Thibelo Ka Lapeng
O qalile ho beta Monique ha a le lilemo li robong. O qalile ka hore a mo shebe lekunutung ha a apara; joale eaba o qala ho mo chakela kamoreng ea hae bosiu ’me a mo tšoara lithong tsa hae tsa sephiring. Ha a ne a mo thibela, o ne a ba bohale. Ka nako e ’ngoe o ile a ba a mo hlasela ka hamore ’me a mo lahlela litepising tse tlaase. Monique oa hopola: “Ho ne ho se lea mong ea nkholoang”—esita le ’mè oa hae. Motho enoa ea betang e ne e le ntate oa Monique lenyalong la bobeli.
HASE sekhukhuni, motho ea laletseng morung ho etsa batho hampe, ea letetseng ho sokela bana. Ke setho sa lelapa. Palo e khōlōhali ea peto ea mofuta ona e etsahala ka lapeng. Kahoo ke joang ho ka thibeloang peto ea mofuta ona haholoanyane lapeng?
Bukeng ea hae Slaughter of the Innocents, Dr. Sander J. Breiner o hlahloba bopaki ba ho betoa ha bana mekhatlong e mehlano ea boholo-holo—Egepeta, Chaena, Greece, Roma, le Iseraele. O qetella ka hore le hoja peto ea mofuta ona e ne e le teng Iseraele, e ne e ba ka seoelo ha ho bapisoa le lichaba tse ling tse ’nè. Hobane’ng? Ho fapana le baahisani ba bona, batho ba Iseraele ba ne ba rutoa ho hlompha basali le bana—pono e hlakileng eo ba neng ba tlangoa ke Mangolo a Halalelang ho eona. Ha Baiseraele ba ne ba sebelisa molao oa bomolimo bophelong ba lelapa, ba ne ba thibela ho betoa ha bana. Kajeno malapa a hloka litekanyetso tsena tse hloekileng, tse sebetsang ho feta leha e le neng pele.
Melao ea Boitšoaro
Na molao oa Bibele oa sebetsa lapeng la hao? Ka mohlala, Levitike 18:6 ea baleha: “Ho se ke ha e-ba ea atamelang ho mosali e leng oa mali a le mang le eena ho apola bofeela ba hae. Ke ’na Jehova!” Ka mokhoa o tšoanang, phutheho ea Bokreste kajeno e tiisa hore melao e khahlanong le mekhoa eohle ea peto e-ea bolokoa. Mang le mang ea betang ngoana o ipeha kotsing ea ho khaoloa, ho behelloa ka thōko ho phutheho.a—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.
Malapa ’ohle a lokela ho tseba le ho ikhopotsa melao e joalo ’moho. Deuteronoma 6:6, 7 ea phehella: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.” Ho ruta melao ena ho bolela ho fetang ho laea bana ba hao ka nako e ’ngoe. Ho akareletsa puisano ea ka mehla ea ho fana le ho amohela. Nako le nako, ka bobeli ’mè le ntate ba lokela ho tšehetsa ka tieo melao ea Molimo mabapi le likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba atamelaneng ka mali le mabaka a ho rata melao ena.
U ka boetse ua sebelisa mehlala e kang ea Tamare le Amnone, bana ba Davida, ho bontša bana hore litabeng tsa botona le botšehali ho na le meeli eo ho seng lea mong—esita le beng ka motho ba haufi-ufi—ea lokelang ho e tlōla.—Genese 9:20-29; 2 Samuele 13:10-16.
Ho hlompha melao-motheo ena ho ka boetse ha bontšoa le litokisetsong tse sebetsang bophelong. Ho e ’ngoe ea linaha tsa Asia-boroa, phuputso e bontšitse hore likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba atamelaneng haufi-ufi ka mali li etsahala haholo-holo malapeng ao bana ba robalang ’moho le batsoali esita le haeba ho se na mabaka a hatellang a moruo. Ka ho tšoanang, ka kakaretso hase bohlale hore bana ba motho ba bong bo fapaneng ba robale betheng e le ’ngoe kapa kamore ha ba ntse ba hōla, haeba sena e le se ka qojoang. Esita le haeba maemo a hatellang a bophelo a le teng, batsoali ba lokela ho sebelisa kahlolo e molemo ha ba rera hore na setho ka seng se robala hokae.
Molao oa Bibele o thibela botahoa, o eletsa hore bo ka lebisa ho etseng lintho ka tsela e khopameng. (Liproverbia 23:29-33) Ho ea ka phuputso e ’ngoe, batho ba etsang karolo ea 60 ho ea ho 70 lekholong ba ileng ba betuoa ke batho ba atamelaneng le bona ka mali ba tlalehile hore motsoali oa bona o ne a tahiloe ha a qala ho ba beta.
