Matichere a Neha Thuto ea Pōpo Monyetla
Sekolo se seng Berlin, Jeremane, se ne se e-na le setšoantšo se bontšang kamoo mohlomong libōpuoa tse kang litšoene li ileng tsa fetoha batho ka teng leboteng le leholo. Liithuti ha li fihla sekolong ka letsatsi le leng, li ile tsa fumana setšoantšo seo se koahetsoe ka pente e tšoeu. Ho ne ho etsahetse’ng?
Seithuti se lilemo li 16 se bitsoang Natalie, e mong oa Lipaki tsa Jehova, se ile sa botsa tichere ea sona ea thuto ea bophelo hore na ke hobane’ng ha setšoantšo seo se ne se hlakotsoe. Tichere e ile ea hlalosa hore seithuti se seng se ile sa e fa kopi ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? O ile a hlolloa ke buka eo haholo hoo a ileng a e bontša matichere a mang a rutang thuto ea bophelo sekolong seo. A ile a hlolloa ke buka eo le ’ona.
Ka baka leo, matichere a ile a etsa qeto ea ho hlakola setšoantšo seo ka pente, ’me joalokaha a boletse, ‘e ne e le ho qoba ho fetisetsa thuto esele likelellong tsa liithuti nako e sa le teng.’ Kahoo ho e-na le ho ruta liithuti ka thuto ea ho iphetola ha lintho feela, matichere a ile a rera ho ruta ka thuto ea pōpo a sebelisa boitsebiso bo hlahang ho Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?
Khatiso ena e hlollang e hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova, e leng mokhatlo oa lefatše lohle oa liithuti tsa Bibele tse fetang limillione tse ’nè tse inehetseng ho thusa batho ho ithuta ho eketsehileng ka merero ea Molimo. Haeba u ka rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng ho leqephe 5.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Life—How did it get here? By evolution or by creation?