Lebaka Leo ke Tlohetseng Boprista Bakeng sa Tšebeletso e Molemo Haholoanyane
KE ILE ka khethoa joaloka moprista oa K’hatholike ka July 31, 1955, ke le lilemo li 24. E ne e le tlhōrō ea lilemo tse 12 tsa khōlo tse qetiloeng setsing sa thupelo ea baruti sa taolo ea moarekabishopo, Rachol, Goa, India. ’Me se entseng hore ke be le takatso ea ho ba moprista ke eng?
Ke ile ka tsoalloa Bombay, India, ka September 3, 1930. Selemo se latelang, ntate o ile a tlohela ho sebetsa, ’me lelapa le ile la fallela tlaase Salvador do Mundo, Bardez, Goa, e iphaphathileng le lebōpo le boroa-bophirimela ba India. Ke ne ke le ngoana oa ho fela ho ba bane. Ho tloha boseeng ke ile ka hōlela setsong le neanong ea Mak’hatholike a Mapotoketsi, tse neng li le teng Goa ho tloha ka 1510, ha e ne e sa le koloni ea Portugal.
Batsoali ba ka, ba neng ba tiile litumelong tsa bona, e ne e le Mak’hatholike a chesehang ao selemo se seng le se seng a neng a keteka Keresemese, Lente, Easter, le mekete e hlomphang Moroetsana Maria le “bahalaleli” ba ’maloa. Hangata baprista ba neng ba nka karolo meketeng ena ba ne ba fumana bolulo lelapeng la heso, ka linako tse ling bakeng sa matsatsi a fetang a leshome ka nako e le ’ngoe. Ka hona, re ne re e-na le botsoalle ba ka mehla le bona, ’me joaloka mocha ke ne ke khahloa ke bona.
Tšebeletso ea ka Goa, Salamanca, le Roma
Ke ile ka qala tšebeletso ea boprista ka cheseho e khōlō, ke ne ke se na lipelaelo leha e ka ba life ka bonnete le ho nepahala ha lithuto le litšebetso tsa Kereke e K’hatholike. Lilemong tsa ka tsa pele tse supileng tsa tšebeletso Goa, ke ne ke etsa mesebetsi ea sechaba le ea boruti Kerekeng ea St. Thomas Panaji, motse-moholo oa Goa. Ka nako e tšoanang, ho seo pele e neng e le Setsi sa ’muso oa Mapotoketsi sa Thupelo ea Likarolo tse sa Tšoaneng tsa Tšebetso, ke ne ke na le kabelo ea sechaba e likarolo li peli—ke le moprofesa ’me hape ke le motsamaisi oa sebaka sa bolulo sa setsi seo.
Ka 1962, ke ile ka romeloa Univesithing ea Salamanca, e Spain, moo ke fumaneng lengolo la ka la PhD la Filosofi ea Molao le Tsamaiso ea Molao oa Kereke. Nakong eo ke ithutang lintho tsa molao, tse ling tsa lithuto tseo ke ileng ka ithuta tsona, haholo-holo Tsamaiso ea Molao oa Roma ea Boholo-holo le Histori ea Tsamaiso ea Molao oa Kereke, li ile tsa ntšusumeletsa ho hlahloba hore na taolo ea Kereke e K’hatholike e ile ea fetoha le ho qala joang ho fihla ntlheng ea ho bitsa mopapa mohlahlami oa Petrose a ‘phahametse kereke.’
Ke ile ka thaba ha litokisetso li etsoa bakeng sa hore lithuto tsa ka tsa thuto ea bolumeli tsa bongaka li be Roma, Italy, moo ke neng ke tla ba le monyetla oa ho ithuta ho eketsehileng ka ho busoa ha kereke. Ke ile ka fallela Roma ka lehlabula la 1965.
Ka nako ena lekhotla la litumelo tse sa tšoaneng la Vatican II le ne le finyeletse tlhōrō ea lona. Ha ke ntse ke ntšetsa pele lithuto tsa bolumeli, ke ile ka ba le lipuisano tse thahasellisang le litsebi tse ’maloa tsa thuto ea bolumeli le “Bo-ntate ba Lekhotla” ba neng ba hanyetsa batšehetsi ba fetelletsang ba lineano lekhotleng. Mopapa ea neng a busa e ne e le Paul VI, eo ke ileng ka kopana le eena ka seqo boemong ba ka joaloka motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo oa Baruti ba India Roma.
Likhohlano tsa Pele le Lipelaelo
Nakong ea likamano tsena le lithuto tsa ka le patlisiso ke ile ka fumana monyetla oa ho fumana tsebo e eketsehileng ka histori le tsoelo-pele ea sebōpeho sa motheo sa Kereke e K’hatholike.a Ho fapana le lipono tsa ba tšehetsang neano lekhotleng, ba neng ba tloaelane le lipono tsa Pius XII (1939-58) tsa mofuta oa ho busa ha motho a le mong feela, qetellong ba tšehetsang liphetoho ba ile ba tseba ho fumana tumello ea lekhotla ea Sehlopha sa Melao sa Thuto ea Kereke (sehlooho ka Selatine, Lumen Gentium, Leseli la Lichaba). Linthong tse ling, ho khaolo ea 3 e ne e tšohla tokelo ea babishopo ea ho nka karolo e le sehlopha taolong e feletseng le e phahameng ea mopapa holim’a kereke. Thuto ena e ne e metse ka metso neanong empa batšehetsi ba neano ba ne ba e nka e le ea bokhelohi le e tlisang phetoho.
Leha ho le joalo, ke ile ka fumana lipono ka bobeli li sa amohelehe, kaha li ne li se na ’nete ea Kosepele. Li ne li sotha Mattheu 16:18, 19 ’me li lumella lithuto le litumelo tsohle tseo eseng tsa mangolo tsa nako e fetileng le tsa nako e tlang tsa kereke.b Ke ile ka hlokomela hore lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng lengolong lena, peʹtra (e motšehali), le bolelang “lefika la motheo,” le peʹtros (e motona), le bolelang “karolo ea lefika,” ha aa ka a sebelisoa ke Jesu e le mantsoe a bolelang ntho e le ’ngoe. Ho phaella moo, haeba Petrose a ne a fuoe bophahamo e le lefika la motheo, joaloka lejoe la motheo, ho ne ho ke ke ha e-ba le litsekisano har’a baapostola hamorao hore na ke mang e moholo ka ho fetisisa ho bona. (Bapisa Mareka 9:33-35; Luka 22:24-26.) Hape, Pauluse o ne a ke ke a nyatsa Petrose phatlalatsa mabapi le “ho se tsamaee ka ho otloloha mabapi le ’nete ea litaba tse molemo.” (Ba-Galata 2:11-14, NW) Ke ile ka fihlela qeto ea hore balateli bohle ba Kreste ba tlotsitsoeng ka moea baa lekana joaloka majoe, ’me Jesu e le lejoe la bona la motheo.—1 Ba-Korinthe 10:4; Ba-Efese 2:19-22; Tšenolo 21:2, 9-14.
Ha tekanyo ea ka ea thuto e ntse e phahama le boemo ba ka ba boruti bo phahama ke ile ka ba le lipuisano tse eketsehileng, ke ile ka aroha haholoanyane ka kelello le ka pelo litumelong tse fapaneng tsa Kereke e K’hatholike, haholo-holo tse mabapi le ho khethoa ha baprista ho ea ka “Sehlabelo se Halalelang sa ’Misa” le “Sakaramente se Halalelang ka ho Fetisisa sa Kamohelo”—ho bitsoang ho fetoha ha bohobe le veine ho ba nama le mali a sebele a Kreste.
