochaba, bacha ba bontša boikutlo le lintho tsa bohlokoa “tse tšoanang ka ho makatsang.” Liphuputsong tse joalo ho hlahile boemo ba lefatše lohle ba bacha ba kajeno, ’me seo boemo bona bo se senolang se ka u makatsa.