Leqephe la Bobeli
Lefatše la rōna ke lehae la lelapa lohle la motho. Batho bohle ba phela holim’a lona hammoho ’me ba arolelana litlhokahalo tsa motheo le litakatso tse tšoanang.
Leha ho le joalo, kutloano ea merabe e ’nile ea e-ba ntho eo ka kakaretso e leng sieo qitikoeng ena. Ho fapana le hoo, hangata liphapang tse har’a batho ke tsona tse laolang likamano tsa batho. Ho bile le khohlano litabeng tse amanang le morabe ka makholo a lilemo. Tokollong ena ea Tsoha!, re lebisa tlhokomelo ho seo batho ba se tsebang ka morabe kejeno le lebaka leo ka lona re ke lebellang ho fela ha khohlano eohle ea merabe.