Hlooho ea Lelapa e Lerato
Bafuputsi ba fumane hore peto ea mofuta ona e tloaelehile haholo malapeng ao bo-ntate e leng bahatelli. Pono e sebelisoang ka ho pharalla ea hore basali ba etselitsoe feela ho khotsofatsa litlhoko tsa monna e hanoa ke Mangolo. Banna ba bang ba sebelisa maikutlo ana ao eseng a Bokreste ho lokafatsa ho fetohela ho morali bakeng sa ntho leha e le efe eo ba ke keng ba e fumana ho mosali oa bona. Maemong ana khatello ena e ka bakela basali hore ba lahleheloe ke ho leka-lekana maikutlong. Ba bangata ba lahleheloa ke tšusumetso ea bona ea tlhaho ea ho sireletsa bana ba bona. (Bapisa le Moeklesia 7:7.) Ka lehlakoreng le leng, phuputso e ’ngoe e fumane hore ha bo-ntate ba se teng boholo ba nako lapeng, ka nako e ’ngoe peto e etsoang ke ’mè ho mora e-ja setsi.
Ho thoe’ng ka lelapa la hao? Na uena joaloka monna u nka karolo ea bohlooho ka ho teba, kapa u bo fa mosali oa hao? (1 Ba-Korinthe 11:3) Na u tšoara mosali oa hao ka lerato, ka seriti, le ka tlhompho? (Ba-Efese 5:25; 1 Petrose 3:7) Na maikutlo a hae ke a bohlokoa? (Genese 21:12; Liproverbia 31:26, 28) Ho thoe’ng ka bana ba hao? Na u ba talima e le ba bohlokoa? (Pesaleme ea 127:3) Kapa u ba nka e le meroalo feela, eo habonolo feela e ka sebelisoang hampe? (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 12:14.) Tlosa lipono tse fosahetseng, tseo eseng tsa mangolo tsa mesebetsi ea lelapa tlung ea hao, ’me u tla le sireletsa haholoanyane petong ea mofuta ona.
Sebaka se Sireletsehileng Bakeng sa Maikutlo
Mosali e mong e mocha eo re tla ’mitsa Sandi o re: “Lelapa lohle leso le ne le pepesehetse petong ea mofuta ona. Le ne le ikarotse, ’me setho ka seng se ne se ikarotse ho ba bang.” Ho ikarola, ho se ikamahanye le ba bang, le ho ba lekunutung haholo—maemo ao a se nang molemo, ao eseng a mangolo ke tšusumetso ea boitšoaro bo sa lokang ka lapeng. (Bapisa le 2 Samuele 12:12; Liproverbia 18:1; Ba-Filippi 4:5.) Theha tikoloho ea lehae e sireletsehileng bakeng sa maikutlo a bana. Lehae e lokela ho ba sebaka seo ba ikutloang ba hahoa ho sona, moo ba ikutloang ba lokolohile ho bula lipelo tsa bona le ho bua ka bolokolohi.
Hape, bana ba na le tlhoko e khōlō ea ho bontšoa lerato—ho kopuoa, ho pholloa, ho tšoarana ka matsoho, ho bapalisoa. Lipontšo tsena tsa lerato ha lia lokela ho fokotsoa ka lebaka la ho arabela ka tsela e fosahetseng tabeng ea hore ho na le likotsi tsa peto. Ruta bana ka kameho e bulehileng, e mofuthu ’me u ba rorise ka hore ke ba bohlokoa. Sandi oa hopola: “Pono ea ’mè oa ka e ne e le hore ho babatsa motho leha e le ofe ka ntho leha e le efe ho ne ho fosahetse. Ho ne ho tla mo phahamisa.” Sandi o ile a hlokofatsoa ka ho betoa bonyane ka lilemo tse leshome empa a ntse a thotse. Bana ba se nang tšireletseho ea ho tseba hore baa ratoa, ho ba bonolo hore ba amohele pabatso ea motho ea betang, “lerato” la hae, kapa ho tšosoa ka hore ba tla le amohuoa.
Motho ea betileng bashemane ba makholo nakong e ka holimo ho lilemo tse 40 o lumetse hore bashemane ba neng ba na le maikutlo a hore ba hloka motsoalle ea tšoanang le eena e ne e le bahlaseluoa ba bonolo haholo. U se ke ua haha tlhoko e joalo ngoaneng oa hao.