Puong ea K’hatholike, “Sehlabelo se Halalelang sa ’Misa” ke mokete oa ka ho sa feleng le ho nchafatsoa ha sehlabelo sa Jesu se se nang mali “sefapanong.” Empa Mangolo a Bokreste a Segerike ka kakaretso haholo-holo le lengolo la Pauluse le eang ho Baheberu a ne a lekane ka ho hlakileng hore ke etse qeto ea hore sehlabelo sa Jesu e ne e le sehlabelo se phethahetseng. Mosebetsi oa hae o ne o felletse. Se ne se sa hloke kapa hona ho lumella likeketso, ho phetoa, kapa ho ntlafatsoa leha e ka ba hofe. Sehlabelo sena se ile sa etsoa “hanngoe le ka mokhoa o ke keng oa phetoa.”—Ba-Heberu 7:27, 28, NW.
Ho Batla ha ka ’Nete ho Tsoela Pele
Ho itlhahloba, ke ile ka tsoela pele ho sebetsa libakeng tse tlas’a taolo ea babishopo le baarekabishopo tse ’maloa tse Europe Bophirimela, le sebaka se tlas’a taolo ea moarekabishopo se New York, le bakeng sa sebaka se tlas’a taolo ea mobishopo Fairbanks, Alaska. E ne e le teko ea ka e bohloko ea lilemo tse robong ea ho batla ha ka ’nete. Ke ne ke sebetsana haholo-holo le litaba tse amang tsamaiso, sehlopha sa boruti se etsang liqeto, le litšebetso tsa molao. Ke ile ka leka ho ba hōle kamoo ho ka etsahalang ka teng le litšebeletso hammoho le mekete ea borapeli ba phatlalatsa. Phephetso e khōlō ka ho fetisisa e ne e le ho bolela ’Misa ea letsatsi ka leng. E ne e baka khohlano e tebileng ea maikutlo a sa tsitsang hobane ke ne ke sa lumele sehlabelong sa Kreste se pheta-phetoang se se nang mali kapa ho fetoha ha bohobe le veine ho ba nama le mali a Kreste kapa ho boruti bo halalelang ba lefatšeng bo neng bo hloka ho etsoa ha “mohlolo” o atlehang le o molaong oa ho fetoha ha bohobe le veine ho ba nama le mali tsa sebele.
Nakong ea Lekhotla la Bobeli la Vatican, ho ile ha ba le tsekisano ka “mohlolo” ona. Ba amohelang liphetoho ba etelletsoe pele ke sehlopha sa baruti sa K’hatholike sa Holland ba ne ba tšehetsa thuto ea borotho le veine li mpa li bolela kapa li emela ’mele le mali a Kreste. Ka lehlakoreng le leng, ba tšehetsang neano ka ho fetisisa ba etelloa pele ke sehlopha sa baruti sa K’hatholike sa Italy, ka ho tiea ba ile ba sireletsa thuto ea ho fetoha ha bohobe le veine ho ba ’mele le mali a ’nete le a sebele a Kreste ka “mantsoe a khethehileng” a buuoang ka ’Misa. Ka hona, polelo e ile ea ba: ‘Lintho tsohle lia fetoha Holland ka ntle ho bohobe le veine, empa Italy ha ho letho le fetohang ka ntle ho bohobe le veine.’
Kea Itokolla
Ka lebaka la ho hlalosoa ho fosahetseng ha Kreste le kosepele ea hae, ke ile ka ikutloa ke soetsehile haholo ’me ke ferekane hore pakane ea ka ea ho rorisa Molimo le ho boloka liphefumolohi e ne e senngoa ke lithuto tsa bohata. Ka hona, ka July 1974, ke ile ka qetella ke tlohetse tšebeletso e mafolo-folo ka kōpo ea ho se be teng mosebetsing ka nako e sa lekanngoang. Ho ne ho sa utloahale ebile ho sa amohelehe ho ’na ho kōpa ho tlosoa litlamong tsa boprista tse neng li se na motheo oa Bibele. Ka lebaka leo, ho tloha ka July 1974 ho fihlela ka December 1984 ke ile ka lula ke arohile ka ho feletseng. Ha kea ka ka kopanela le bolumeli leha e ka ba bofe bo bong ba Bokreste-’mōtoana hobane ho se leha e le bo le bong bo neng bo lumellana le liqeto tsa ka tse khahlanong le Boraro-bo-bong, ho se shoe ha sephefumolohi, le kutloisiso ea hore batho bohle ba lokileng ba tla fumana bophelo bo sa feleng leholimong, le kotlo ea mollo oa lihele e sa feleng. Ke ne ke talima lithuto tsena e le tse hlahisitsoeng ke bohetene.
