Ho Tšelisa Batho ba Baholo ba Phonyohileng Boemo bo Sithabetsang Bongoaneng
E NE e le banyalani ba bacha ba nang le botsoalle, ba hlomphuoang haholo ka phuthehong. Empa lentsoe la monna le ne le bontša ho potlaka ha a kōpa moholo ho ba etela, ’me mosali o ne a sekisitse meokho. O ne a utloisoa bohloko ke liketsahalo tse bakang khatello e khōlō maikutlong le ho itlhoea, esita le ke menahano ea ho ipolaea. O ne a ile a hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ha e sa le ngoana. Ka thabo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o fane ka tataiso mabapi le kamoo ho ka thusoang bahlaseluoa ba tlōlo e joalo ea molao, moholo o ile a hlahloba mangolo a Mokhatlo a eang ho baholo hammoho le lihlooho tsa Tsoha! ea October 8, 1991, le Molula-Qhooa oa April 1, 1984, tse neng li tšohla taba ena. Lintlha tse ’maloa tse sebetsang tse fumanoeng mehloling ena ke tsena.
1. Mamela, mamela, mamela. Ha ngoana a intša kotsi lengoleng, ntho ea pele eo a e etsang ke ho mathela ho ’Mè kapa ho Ntate bakeng sa matšeliso. Empa ngoana ea ileng a hleka-hlekoa mohlomong le ka mohla ha a e-s’o be le khetho e joalo. Ka hona joaloka motho e moholo, o ntse a e-na le tlhoko e tšoanang—ho bolela, ho bua, ho tšelisoa ke momameli ea nang le kutloelo-bohloko. (Bapisa le Jobo 10:1; 32:20.) Ha moholo a etela banyalani ba boletsoeng ka holimo, monna o ne a makalitsoe ke kamoo moholo a neng a bua hanyenyane ka teng le kamoo a neng a mamela haholo ka teng. Joale, monna eo e leng motho ea molemo, ea fanang ka thuso, o ile a hlokomela hore o ne a ntse a leka ho lokisa bothata ba maikutlo ka ho beha mabaka, a leka ho lokisa maikutlo ao ho bonahalang a sa utloahale ho eena. O ile a ithuta hore mosali oa hae o ne a hloka kutloelo-bohloko ho feta likarabo. (Bapisa le Ba-Roma 12:15.) Mosali o ne a hloka ho utloa hore o na le mabaka a utloahalang bakeng sa ho ikutloa ka tsela eo a neng a ikutloa ka eona.
2. Pepesa mashano. Ho hleka-hlekoa ho ruta bana hore ba silafetse, ha ba ratehe, hase ba bohlokoa. Joaloka lithuto tsa bohata tsa bolumeli, maikutlo ana a ka thathafatsa kamano e ntle le Jehova haholo. Ka hona pepesa mashano, ’me a nkeloe sebaka ke ’nete—ka bonolo, ka ho pheta-pheta, le ka mamello. Beha mabaka ka Mangolo. (2 Ba-Korinthe 10:4, 5) Ka mohlala: “Kea utloisisa hore u ikutloa u silafetse. Empa Jehova o ikutloa joang ka uena? Haeba a lumelletse Mora oa hae ho shoa le ho fana ka topollo bakeng sa hao, na seo ha se bolele hore oa u rata? [Johanne 3:16] Mahlong a Hae, na ho hleka-hlekoa ho u silafalitse, kapa ho silafalitse ea neng a u hleka-hleka? Hopola, Jesu o itse: ‘Ha ho letho le ka ntle ho motho le ka tsebang ho mo silafatsa, ha le kena ka ho eena; empa tse tsoang ka ho motho, ke tsona tse mo silafatsang.’ [Mareka 7:15] Na ruri ho hleka-hlekoa ho tsoa ho uena, ngoana e monyenyane? Kapa motho ea u hleka-hlekang o ile a rera see ka kelellong ea hae?”
3. Bua ka mokhoa o tšelisang. Motho ka mong o fapane le ba bang, ka hona keletso ea Pauluse ea hore “le tšelise ba pelo li tepeletseng” e sebetsa ka mokhoa o fapaneng boemong bo bong le bo bong. (1 Ba-Thessalonika 5:14) Leha ho le joalo, hase ka mehla puo e bonolo ka ho feteletseng ho bonahalang e tšelisa. Ka mohlala, ho bolella motho ea phonyohileng ho hleka-hlekoa feela tjee hore a bale Bibele ka ho eketsehileng, a bolele litaba tse molemo haholoanyane, kapa hona ho ‘akhela moroalo oa hae feela ho Jehova’—le hoja litlhahiso tsena li na le thuso ka linako tse ling—mohlomong li ke ke tsa hlahisa litholoana. (Pesaleme ea 55:22; bapisa le Ba-Galata 6:2.) Ba bangata ba se ntse ba etsa lintho tsena ka hohle kamoo ba ka khonang ’me ba ikomanya ntle le qenehelo ka lebaka la ho se etse hamolemonyana.—Bapisa le 1 Johanne 3:19, 20.
Ka ho tšoanang, ho bolella batho ba phonyohileng ho hleka-hlekoa feela tjee hore ba lebale tse fetileng ho ka hlahisa kotsi e fetang molemo. Haeba ba ne ba ka khona ho etsa joalo, ho ne ho ka ’na ha khoneha hore ba ho etse—’me ba ne ba ke ke ba hloka thuso bakeng sa ho fihlela tharollo e bonolo joalo.a Hopola hore boemo ba bona ke bo sithabetsang habohloko maikutlong. Ka mohlala, ak’u nahane u fumana lehlatsipa kotsing ea koloi le rapaletse le ntse le lumaela maloanlahleng a koloi e senyehileng. Na u ne u tla mo bolella feela hore a se ke a nahana ka ho utloa bohloko? Ka ho hlakileng, ho hlokahala se eketsehileng.
Haeba u sa kholisehe hore seo u se buang ke se tšelisang le se nang le thuso, ke hobane’ng ha u sa botse ea nang le khatello ea maikutlo? Esita le keletso ea ’nete le ea Mangolo ho hlokahala hore e be nakong le hore hape e be e loketseng.—Bapisa le Liproverbia 25:11.
Ka mor’a maeto a ’maloa, khaitseli o ile a qala ho bona ho ntlafala ho itseng ponong ea hae litaba, ’me monna oa hae o ne a khona ho mo thusa hamolemonyana hore a fete linako tse thata. Ho tloha ka nako eo ba ’nile ba khona ho bua ka tsela e tšelisang ho ba bang ba ’nileng ba feta maemong a sithabetsang ka ho tšoanang. Ke ho matlafatsang tumelo hakaakang ho bona Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle,” a sebetsa ka Lentsoe la hae le batho ba hae “ho folisa ba robehileng lipelo” linakong tsee tsa likhathatso.—2 Ba-Korinthe 1:3; Esaia 61:1.
a Ke ’nete hore moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste ‘ho lebala tse ka morao.’ Empa mona Pauluse o ne a bua ka katleho le botumo ba hae ba lefatše ba pele, tseo hona joale e neng e se e le “lithōle” ho eena. O ne a sa bue ka mahlomola a hae a nakong e fetileng, ao a buileng ka ’ona ka bolokolohi.—Ba-Filippi 3:4-6, 8, 13; bapisa le 2 Ba-Korinthe 11:23-27.