Joaloka Mophaphathehi, Ke Ile Ka Fumana Toka ea ’Nete
KAHA ho ne ho ntse ho bata ’me ho e-na le lehloa fatše, ke ile ka apara jase e boima. Eaba ke noa motsoako oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e chefu eo ke neng nka e fumana ka rakeng ea ka, ho akareletsa le mokeli-keli oa ho hloekisa (carbon tetrachloride). Ke ile ka leba Nōkeng ea Charles e Cambridge, Massachusetts, ka tšepo ea hore ke tla shoella moo. Ho e-na le ho shoa, sohle seo ke ileng ka se fumana bakeng sa ho nyahama ha ka e bile ho qeta matsatsi a mahlano ke le karolong ea sepetlele e fanang ka tlhokomelo e khethehileng. Ke’ng e neng e lebisitse boemong bo joalo ba ho felloa ke tšepo? A re ke re boeleng morao khōlong ea ka.
Ke tsoaletsoe Jaffa, Palestina, ka 1932, ke Mogerike oa Palestina. Ke ile ka hōlisetsoa bolumeling ba Greek Orthodox, ho neng ho bolela hore ke etela kerekeng beke le beke ’me ke ne ke itima lijo ha ho hlokahala. Empa tsamaiso eo e ne e se na morero ho ’na.
Batsoali ba ka ba ne ba hafa ka nkatana, kaha lelapa leso le ne le e-na le k’hamphani e khōlō ea thekiso ea lijo le joala. Ha ke le lilemo li leshome, ke ile ka romeloa Friends’ Boarding School, Ramallah, ’me ka morao ho moo ka romeloa St. George’s Anglican School, Jerusalema. Sekolo sena sa bobeli se ile sa nkhahla haholo—ho ne ho e-na le liithuti tsa limelo tsa Bokreste, Boarabia, le Bojode tse ithutang hammoho ka khotso. Sekolo seo se ne se ruta poelano, mekhoa e metle, le boitšoaro. Empa sekolo le se hlileng se etsahalang e ne e le lintho tse peli tse fapaneng.
Nakong ea bongoana ba ka, ntoa ea lehae e ne e tloaelehile, Bajode, Maarabo, le Mabrithani ba ne ba loana ka linako tsohle. Ha ke sa le ngoana, ke ile ka bona monna e mong a bolaoa ka ntle ho ntlo eso. Ka makhetlo a mangata batsoali ba ka ba ne ba phonyoha ka lesoba la nale libakeng tseo ho neng ho thunyanoa ho tsona. Joale Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea etsa hore Haifa, motse oa kou ea bohlokoa, e be sebaka seo Jeremane e batlang ho se ruthutha ka libomo—ho shoa ho eketsehileng ha batho le tšenyo.
Ha ho fela ha puso ea Brithani Palestina ho atamela ka May 1948, ntoa ea lehae e ile ea tōta. Ka July 1946 Hotele ea King David, hotele ea boemo bo phahameng ka ho fetisisa Jerusalema, e ile ea phatloloa. Palo ea bafu e ne e sa khethe—Maarabo a 41, Mabrithani a 28, Bajode ba 17, le ba bang ba bahlano. Lelapa leso le ile la etsa qeto ea ho baleha motsoebere oo. Ka bosiu bo le bong re ile ra fallela Cyprus, moo ’Mè a neng a e-na le beng ka eena. Ntate o ile a siea khoebo le thepa ea hae e fapa-fapaneng.
Liketsahalo tsena li ile tsa fetola maikutlo a ka a pele. Ha ke le lilemo li 16, ke ne ke thahasella lipolotiki ’me ke bala likoranta letsatsi le letsatsi hore ke lule ke le nakong ka se etsahalang. Gamal Abdel Nasser, moeta-pele oa Egepeta, e ne e le molingoana oa ka. O ile a fokolisa tšusumetso ea machaba naheng ea hae.
Ka 1950 lelapa leso le ile la fallela United States. Ntoa ea Korea e ne e ntse e kupa, ’me ke ne ke batla ho phetha karolo ea ka bakeng sa naha e pholositseng lelapa leso boemong bo hatellang. Ke ile ka ithaopela ho kenela Lebotho la Moeeng, moo ke ileng ka phahamisetsoa boemong ba sajene e bohareng. Leha ho le joalo, ha kea ka ka fihla Korea—ke ile ka fella feela mabaleng a lifofane a Omaha, Nebraska.