Khotso ea ka Hare le Thabo
Ho ikarola ha ka bolumeling ho ile ha fela ka December 1984. Boemong ba ka ke le motsamaisi oa Lefapha la Likoloto le Chelete e Tlamehang ho Lefelloa Melatong bakeng sa khoebo e ’ngoe Anchorage, Alaska, ke ne ke lokela ho buisana le moreki e mong, Barbara Lerma, ka mathathamo a ’maloa a lintho tse rekiloeng le manane a tsona. O ne a tatile ’me a bolela hore o ne a lokela ho ea “thutong ea Bibele.” Polelo “thuto ea Bibele” e ile ea tšoasa tlhokomelo ea ka, ’me ka ’motsa lipotso tse ’maloa tsa Bibele. Kapele le ka ho atlehang o ile a fana ka likarabo tsa Mangolo tse neng li lumellana le liqeto tsa litumelo tsa ka. A hlokomela hore ke na le lipotso tse eketsehileng, Barbara o ile a nkopanya le Gerald Ronco, ea neng a le ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Alaska.
Lipuisano tse hahang tsa Bibele tse ileng tsa latela li ile tsa ntlisetsa khotso ea ka hare le thabo. Bana ke batho bao ke neng ke ntse ke ba batla—batho ba Molimo. Ke ile ka rapela ho Molimo bakeng sa tataiso ’me ka mor’a nako ka qala ho kopanela le Lipaki tsa Jehova joaloka ’moleli ea sa kolobetsoang oa litaba tse molemo. Ka sebele ke ile ka makala ha ke utloa hore ntlo-khōlō ea mokhatlo ona o hlophisitsoeng e Brooklyn, New York, lik’hilomithara tse ’maloa ho tloha Holy Family Church e Manhattan, moo ke ileng ka sebeletsa teng (ka 1969, 1971, le 1974) ke le motlatsi oa moruti oa Kereke ea Parishe ea Machaba a Kopaneng.
Ho Thusa Lelapa la Ka ho Bona ’Nete
Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ke kopanela le Lipaki tsa Jehova Anchorage, ke ile ka fallela Pennsylvania ka July 31, 1985. Mona ke ile ka ba le tokelo ea ho arolelana litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova le morali oa khaitseli ea ka Mylene Mendanha, ea neng a etsa lithuto tsa lengolo la biochemistry Univesithing ea Scranton. Ha Mylene a utloa hore ke ne ke batla Lipaki tsa Jehova, o ile a makala, kaha pelenyana a ile a fuoa boitsebiso bo fosahetseng ba hore e ne e le sehlotšoana sa bokhelohi. Pele ha aa ka a bua letho hobane o ne a ntlhompha joaloka malome oa hae le moprista ’me o ne a na le tlhompho e khōlō bakeng sa seo ke se finyeletseng thutong le boruting.
Sontaha se latelang, Mylene o ile a ea Kerekeng e K’hatholike bakeng sa ’Misa, ’me ’na ke ile ka ea Holong ea ’Muso bakeng sa puo ea Bibele le Thuto ea Molula-Qhooa. Mantsiboea ona ao re ile ra lula fatše hammoho, eena a tšoere Jerusalem Bible ea K’hatholike ’me ’na ke tšoere New World Translation of the Holy Scriptures. Ke ile ka ’montša lebitso Yahweh Bibeleng ea hae le le tšoanang le lona, Jehova, ho New World Translation. O ne a hloletsoe ho tseba hore Molimo o na le lebitso le hore o batla hore re mo rapele ka lebitso la hae. Ke ile ka boela ka ’molella kamoo lithuto tsa Boraro-bo-bong, ho fetoha ha bohobe le veine ho ba nama le mali a sebele a Kreste, le ho se shoe ha sephefumolohi eseng tsa mangolo ka teng ’me ka ’montša mangolo a tobileng. O ne a mpa a hlolletsoe!
Thahasello ea Mylene e ile ea tsosoa ka ho eketsehileng ha ke ’molella ka tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise. Pele ho moo o ne a tšoenyehile ka hore na ho tla etsahala’ng ka eena lefung. O ne a nahana hore ha a halalele ka ho lekaneng hore a ka ea ka ho toba leholimong, empa o ne a sa nahane hore o mobe hoo a neng a lokela ho neheloa kahlolong e sa feleng ea mollo oa lihele. Ka hona, khetho e neng e le ’ngoe feela kelellong ea hae e ne e le pelekatori, moo a neng a lokela ho emela ka mamello lithapelo tsa batho le Limmisa ho mo romela holimo leholimong. Leha ho le joalo, ka mor’a hore ke ’montše le ho hlalosa mangolo a ’maloa mabapi le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise, o ne a chesehela ho ithuta ho eketsehileng ka litaba tsena tse molemo tse thabisang. Mylene o ile a ea le ’na libokeng tse Holong ea ’Muso. Re ile ra qala thuto ea Bibele e lokiselitsoeng le Lipaki tsa sebaka seo. Kapelenyana ka mor’a moo, re ile ra etsa boinehelo ba rōna ho Jehova Molimo ’me ra kolobetsoa ka May 31, 1986.
Lelapa la heso, haholo-holo ngoan’eso e moholo, Orlando, le ne le tennoe ke litaba tsa ho tlohela ha ka boprista. O ile a ikopanya le khaitseli ea ka Myra Lobo Mendanha, ea ileng a mo khutsisa ka ho re: “A re se ke ra tšoenngoa ke sena, kaha Alinio o ne a ke ke a tlohela mosebetsi oohle oa hae o boima oa lilemo tse 43 ka ntle ho lebaka le letle haholo.” Ka September 1987, Myra le lelapa la hae ba ile ba tla lula le ’na Wisconsin, U.S.A. Ha kea ka ka ba le bothata ba ho etsa hore ba bone ho se thehoe mangolong ha lithuto tse ngata tsa K’hatholike le litšebetso. Ba ile ba chesehela ho ithuta ’nete ea Bibele. Hang-hang, ’na le Mylene re ile ra qala thuto ea Bibele le bona. Ha ba fallela Orlando, Florida, ba ile ba tsoela pele ka thuto ea bona.
Khotso le thabo eo kaofela ha rōna re neng re e thabela e ile ea etsa hore re arolelane litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova le khaitseli oa ka e moholo, Jessie Lobo, ea lulang Toronto, Canada. O ile a pakeloa ka 1983. Leha ho le joalo, kaha a ne a e-na le ngoan’abo eo e leng moprista, o ne a lumela hore ha ho letho le tla etsa hore a fetole tumelo ea hae. Lilemo tse ’ne ka mor’a puisano eo ea pele le Lipaki tsa Jehova, ha a utloa hore ke Paki ea Jehova le hore Myra le lelapa la hae ke baboleli ba litaba tse molemo, o ile a ikopanya le Paki eo hang e ileng ea lokisetsa thuto ea Bibele. Jessie o ile a kolobetsoa ka April 14, 1990; Myra, le soare sa ka Oswald, le morali oa khaitseli oa ka e moholo Glynis, ba ile ba kolobetsoa ka February 2, 1991. Ba thabile haholo ho sebeletsa Jehova, ea Phahameng ka ho Fetisisa.
