Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 11/8 maq. 22-23
  • Na Molimo o Nyatsa Tšebeliso ea Joala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Nyatsa Tšebeliso ea Joala?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Tšebeliso ea Veine ka Bibeleng
  • Na e ka Sebelisetsoa Monyaka le Melemo ea Bophelo bo Botle?
  • Ho Hlokahala Teka-tekano le Boitšoaro
Tsoha!—1991
g91 11/8 maq. 22-23

Na Molimo o Nyatsa Tšebeliso ea Joala?

‘USE tšoenyehe ka crack, heroin, LSD, le matekoane—joala e sa ntse e le bona bothata bo boholo bo sa rateheng boo sechaba se tlamehang ho bo loantša. Joala bo baka mafu a mangata haholo le tšenyo sechabeng ho feta tšebeliso ea lithethefatsi tse ling kaofela ha li kopane.’ Ana ebile maikutlo a boletsoeng kopanong ea bo31 e tšoaroang ka mor’a lilemo tse tharo ea Mokhatlo oa Lefatše oa Basali ba Bakreste ba Qobang Tšebeliso ea Joala Canada lilemong tse peli tse fetileng.

Keketsehong ea ho noa joala lefatšeng ka bophara, litho tsa mekhatlo ena li bona tahlehelo e nyarosang bophelong bo botle ba batho, esita le liranta tse limillione tseo mebuso ea sechaba e tla li sebelisa selemo le selemo bakeng sa ho loantša botahoa. Kaha batho ba bangata ba nang le maikutlo a matle ba kholisehile hore Molimo o nyatsa tšebeliso ea joala, ba pheha khang ea hore lino tsohle tse nang le tahi li thibeloe ka ho felletseng. Empa na Bibele e tšehetsa pono ee?

Tšebeliso ea Veine ka Bibeleng

Khale-khale Molimo o ile oa tšepisa batho ba oona ba tšepahalang: “Meliko ea hao e tla tlala, e phanya-phanye, mafiso a hao a tlale veine e monate.” (Liproverbia 3:10) E, ke Oona o fanang ka lifate tsa morara o etsang veine, esita le ho nehelana ka lithollo tse nyenyane tse koahetseng morara tse belisang lino ha nako ea ho etsa veine e atamela.

Moprofeta oa Molimo Esaia o ile a hlalosa hanyenyane ka ho etsoa ha veine e latsoehang. Ha a hlalosa esale pele mahlohonolo a lefatše le lecha la ho loka le tlang, Esaia o ile a ngola: “Jehova oa makhotla o tla etsetsa lichaba kaofela . . . mokete oa liveine tse monate tse nkiloeng holim’a litšifa . . . tse hloekileng.” (Esaia 25:6) Litsebi tse nang le phihlelo ea ho etsa veine lia tseba hore veine ‘e tlohetsoeng holim’a litšifa’ e sa khathatsoe ka nako e telele ha ho ntse ho emetsoe hore e bele, butle-butle litšifa tsa eona lia qita, ’me ka ho etsa joalo ebe e ntlafatsa monko oa eona le tatso.

Na e ka Sebelisetsoa Monyaka le Melemo ea Bophelo bo Botle?

Molimo o boletse ka monyaka le melemo ea bophelo bo botle e fumanoang veineng. Moprofeta oa oona Jothame o buile ka “veine e ncha e thabisang Molimo le batho.” (Baahloli 9:13, NW) Morena Salomone o ngotse ka ‘ho thabisa nama ea hae ka veine.’ (Moeklesia 2:3) Tlalehong e tsebahalang haholo ea mokete oa lenyalo Kana, Jesu mohlolong oa hae oa pele o ile a fetola metsi a mangata “veine e monate ka ho fetisisa” bakeng sa ho thabisa baeti ba tlileng moketeng oa lenyalo.—Johanne 2:6, 7, 10, The New English Bible.

Ho hlakile hore Jesu o ne a hopotse tšebeliso ea veine joaloka moriana setšoantšong sa hae sa Mosamaria ea molemo. Ha Mosamaria a tlamella maqeba a motho ea tsoileng kotsi o ile a a tšela ka ‘oli le veine.’ (Luka 10:30-34) Khothatso e fanoeng ke moapostola Pauluse ho Timothea e mocha ea hore a ‘noe veinenyana ka baka la mala a hae le ho kula ha hae ka makhetlo a mangata’ e lumellana hantle le pono e teng hona joale ea ho sebelisa veine e le lijo le bohlokoa ba eona ba ho sebetsa joaloka moriana.—1 Timothea 5:23, BPN. 