Mosokolli Sekolong sa Thuto ea Bolumeli
Ka mor’a hore ke lokolloe Lebothong la Moeeng, ke ile ka ea Univesithing ea Texas hamorao ka ea Univesithing ea Ohio, moo ke ileng ka fumana degree ea thuto ea moruo. Ke ne ke ipuela feela ka ho hloka toka ho Bochabela-bo-Hare ’me ke bile ka kōptjoa ho ruta ka taba ena. Moprofesa oa Episcopal, Dr. David Anderson, ea ileng a nkutloa ha ke bua, o ile a khothaletsa hore ke amohele thuso ea chelete ea ho ithuta ea ho ea Sekolong sa Thuto ea Bolumeli sa Episcopal Boston bakeng sa thupelo ea lengolo le phahameng kamor’a degree. Kaha ke ne ke sa lumellane le tsamaiso ea baruti ba lefuoang, ke ne ke se na morero oa ho ba moruti. Leha ho le joalo, ka 1958, ke ile ka amoheloa sekolong seo.
Thuto ena e ne e akareletsa ho sebetsa litsing tsa kelello hammoho le baruti. Karolo ea thuto ea sekolo e ne e thahasellisa haholo, empa ke ne ke batla ho bona ho nka bohato le toka e eketsehileng lefatšeng. Kahoo ke ile ka theha sehlopha se nkang bohato se bitsoang “Lebitso la Hae le Tsebahatsoa Lichabeng Tsohle.” Ke ne ke batla hore sekolo se sekamele ho nkeng bohato. Ke ne ke batla ho latela Jesu, eseng ho ea laebraring, empa ho ea lefatšeng.
Leha ho le joalo, kapele ke ile ka sibolla hore liphetoho tseo ke neng ke li khothalelitse li ne li sa tl’o sebelisoa. Qetellong ke ile ka lelekoa sekolong seo. Hoo e ka bang ka nako eo ke ile ka ratana le moroetsana e mong e le phello ea ho batla ha ka motho eo nka arolelanang bokamoso le eena. Ke ile ka ba le boikutlo ba hore re bōpetsoe ho ba ’moho. Hamorao ke ile ka hlokomela hore ha a na maikutlo a tšoanang le a ka. Ho hlokoloa hoo ha ho lahloa ho ne ho sithabetsa. E ne e le ntho ea ho qetela e ileng ea tlatsetsa hore ke etse boiteko ba ho ipolaea.
Ho Sebetsa ke le Tichere
Ka mor’a nako ea ho hlaphoheloa, ke ile ka ea Univesithing ea Columbia e New York ho ea batla lengolo la botichere la ho ruta jeokrafi le histori. Nakong ena eohle, ke ne ke ntse ke batla hoo ke neng ke ho bitsa Bokreste ba sebele bo nkang bohato. Mosebetsi oa ka oa botichere o ile oa nkisa South Glens Falls, New York. Moo ho ileng ha etsahala phetoho e khōlō bophelong ba ka. Ke ile ka kopana le tichere e bitsoang Georgia eo e ileng ea qetella e le mosali oa ka le molekane ka 1964.
Ke ne ke ntse ke rata lipolotiki haholo ’me ke thahasella lipuo tsa Setho sa Senate James Fulbright, ea neng a seolla ntoa e Vietnam ka ho toba. Le ’na ke ne ke le khahlanong le ntoa eo. Ke ile ka nyarosoa haholo ke lefu la Mopresidente John F. Kennedy ka November 1963. Ke ne ke amehile hoo ke ileng ka ea lepatong la hae Washington.
Ho Batla ha ka Bokreste
Ka 1966 re ile ra fallela Long Island, New York, moo ke ileng ka fumana mosebetsi oa ho ruta Sekolong se Phahameng sa Northport. Ke ne ke amehile ka ho teba ka liketsahalo tsa lefatše—e ne e le nako eo tšebeliso ea lithethefatsi e neng e ata, mahipi, le bacha ba hlantšoang ke Jesu. Ke ile ka ea sehlopheng sa ba etsang mehlolo ’me ka bona hore le bona baa haelloa molaetseng oa ’nete oa Bokreste, ba beha khatiso e khōlō maikutlong ho e-na le ho nka bohato. Ka lekhetlo le leng ke ile ka ba ka utloa moruti oa Episcopal a buella ntoa e Vietnam. Ke ile ka qala ho ba le maikutlo a hore batho ba bang ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba na le botho ho feta batho ba kenang kereke.
