Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 11/8 leq. 32
  • “Polokelo ea matlotlo a lipotso le likarabo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Polokelo ea matlotlo a lipotso le likarabo”
  • Tsoha!—1990
Tsoha!—1990
g90 11/8 leq. 32

“Polokelo ea matlotlo a lipotso le likarabo”

Ke seo mosali e mong oa Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A., a ileng a se bitsa buka ea litšupiso Ho Bea Mabaka ka Mangolo. O ile a hlalosa: “Haufinyane ke ile ka eteloa ke ba babeli ba Lipaki tsa Jehova lapeng la ka. . . . Ka phoso e mong o ile a siea buka e nang le sehlooho se reng Ho Bea Mabaka ka Mangolo. Ke tlameha ho lumela hore ke ile ka hlahlobisisa buka eo! Ke ile ka lula fatše ka e bala ka lihora tse ngata. E ile ea nkhahla haholo. . . . Ho ’na buka ena e ne e tšoana le polokelo ea matlotlo a lipotso le likarabo, tseo tse ngata tsa tsona ke ’nileng ka ipotsa tsona.”

Buka ena ea bohlokoa ea litšupiso e na le lihlooho tse khōlō tse fetang 70. Li akarelletsa “Ho Ntšoa Hoa Mpa,” “Lithethefatsi,” “Matsatsi a Phomolo,” “Ho Nkoa ka ’Mele oa Nama,” “Ho Tsoaloa Hangata,” “Botona kapa Botšehali,” le “Tšebelisano le Meea e Mebe,” le tse ling tse ngata. Tšupiso ea eona ea litaba le mangolo e maqephe a supileng e ka u thusa ho fumana likarabo ka potlako. Hore u iphumanele kopi, ka kōpo tlatsa le ho romela setlankane se ka tlaase mona.

Ke rata ho fumana buka e sekoahelo se thata, e nang le litšupiso e maqephe a 448, Ho Bea Mabaka ka Mangolo. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufi le uena bakeng sa boitsebiso. Bona leqephe 4.)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela