Ba Hleka-hlekiloeng ke Baprista Esale Bana ba Tsoa ka Litaba
HO LATELA U.S.News & World Report: “Nakong ea lilemo tse leshome tse fetileng, baprista ba ka bang 400 ba Roma e K’hatholike ba ’nile ba tlalehoa kerekeng kapa ho ba boholong ka ho hleka-hleka bana ka likamano tsa botona le botšehali.” Morao tjena, kopano ea sechaba ea ba ileng ba pholoha ho hleka-hlekoa ho joalo e ile ea tšoareloa Chicago, Illinois. Ba bangata ba ile ba bua ka bolokolohi kamoo ba ileng ba hlaseloa ke baprista ba nang le tloaelo ea ho hleka-hleka bana ka likamano tsa botona le botšehali.
Empa NCR (National Catholic Reporter) e hlokomela hore libui li ile tsa bua ka taba e ’ngoe khafetsa nakong ea seboka: “Ho hleka-hlekoa ha pele ke ha likamano tsa botona le botšehali; ha bobeli ho bile ho le bohloko haholo, ho ama kelello.” Ho hleka-hlekoa hona ha bobeli ho etsahala ha kereke e hana ho mamela bahlaseluoa ba ho hleka-hlekoa, e hlōleha ho amohela liqoso tsa bona ka ho teba, ’me e nka bohato feela ho sireletsa baprista ba etsang phoso. NCR ea tlaleha: “Ka mokhoa o lokileng kapa o sa lokang, ba ile ba bonahatsa baruti ba K’hatholike e le sehlopha se sa hloekang se se nang taolo se sekametseng ho bolokeng litokelo le matla ho e-na le ho khotsofatsa litlhoko tsa batho ba tloaelehileng.” Libui tse ’maloa li ile tsa etsa lipapiso tse sokelang tsa Ho Ikarola ha Likereke tsa Boprostanta Kerekeng e K’hatholike, ho ileng ha arola kereke ka ho feletseng lekholong la bo16 la lilemo.
Ho latela se boletsoeng ke Richard Sipe, eo e neng e le moprista pele ea ileng a fetoha ngaka ea kelello le setsebi sa ho hleka-hlekoa ha likamano tsa botona le botšehali ke baruti ba K’hatholike, tloaelo ena ea “ho hana e senola ho ameha ha botho ho tebileng bothateng boo, le ho itetseng le ho tsebahalang.” O ile a phaella: “Kereke ea tseba ’me e ’nile ea tseba ka nako e telele ho hongata ka liketso tsa likamano tsa botona le botšehali tsa baprista ba eona. E ’nile ea iphapanya ka boomo, ea mamella, ea pata ’me ea bua leshano ka liketso tse pharaletseng tsa likamano tsa botona le botšehali tsa baprista ba eona.”
Kahoo, ha ho makatse hore ba bangata ba ileng ba pholoha ho hleka-hlekoa hoo ebe ba qosa kereke. NCR e qotsa ’muelli e mong oa molao ea sebetsanang le linyeoe tse joalo a bolela hore ho na le linyeoe tsa baprista ba nang le tloaelo ea ho hleka-hleka bana ka likamano tsa botona le botšehali ho se seng le se seng sa li-diocese tse 188 tsa kereke United States. O ile a re linyeoe tse sa sebeletsoeng khotla li fihletse R885 000 nyeoe ka ’ngoe. U.S.News & World Report e re linyeoe tse joalo li se li qositse kereke R1 180 000 000, e leng chelete e ka nyolohelang ho R2 950 000 000 ka selemo sa 2000. ’Me Canadian Press e ile ea tlaleha morao tjena hore ba 2 000 ba ileng ba pholoha ho hleka-hlekoa ha likamano tsa botona le botšehali esale bana litsing tsa ho hlokomela bana ba se nang batsoali le litsi tsa mafu a kelello tse 22 tse tlas’a taolo ea kereke tse Quebec ba ntse ba qosa litsamaiso tse tšeletseng tsa bolumeli R3 304 000 000 bakeng sa tšenyo.
Leha ho le joalo, ho thahasellisang ke hore ’muelli oa molao oa U.S. ea boletsoeng pele, ea emelang bahlaseluoa ba 150 ba baprista ba nang le tloaelo ea ho hleka-hleka bana ka likamano tsa botona le botšehali metseng e 23, o re ho hang ha ho e-s’o be le ba batlang thuso ea hae ba chesehelang ho ea khotla. E mong le e mong o ile a leka ho batla toka “har’a balisa ba kereke.” NCR ea phetha: “Ho bonahala hore ba ileng ba pholoha ho hleka-hlekoa ha baa ka ba ea makhotleng ha ba qala ba tloha, empa ba ne ba ea e le mohato oa ho qetela ha e meng eohle e ne e hlōlehile.”