Ba tšehetsang neano le ba amohelang liphetoho tse tsoelang pele Kerekeng e K’hatholike ka sebele ke batho ba bohlale. Ba lumela hore ba etsa thato ea Molimo. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lebala hore ‘molimo oa lefatše lena o ba foufalitse likelello, ke hore, ba sa lumelang, ba tle ba se ke ba chabeloa ke leseli la Evangeli ea khanya ea Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo.’ (2 Ba-Korinthe 4:4) Kahoo, ho hlakile hore bohlale ba tsamaiso ena ea lintho ke bothoto ho Molimo. (1 Ba-Korinthe 3:18, 19, NW) Ke leboha le ho thaba hakaakang hore Jehova o etsa “ea se nang phihlelo bohlale” ka tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la hae.—Pesaleme ea 19:7, NW.
Lilemo tse 19 tsa tšebeletso ea ka joaloka moprista oa K’hatholike li fetile. Joale ke Paki ea Jehova. Ke takatso ea ka ho tsamaea litseleng tsa Jehova le ho latela Mora oa hae, Jesu Kreste, Morena oa rōna le ’Moloki. Ke rata ho thusa ba bang ho tseba Jehova hore le bona ba tšoanelehe bakeng sa moputso oa bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, bakeng sa khanya ea Molimo oa ’nete, Jehova.—Joalokaha ho boletse Alinio de Santa Rita Lobo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ke ile ka tloha Salamanca ha ke sa ntse ke etsa patlisiso Tsamaisong ea Molao oa Kereke, eo ke ileng ka fana ka eona ka 1968.
b Ho ea ka New American Bible ea K’hatholike, karolo ea temana ena e re: “’Na ka lehlakoreng la ka ke phatlalatsa ho uena, u ‘Lefika,’ ’me holim’a lefika lena ke tla haha kereke ea ka . . . Leha e ka ba eng seo u se bolelang se tlanngoe lefatšeng se tla tlangoa leholimong; leha e ka ba eng seo u se bolelang se lokolotsoe lefatšeng se tla lokolloa leholimong.”—Bona lebokose, ho leqephe 17.
[Lebokose le leqepheng la 17]
Linotlolo tsa ’Muso
Mabapi le “linotlolo tsa ’muso oa maholimo,” se boleloang se hlaka ha re nahana ka khalemelo eo Jesu a ileng a e lebisa ho baeta-pele ba bolumeli: “Le nkile senotlolo sa tsebo; ka sebele sa lōna, ha lea ka la kena; hape, le thibetse le ba kenang.” (Luka 11:52) Ho ekelletsa moo Mattheu 23:13 e hlalosa “kena” ka ho eketsehileng e le e bontšang monyako o lebisang “’musong oa maholimo.”
Linotlolo tseo Jesu a li tšepisitseng Petrose li ne li etsa karolo ea thuto e sa tšoaneng leha e ka ba efe e neng e tla bula menyetla e khethehileng bakeng sa batho ho kena ’Musong oa leholimo. Petrose o ile a sebelisa tokelo ena ka makhetlo a mararo, a thusa Bajode, Basamaria, le Balichaba.—Liketso 2:1-41; 8:14-17; 10:1-48; 15:7-9.
Morero oa tšepiso ena e ne e le, eseng hore Petrose a bolelle leholimo se lokelang kapa se sa lokelang ho tlangoa kapa ho lokolloa, empa hore Petrose o sebelisoa e le sesebelisoa sa leholimo bakeng sa likabelo tse tharo tse khethehileng. Sena ke se ileng sa etsahala hobane Jesu o ile a lula e le Hlooho ea ’nete ea phutheho.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 11:3; Ba-Efese 4:15, 16; 5:23; Ba-Kolosse 2:8-10; Ba-Heberu 8:6-13.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Alinio de Santa Rita Lobo eo joale e leng Paki