Dr. Salvatore P. Lucia, eo e neng e le moprofesa Univesithing ea Sekolo sa Bongaka California, bukeng ea hae Wine and Your Well-Being o boletse hore “veine [hase] feela seno sa khale ka ho fetisisa empa hape ke moriana oa bohlokoa ka ho fetisisa o ’nileng oa sebelisoa ka ho tsoelang pele ho theosa le histori ea motho.” Mofuputsi oa thuto ea lijo Janet McDonald o boletse hore ha veine e nooa ka ho lekaneng ho bonahala e sebetsa hantle joaloka sekokobetsa-bohloko se seng bohale, ntho e tsosang takatso ea lijo, le e thusang tšilo ea lijo le ho monngoa ha liminirale tse fumanoang lijong.

Ho Hlokahala Teka-tekano le Boitšoaro

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe bopaki bo botle joalo mabapi le veine le lino tse tahang ka Bibeleng le merianeng ea lefatše, tšebeliso e mpe ea joala e phaelletse masisa-pelo a tšabehang molokong oa batho. Na seo se etsa hore Molimo ebe oona o ikarabellang bakeng sa litlokotsi tsohle tse hlahileng ka baka la tšebeliso e mpe ea joala? Ho fapana le hoo, ka Lentsoeng la oona, Bibele, o fane ka litataiso tse hlakileng tse laolang tšebeliso ea veine e loketseng le e mpe.

Ka mohlala, ak’u nahane ka keletso ena e matla mabapi le ho sebelisa mpho ena hampe: “Se tsamaee le ba itlopang veine, kapa ba khetšèlakang linama.” (BPN) Ka sebele sena ha se bolele hore batho ba jang meroho le litholoana feela ebile ba qoba ho noa joala ka ho felletseng ba thabisa Molimo kapa hona hore taba e ngotsoeng e nyatsa ba sebelisang veinenyana kapa ba jang nama ka ho leka-lekana. Ho e-na le hoo, keletso ea Bibele e khahlanong le ho ja ho tlōla tekano le ho noa ka ho fetelletseng. Sena se hlakile joalokaha maele a mang a bolela: “Bomalimabe ke ba mang na? Jo ’na! Jo ’na! ke tsa mang? Likomang ke tsa mang? Lillo ke tsa mang? Maoma a feela ke a mang? Ke a mang mahlo a mafubelu na? Ke a ba qenehelang ho noa, ba hlanyetsang veine e tsoakiloeng.”—Liproverbia 23:20, 29, 30.

Bangoli ba Bibele Petrose le Pauluse ba elelitse ka ho leka-lekana tšebelisong ea veine ka ho eletsa Bakreste ba pele ho qoba “botahoa” le hore ba se ke ba “tahoa ke veine.” Keletso ena e ne e tlameha ho nkoa ka botebo joalokaha moapostola a hlokomelisitse: ‘Matahoa a ke ke a rua lefa la ’muso oa Molimo.’ Ka mantsoe a mang, Molimo ha o amohele batho ba lemalletseng ho sebelisa lino tse tahang hampe ’me ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng.—1 Petrose 4:3; Ba-Efese 5:18; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

Kahoo, haeba batho ba haelloa ke boitšoaro tabeng ea ho sebelisa joala, ba lokela ho bo qoba ka ho felletseng. (Bapisa le Mattheu 5:29, 30.) Ntle le ho fokolisa ’mele, ho itšetleha haholo ka joala ho ka baka kotsi e tšabehang moeeng. Kahoo, ka bohlale Molimo o re hlokomelisa ka tšebeliso e fetelletseng ea lino tse tahang.

Ho fapana le pono ea batho ba thibelang ho noa joala ka ho felletseng, Bibele ha e laele, kapa esita le hona ho bontša hore batho bohle ba se ke ba noa veine ho hang kapa lino tse tahang. (Deuteronoma 14:26) Mopesaleme o re ka Jehova: “O melisetsa makhomo joang, o nea batho limela tse ba lokelang; o ntša bohobe bolemeng ba mobu, le veine e thabisang pelo ea motho.” Ka sebele, Molimo o khethile veine hore e sebelisoe ka morero o motle le o hlomphehang ha e nooa ka ho leka-lekana.—Pesaleme ea 104:14, 15.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]

L’ Absinthe by Edgar Degas, 1877—E.R.L./Sipa Icono

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela