Na ba Sibollotse Lihele?
NA U hlokometse hore thuto ea mollo oa lihele e ntse e qepha morao tjena? Mohlomong e sitoa ho pholoha nako ena ea lipelaelo eo re phelang ho eona. Kapa mohlomong batho ba bangata ka ho eketsehileng baa elelloa hore monahano oa ho hlokofatsoa ha batho ka ho sa feleng mollong ha o lumellane le Molimo oa toka le lerato o hlalosoang ka Bibeleng. Hore na lebaka ke lefe la ho se lumele, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba arabela ka litlhahiso tse bontšang ho felloa ke tšepo. Nahana ka mohlala ona.
Haufinyane United States, tsamaiso ea thelevishene ea sechaba ea “Bakreste” le koranta ea evangeli li ile tsa tlaleha hore bo-rasaense ba sibollotse “lihele” ha ba ne ba epa Siberia! Makasine oa Biblical Archaeology Review o ile oa akaretsa ketsahalo e ’ngoe e joalo ’me oa e sokamisa.
Kamoo ho boleloang ka teng, sehlopha sa bo-rasaense ba tsoang Finland le Norway se ne se epa ho ea tlaase lefatšeng e le patlisiso. Ba ne ba maketse haholo ha boro e phikoloha sebakeng se se nang letho, lik’hilomithara tse ’maloa ka tlas’a bona! Ba ile ba makala ka ho eketsehileng ha ba fumana hore tekanyo ea mocheso tlaase moo e ne e le ka holimo ho 1 100° C.! Leha ho le joalo, ba ile ba makala ka ho fetisisa ha ba ne ba theolela sebuela-hōle tlaase sekoting ’me ka mor’a moo ba utloa likete—mohlomong limillione—tsa mantsoe a batho, bohle ba llisoa ke bohloko! Pale e tsoela pele ka hore bo-rasaense ba ne ba tšohile haholo hoo ba bangata ba ileng ba tlohela patlisiso. Ba bang ba ile ba ho boloka e le sephiri, ha ba bang ba ile ba sokolohela “Bokresteng” ho tsoa ho se lumeleng hore Molimo o teng ka baka la bopaki bona ba lihele.
Ha ho makatse hore bohle ba hatisitseng le ho pheta pale ena ba ile ba bolela hore e na le linnete tse e tšehetsang. Rich Buhler, mophatlalatsi oa lenaneo la puisano sea-le-moeeng, o ile a ngola ho Christianity Today hore eena le basebeletsi ba hae ba ile ba leka ho batlisisa litlaleho tse joalo. Patlisisong, mohloli o mong o ile oa timelloa hobane o hatisitse lihlooho tse neng li qotsitse mangolo a neng a qotsa lihlooho tse sa tšehetsoeng ke linnete ka ho tšoanang.
Mohloli o mong e ne e le lengolo le tsoang ho monna oa Norway eo, ha a botsoa, a ileng a lumela ka ho toba hore lengolo la hae e ne e le la bomene-mene. O ne a mpa a le romela hobane a kholisehile hore le tla lumeloa le ho hatisoa. Ha ho pelaelo hore o lemohile ’nete e soabisang ka mekhatlo e mengata ea bolumeli—e lumela seo e batlang ho se lumela.
Mangolong a Seheberu a Bibele lentsoe “lihele” le fetoletsoe ho tsoa ho lentsoe la Seheberu sheol. Le hlaha ka makhetlo a 65 ’me phetolelong ea Bibele ea Authorized King James le fetoletsoe ka makhetlo a 31 e le “lihele,” makhetlo a 31 e le “lebitla,” le makhetlo a mararo e le “mokoti.” Mangolong a Segerike a eona phetolelo eo ea Bibele lentsoe “lihele” le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike Hades makhetlong ’ohle a leshome moo le hlahang teng. Sheol le hades li bolela lebitla le tloaelehileng la batho, ’me le ka mohla ha li bontše bohloko kapa tlhokofatso e chesang kapa e mong ea phelang lik’hilomithara tse ’maloa tlas’a lefatše Siberia!
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Picture Book of Devils, Demons and Witchcraft/Ernst and Johanna Lehner/Dover