Khaola Lebili la Peto
Jobo a le tlas’a khatello e khōlō o ile a re: “Pelo ea ka e khoboheloa ke bophelo ba ka; ha ho le joalo e ka khona ke neele ho luma-luma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moea oa ka.” (Jobo 10:1) Ka mokhoa o tšoanang, batsoali ba bangata ba fumane hore ba ka thusa bana ba bona ka hore bona ka bobona ba ithuse. Morao-rao tjena The Harvard Mental Health Letter e hlokometse: “Litaolo tse thata tsa boitšoaro ba sechaba khahlanong le ho itlhalosa ha banna haeba ba utloa bohloko ho bonahala li etsa hore lebili la peto ea mofuta ona le ’ne le tsoele pele le sa khaotse.” Ho bonahala hore banna ba sa khoneng ho hlalosa bohloko ba bona mabapi le hore ba ile ba betoa ho bonolo haholoanyane hore ba fetohe batho ba betang le bona. The Safe Child Book e tlaleha hore boholo ba batho ba betang bana bona ka bobona ba ile ba betoa ha e sa le bana ’me ba se ke ba fumana thuso ea ho hlaphoheloa. Ba bontša bohloko ba bona le khalefo ka ho beta bana ba bang.b—Bona hape Jobo 7:11; 32:20.
Ho ba kotsing ha bana ho ka boela ha e-ba ho hoholoanyane haeba bo-’mè ba sa ithute ho sebetsana le ho betoa ha nako e fetileng. Ka mohlala, bafuputsi ba tlaleha hore basali ba neng ba betoe ha e ntse e le banana ba atisa ho nyalana le banna ba betang bana. Ho feta mona, haeba mosali a sa ka a tseba ho sebetsana le peto ea nako e fetileng, ka ho utloahalang o tla fumana ho le thata ho buisana le bana ba hae ka hona. Haeba peto ea mofuta ona e etsahala, a ka ’na a se nolofalloe ke ho e qaqisa le ho nka khato e nepahetseng. Joale bana ba lefa habohloko ka lebaka la ho se nke khato ha ’mè.
Ka tsela ena, peto ena e ka fetela molokong o mong ho ea ho o latelang. Ke ’nete hore batho ba bangata ba sa khetheng ho bua ka bohloko ba bona ba nako e fetileng ba bonahala ba khona ho sebetsana ka katleho le mathata bophelong, ’me seo sea babatseha. Empa ho ba bangata bohloko bo tebile, ’me ba hloka ho etsa boiteko bo kopanetsoeng—ho akareletsa le ho batla thuso ea litsebi tse tšoanelehang haeba ho hlokahala—ho folisa maqeba ao a bohloko a bongoaneng. Ba etsa sena ka sepheo sa hore ba se qoele boikutlong ba ho ikhauhela haholo. Ba batla ho khaola lebili lena le kulang, le bohloko la peto ea mofuta ona baneng e amang malapa a bona.—Bona Tsoha! ea October 8, 1991, maqephe 3 ho ea ho 11.
Qetello ea Peto
Haeba boitsebiso bo boletsoeng ka holimo bo sebelisoa ka tsela e nepahetseng, bo ka etsa ho hoholo ho fokotsa menyetla ea ho betoa ha bana lehaeng la hao. Leha ho le joalo, hopola hore batho ba betang ka tsela ena ba sebetsa sekhukhung, ba nka monyetla oa hore baa tšeptjoa, ’me ba sebelisa maqiti a batho ba baholo baneng ba se nang molato. Joale, ka tsela e ke keng ea qojoa, ba bang ba bona ho bonahala ba qoba kahlolo ea molao tlōlong ea bona e nyonyehang.
Leha ho le joalo, e-ba le kholiseho ea hore Molimo o bona seo ba se etsang. (Jobo 34:22) Ka ntle le hore ba bake ’me ba fetohe, a ke ke a lebala liketso tsa bona tse mpe. Ka nako ea hae e tšoanelang o tla hlanola liketso tsa bona. (Bapisa le Mattheu 10:26.) ’Me o tla etsa ka toka. Jehova Molimo o tšepisa nako eo ka eona batho bohle ba bolotsana joalo ba tlang ho “khaoloa holim’a lefatše,” ’me ke feela ba mosa le ba bonolo ba ratang Molimo le batho hammoho le bona ba tlang ho lumelloa ho sala. (Liproverbia 2:22; Pesaleme ea 37:10, 11, 29; 2 Petrose 2:9-12) Re na le tšepo eo e hlollang ea lefatše le lecha ka lebaka la topollo ea sehlabelo sa Jesu Kreste. (1 Timothea 2:6) Joale, ke nakong eo feela, eo peto ea mofuta ona e tlang ho fella ruri.
Nakong ena re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho sireletsa bana ba rōna. Ke ba bohlokoa! Batsoali ba bangata ba tla ikemisetsa ho beha polokeho ea bona kotsing e le hore ba sireletse bana ba bona ba banyenyane. (Bapisa le Johanne 15:13.) Haeba re sa sireletse bana ba rōna, liphello e ka ba tse tšosang. Haeba re ba sireletsa, re ba fa mpho e hlollang—bongoana boo ba ikutloang ba se na molato ’me ba lokolohile khatellong. Ba ka ikutloa feela joalokaha mopesaleme a ile a ikutloa, o ngotse: “Ke re ho Jehova: U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka oo ke u tšepang.”—Pesaleme ea 91:2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho beta ngoana ho etsahala ha e mong a sebelisa ngoana ho khotsofatsa litakatso tsa hae tsa botona kapa tsa botšehali. Hangata ho akareletsa seo Bibele e se bitsang bohlola kapa por·neiʹa, ho ka kopanyeletsang ho pholla litho tsa botona kapa botšehali, likamano tsa botona le botšehali, le ho kenya litho tsa botona kapa botšehali ka hanong kapa ka morao. Liketso tse ling tse sa lokang, joaloka ho pholla matsoele, mafereho a boitšoaro bo bobe ka ho toba, a bontšang libuka le litšoantšo tsa bootsoa ho bana, motho ea shebang ka taba-tabelo litho tsa botona le botšehali, li ka lekana le seo Bibele e se nyatsang e le “boitšoaro bo hlephileng.”—Ba-Galata 5:19-21, NW; bona Molula-Qhooa, September 1, 1983, botlaaseng ba leqephe la 30.
b Le hoja boholo ba batho ba betang bana bona ka bobona ba ile ba betoa ha e sa le bana, sena hase bolele hore ho betoa ho etsa hore bana e be batho ba betang. Ka tlaase ho karolo ea boraro ea bana ba betuoeng e fetohile batho ba betang bana.
[Lebokose le leqepheng la 11]
Mophonyohi ea ileng a betoa ka lilemo tse ngata ke mong ka eena ea haufi o itse: “Peto e bolaea bana, e bolaea tšepo ea bona, tokelo ea bona ea ho ikutloa ba se na molato. Ke ka lebaka leo bana ba lokelang ho sireletsoa. Ka lebaka leno hona joale ke lokela ho haha bocha bophelo bohle ba ka. Ke hobane’ng re etsa hore bana ba eketsehileng ba be joalo?”
Ka sebele ke hobane’ng?
[Lebokose le leqepheng la 11]
Mamela Bana!
MORAO tjena, British Columbia, Canada, phuputso e hlahlobile mesebetsi ea ka mehla ea batho ba 30 ba betang bana. Liphello e ne e le tse nyarosang. Pakeng tsa bona, ka bomong, ba ne ba betile bana ba 2 099. Halofo e ne e le batho ba maemong ao ba tšeptjoang—matichere, baruti, batsamaisi, le basebetsi ba tsa tlhokomelo ea bana. Monna e mong ea neng a beta ka tsela ena, ea lilemo li 50 eo e leng ngaka ea meno, o ile a beta bana ba ka bang 500 nakong ea lilemo tse ka holimo ho 26.
Leha ho le joalo, The Globe and Mail ea Toronto ea hlokomela: “Liketsahalong tse 80 lekholong, karolo e le ’ngoe kapa tse eketsehileng tsa sechaba (ho akareletsa metsoalle kapa basebetsi-’moho le mofosi, malapa a bahlaseluoa, bana ba bang, bahlaseluoa ba bang) ba latotse kapa ba nyenyefalitse peto ea mofuta ona.” Hase ho ka makatsang hore ebe “tlaleho ena e eletsa hore tatolo le ho se lumele li etsa hore peto ena e ’ne e tsoele pele.”
Ba bang ba bahlaseluoa ba boleletse e mong ea nang le matla ka peto ena. Leha ho le joalo, The Globe and Mail e qotsa tlaleho e bolela hore “batsoali ba bahlaseluoa ba banyenyane ba ne ba sa batle ho lumela seo bana ba bona ba ba bolellang sona.” Ka tsela e tšoanang, morao tjena ofisiri ea ’muso Jeremane e qotsitse tlaleho ea hore bana bao e leng bahlaseluoa ba peto ea mofuta ona ba atametse batho ba baholo ka makhetlo a mangata hoo e ka bang hasupa pele ho lumeloa taba ea bona.
[Lebokose le leqepheng la 12]
“Fumana Thuso Hona Joale”
“HAEBA u monna ’me u beta bana ka tsela ena, mohlomong pelong ea hao u re, ‘Oa ho rata,’ kapa ‘O ho kōpile,’ kapa ‘Ke mo ruta likamano tsa botona le botšehali.’ Tseba hore u-ua ithetsa. Banna ba sebele ha ba amehe likamanong tsa botona le botšehali le bana. Haeba u na le boikutlo leha e le bo bonyenyane bo hlileng bo tsotellang ngoana eo, khaotsa. Fumana thuso hona joale.”—Tsebiso ea tšebeletso e behiloeng ka pel’a sechaba, e qotsitsoeng bukeng By Silence Betrayed.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Bana ba hloka tlhokomelo e khōlō ea mofuthu, le lerato