Ke ile ka felloa ke tumelo ho Molimo empa eseng ho bohlokoa ba Thuto ea Jesu ea Thabeng lipolotiking. Ho ea ka ’na o ile a felisa tsamaiso ea lehloeo ka thuto ea hae, ’me ke ne ke bona hoo e le tharollo ea bothata ba Bochabela-bo-Hare. Ke ile ka leka malumeli a mangata haholo—K’hatholike, Salvation Army, Baptist, Pentecostal—empa ka linako tsohle ke ne ke khutla ka maikutlo a sa khotsofalang a hore ha ba sebelise Bokreste ba Bakreste ba pele. Eaba ka 1974, ke kopana le mosebeletsi oa thekiso ea matlo ea ileng a fetola bophelo ba ka.
Lebitso la hae e ne e le Frank Born. Ke ne ke ile ho eena mabapi le setša se itseng. Puisanong ea rōna, o ile a ntša Bibele. Hang-hang ke ile ka thiba seo, ka re: “U ke ke ua fumana motho ea phelang tumellanong le melao-motheo eo.” O ile a araba: “E-ea le ’na, ’me u inoese ka nkho Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova.” Empa ke ne ke batla hore a arabe lipotso tse ling tsa motheo pele ke etela Holo ea bona ea ’Muso.
Potso ea ka ea pele: “Na le na le baruti ba lefuoang?” Karabo ea hae e ne e re: “Che. Baholo ba rōna kaofela ke baithaopi ba iphelisang hammoho le malapa a bona ka mesebetsi ea bona ea boipheliso.” Potso ea ka e latelang e ne e re: “Na le kopanela malapeng a batho ka bomong joalokaha Bakreste ba pele ba ne ba etsa ho ithuta Bibele?” Karabo e ne e re: “E. Re na le seboka sa beke le beke malapeng a batho ka bomong likarolong tse fapaneng tsa sebaka sena.” Potso ea ka ea boraro e tlameha ebe e ile ea utloahala e sa tloaeleha ho eena. “Na kereke ea lōna e romela moruti litšebeletsong tsa tlhomamiso ea bopresidente ho rapella mopresidente?” Frank o ile a araba: “Ha re nke lehlakore litabeng tsohle tsa lipolotiki ’me ha re nke karolo. Re tšepahalla ’Muso oa Molimo e le oona feela tharollo mathateng a hlasetseng moloko oa batho kajeno.”
Ke ne ke sa kholoe seo ke se utloang. Ke ne ke laba-labela ho bona moo Bakreste bana ba kopanelang teng. Ke ile ka fumana eng? Eseng ho nkeha maikutlo empa ho sebelisa Bibele ka likelello tse hlaphohetsoeng. Liboka tsa bona li ne li ruta, li hlophisetsa batho ho hlalosa le ho emela tumelo ea bona ea Bokreste. E ne e le sehlopha se nkang bohato, se eang bathong ho batla ba laba-labelang puso ea ho loka ea Molimo. Ke ne ke fumane karabelo ea bothata ba Bochabela-bo-Hare—batho ba merabe eohle, lipuo tsohle, le meetlo ba kopane borapeling ba khotso ba Morena oa ’Musi oa bokahohle, Jehova Molimo. ’Me sena sohle se ne se le tumellanong le mohlala le thuto tsa Kreste. Mona ho ne ho se na lehloeo le qhoebeshano. Ho ne ho rena khotso le bonngoe feela.
Ke bile Paki e kolobelitsoeng ka 1975, ’me Georgia o ile a ntatela bohatong boo lilemo tse hlano hamorao. Re na le bara ba babeli, Robert le John, bao ka mafolo-folo ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.
Maikutlo a Fetohileng
Maikutlo a ka a nolofetse ka lilemo tsena. Pele ke ne ke le leqhoko ’me ke rata ntoa ke e-na le mosa o fokolang haholo bakeng sa litekanyetso tsa bohlokoa tsa ba bang. Joaloka ba limilione tse ngata, monahano oa ka o ne o susumelitsoe ke bolumeli ba bohata le lipolotiki. Joale kea hlokomela hore Molimo ha a ee ka tšobotsi le hore batho ba lipelo li tšepahalang ba merabe eohle ba ka mo sebeletsa ka khotso le bonngoe.
Har’a Lipaki tsa Jehova, ke fumane batho ba limelo tsohle tse ka nahanoang, batho bao pele ba neng ba hloile ba bang. Hona joale, joaloka ’na, ba hlokometse hore Molimo kannete o lerato, ’me eo ke e ’ngoe ea lintho tseo Jesu a ileng a tla ho tla re ruta tsona. O ile a re: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:34, 35)—Joalokaha ho boletse Constantine Louisidis.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ha Constantine Louisidis a le lilemo li leshome ’me a kena Friends’ Boys School
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ke ile ka nyarosoa haholo ke lefu la Mopresidente John F. Kennedy