Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 10/8 leq. 22
  • Bahlaseluoa ba Koae ba Kotsing ka ho Fetisisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bahlaseluoa ba Koae ba Kotsing ka ho Fetisisa
  • Tsoha!—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kotsi ea Koae ho Batsubi le ho ba sa Tsubeng
    Tsoha!—1987
  • Lisakerete—Na Ua li Nena?
    Tsoha!—1996
  • Na ho Tsuba ho Hlile ho Hobe Hakaalo?
    Tsoha!—1991
  • Na ba Hōlisa Lefu?
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 10/8 leq. 22

Bahlaseluoa ba Koae ba Kotsing ka ho Fetisisa

TLALEHO ea Ngaka e Khōlō ea 1989 e bontša hore ha motho a qala ho tsuba a sa le mocha haholo, o boemong bo boholoanyane ba ho bolaoa ke kankere ea matšoafo. “Litsubi tse qalang ho tsuba ka morˈa lilemo tse 25 li na le kankere ea matšoafo e imenneng ka makhetlo a 5 ho feta batho ba sa tsubeng; litsubi tse qalang ho tsuba ha li le mahareng a lilemo tse 20 le tse 24 li na le menyetla e fetang ea ba sa tsubeng ka makhetlo a 9. Litsubi se qalang ho tsuba ha li le mahareng a lilemo tse 15 le 19 li na le menyetla e fetang ea

batho ba sa tsubeng ka makhetlo a 14 ˈme ba qalang ho tsuba pele ho lilemo tse 15 ba na le menyetla e fetang ea ba sa tsubeng ka makhetloa 19.”

Hangata ho tsuba ke feela qalo ea ho sebelisa lithethefatsi. Bacha ba tsubang ba mahareng a lilemo tse 12 le 17 ho fumanoe ba na le menyetla e imenneng ka makhetlo a 10 hore ba sebelise matekoane ˈme mohlomong ka makhetlo a 14 hore ba sebelise cocaine, metsoako e tlisang lipono tse thetsang kapa heroin. Liphuputso tse ngata li bontša hore karolo ea 90 lekholong ea makhoba a joala le ba lemaletseng heroin ke ba tsubang haholo.

Phuputso ea morao-rao ea Gallup e bontšitse hore karolo ea 64 lekholong ea bacha e lumellana le thibelo ea lisakerete ho ba leng ka tlasˈa lilemo tse 21 le hore “khanyetso e le ˈngoe feela ea bohlokoa khahlanong le melao e joalo ho ba boholong e hlaha ho batho ba baholo ba etsang chelete ka ho rekisetsa bacha lisakerete.”—Psychiatric, Mental Heallh, and Behavioral Medicine News Update, March-April 1990, leqephe 1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela