Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 4/8 maq. 14-18
  • Na Mosebetsi o Lokeloa ke Moputso oa Hae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Mosebetsi o Lokeloa ke Moputso oa Hae?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Rutang Bana ba Rōna
  • Ho Boetse ho na le Lipapali
  • Mathata a Lipapali Kajeno
    Tsoha!—1991
  • Lipapali Tsa Lithimi—na li Ntoketse?
    Tsoha!—1996
  • Botichere—Liphello le Likotsi Tsa Bona
    Tsoha!—2002
  • Na ke Lokela ho Kena Thiming ea Lipapali?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 4/8 maq. 14-18

Na Mosebetsi o Lokeloa ke Moputso oa Hae?

BA SHEBE! Ba bonahala ba phela ka thata, hangata e le matlong a lirutha, hangata ba e-na le seo ba se hlokang feela, le hoja ba bangata ba bona ba lula le ho phelisa malapa a bona lichabeng tse ruileng. Ke basebetsi ba tsamaeang, ba ka bang limilione tse hlano United States feela, ba khōlang litholoana le ho kha meroho bakeng sa tse ling tsa likoporasi tse khōlō ka ho fetisisa tsa sechaba.

Sheba ’mele ea bona e metoa le e opang ha ba sebetsa mochesong o bataolang. Ba shebe ha ba leka ho otlolla mekokotlo ea bona ka mor’a ho qeta lihora tse ngata ba iname, ba kha meroho e tla khabisa liraka le meqomo tsa mabenkele a hōle. Ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela le likela, matsatsi a tšeletseng le a supileng ka beke ba ba teng. Bona bana, ba sebetsa lehlakoreng la batsoali ba bona ’me hangata e le lehlakoreng la batsoali ba batsoali ba bona ba hōlileng. Bacha ba bangata ba ntšoa likolong ba sa le banyenyane hobane batsoali ba bona ba fallela moo lijalo li loketseng kotulo khafetsa, nako le nako. Sena sohle e le feela hore ba be le se eang ka maleng.

Na lerata le sa feleng la lifofane tse fofelang tlaase lea u tšoenya ha u ntse u shebeletse basebetsi baa ha ba sehla masimong? Na chefu e bolaeang likokoanyana e kotsi bophelong e tsoang masobeng a lethopo la sefofane seo e etsa hore mahlo a hao le ’mele oa hao li hlohlone le ho ba botsikinyane? Na u tšohile likotsi tsa nakoana le tsa nako e telele? Basebetsi bao ba li tšohile. Ka linako tsohle chefu eo e lula e le liaparong tsa bona, ka linkong tsa bona, ka matšoafong a bona. Ba ’nile ba shebella ha lik’hemik’hale tsena tse kotsi li e-ba le phello e mpe ho bana ba bona le batsoali ba bona ba hōlileng. Ba bone ha litho tsa lelapa le basebetsi-’moho le bona ba qhoala ba sa le bacha ka lebaka la chefu ea likokoanyana.

Ngoana e mong, eo hona joale a leng qalong ea lilemo tsa bocha, o ile a hlaha a e-na le noka e tsoileng malulong, a se na mosifa oa sefuba ka lehlakoreng le letona, ’me lehlakore le leng la sefahleho sa hae le shoele. Ntate oa hae o lumela hore kholofalo ea hae e bakiloe ke chefu e ileng ea tšeloa masimong a monokotšoai ha ’mè oa hae e le moimana. Ho tlalehiloe hore ho pepesehela chefu ea likokoanyana e le hona feela ho ama basebetsi ba 300 000 ka selemo le hore basebetsi ba tsamaeang ba na le tekanyo ea bokooa e fetang ea basebetsi ba indasteri leha e le efe ka makhetlo a mahlano.

Haeba maikutlo a hao a sa angoe feela ke ho ba bona ba sehla masimong kapa ke ho bona maemo a bona a ho phela mek’huk’hung, joale mamela mantsoe a bona. ’Mè e mong oa bana ba supileng oa sisimoha ka mor’a letsatsi le lelelele le boima masimong: “Mosebetsi ona o khathatsa motho habohloko. Mohlomong ke tla hlapa feela ebe kea robala. Ke ile ka robala ho fihlela ka mor’a hora ea bo4 hoseng hona ’me ha kea ka ka fumana nako ea ho etsa lijo tsa motšehare, kahoo ha ke e-s’o je. Hona joale ke khathetse haholo hore nka ja.” Matsoho a hae a tsoile matsoabali. Fereko kapa khaba e ka etsa hore ho ja ho be bohloko.

’Mè e mong o ile a re: “Ka linako tse ling [bana ba rōna] baa re thusa ka mafelo-beke, ’me baa tseba hore na ho joang ho sebetsa masimong. Ha ba batle ho etsa seo e le mosebetsi oa boipheliso.  . . . Ke ntse ke e-na le maqotha-ntja a bakiloeng ke ho khōla lilamunu mariheng a fetileng.” Monna oa hae o ile a re: “Re sebetsa ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela matsatsi a tšeletseng ka beke.  . . . Empa mohlomong re tla etsa sena bophelo ba rōna kaofela. Re tla etsa eng hape?” Banyalani bao hammoho ba amohela feela $10 000a ka selemo-seo ke moputso o tlaase ho latela litekanyetso tsa Amerika.

Basebetsi ba tšaba ho belaela ba tšoha hore ba tla lahleheloa ke mesebetsi ea bona. E mong o ile a re: “Ha u belaela, ba ke ke ba u hira hape.” Ba bangata ba basebetsi bana ba tsamaeang ke banna le bo-ntate ba siileng malapa a bona bakeng sa ho latela lijalo, kaha matlo, ao hangata e leng liahelo tsa matlo a setene sa samente e tsoakiloeng le molora eo ho eona ho lulang basebetsi ba ka bang 300, a litšila le ho tlala haholo bakeng sa litho tse ling tsa malapa a bona. Ntate e mong o ile a re: “Ho ka ba monate ho lula le [lelapa la ka] selemo ho pota, empa sena ke seo ke tlamehang ho se etsa.” E mong o ile a re: “Re se re fihlile kutung. Boemo ba rōna bo ka se mpefale ho feta mona kahoo bo lokela ho ntlafala.” Ho etsa hore boemo bo bobe bo mpefale le ho feta, ba bangata ba bona ba boetse ba amohela se tlaase ho latela tekanyo ea meputso. Ho ba bang, $10 000 ka selemo bakeng sa lelapa la batho ba sebetsang e bonahala e ke ke ea fihleloa, moputso oo ba ke keng ba lebella ho o fihlela. Makasine oa People Weekly o ile oa ngola: “Balemi ba ka lefa meputso ea Linaha tse Hō-lang Moruong ’me ba leleka basebetsi ba sa etseng seo ba bolelloang hore ba se etse.” Jesu o ile a re: “Ea sebetsang o lokeloa ke moputso oa hae.” (Luka 10:7) Basebetsi ba tsamaeang e tlameha ebe baa ipotsa hore na molao-motheo ona o tla sebetsa neng bophelong ba bona.

Ba Rutang Bana ba Rōna

Joale, nahana ka bao mesebetsi ea bona e entseng hore ba be le boikarabelo ba ho ruta bana le batho ba baholo ho bala, ho ngola, ho peleta, lipalo, saense ea motheo, boitšoaro sebakeng sa mosebetsi—likarolo tsa thuto ea motheo. Litsing tsa thuto e phahameng, barupeli ba ruta molao, bongaka, k’hemistri, boenjiniere, theknoloji e rarahaneng, lithuto tse laolang mesebetsi e ruisang mehleng ena ea theknoloji e phahameng. Ka lebaka la bohlokoa bo boholo ba mosebetsi oa botichere, na barupeli baa ba ne ba ke ke ba behoa holimo e le ba lokelang ho amohela moputso o tšoanelang mosebetsi oa bohlokoa oo ba o etsang? Ha ho bapisoa le batho bao meputso ea bona e bonahalang e feta mosebetsi oo ba o etsang, ho ka bonahala hore sechaba se behile tekanyetso e tlaase mosebetsing oa botichere.

Ho ea bofelong ba lekholo lena la bo20 la lilemo, botichere bo fetohile mosebetsi o kotsi haholo libakeng tse ling, eseng feela likolong tse phahameng empa le likolong tse tlaase. Libakeng tse ling matichere a laeloa hore a nke lithupa ha a kena litlelaseng le ha a le mabaleng a ho bapala ho itšireletsa ho bana ba tsoileng taolong. Bana ba sekolo ba lilemo tsohle ba tšoara lithunya le lithipa, ho bona le ka lik’hafothining tsa bona.

Matichere, a banna le a basali, a ’nile a ntšoa kotsi ’meleng ke liithuti. Likolong tse mahareng lilemong tsa morao tjena, matichere a fetang 47 000 le liithuti tse fetang limilione tse 2,5 e bile bahlaseluoa ba tlōlo ea molao. Koranta ea matichere ea NEA Today e ile ea tlaleha: “Bothata bona bo teng hohle, empa bo boholoanyane libakeng tse metseng e meholo, moo selemo se seng le se seng tichere e tobanang le kotsi ea ho hlaseloa hanngoe makhetlong a 50 a ho sokeloa sekolong.” Tšebeliso e atileng ea lithethefatsi le tahi likolong e ekelitse tsieleho ea matichere.

Ho ekeletsa moroalong oa bona, libakeng tse ling matichere a lebeletsoe ho ntšetsa pele thuto ea ’ona ka nako eohle ea ho sebetsa ha ’ona, ho sebelisetsa nako ea ’ona ea phomolo bakeng sa ho etsa lithuto tse eketsehileng kapa ho ea likopanong kapa libokeng tsa matichere a rutang thuto e tšoanang. Empa, na ho ka u makatsa ho tseba hore metseng e meng e meholo United States, meputso ea bahlokomeli ba likolo—ba ikarabellang ho boloka likolo li hloekile le ho li lokisa—e ka feta ea matichere ka $20 000?

Meputso ea matichere e ea fapana ho ea ka linaha, ho ea ka libaka, le ho ea ka litereke. Linaheng tse ling meputso ea matichere e tlaase ka ho fetisisa sechabeng. Esita le linaheng tse ruileng, litlaleho li supa hore bakeng sa boikarabelo bo jeroeng ke barupeli, meputso ea bona ha e lekane tšebetso ea bona.

Joalokaha ho tlalehiloe ho The New York Times, mohlahlobisisi e mong oa meputso ea matichere le barupeli o ile a re: “Mesebetsi e nkoang e hloka boinehelo United States, joaloka botichere . . .  , esale e buseletsoa kapa e putsoa ka tsela e fokolang haholo. Ka linako tsohle sechaba se ne se re, ‘koana, ke [taba] ea bona, ke sona seo ba thabelang ho se etsa.’ Ha ke nahane hore seo ke toka, ebile ha ke nahane hore ke bohlale.” Ka mohlala, nahana ka tlaleho ena e phatlalalitsoeng ho The New York Times: “Meputso ea mafapha a ho ruta le tsamaiso a Likoleche le Liunivesithi selemong sa lithuto sa 1991-92 e ile ea phahama ka tekanyo e tlaase ka ho fetisisa nakong ea lilemo tse 20,” karolelano ea karolo ea 3,5 lekholong. Mofuputsi e mong o ile a hlokomela: “Ha keketseho ea karolo ea 3,5 lekholong e fetoloa bakeng sa ho bapa le matla a chelete, meputso e nyolohile feela ka karolo e fokolang haholo ea 0,4 lekholong.” Ho ameha hoa phahama hore ka lebaka la meputso e tlaase e lefshoang barupeli ba ikarabellang, ba bangata ba tla qobelloa ho tlohela mosebetsi oa ho ruta bakeng sa mesebetsi e lefang hamolemonyana.

Ho Boetse ho na le Lipapali

Mohlala o fapaneng oa meputso e tsoileng taolong ke lefatše la lipapali. Basebetsi ba amohelang meputso e tlaase ba tsamaeang le barupeli ba lefshoang meputso e tlaase ba talima khahlakhahla ea chelete e salang ha ho tsoile lekhetho ea libapali tse tummeng joang?

Na lepolesa le tloaelehileng le phethang mosebetsi oa lona le mosebetsi oa ho tima mollo ea phallelang mokhosing o mong le o mong oa mollo-batho ba behang bophelo ba bona kotsing letsatsi ka leng mosebetsing oa bona—ba thabela meputso e meholo eo libapali tse hloahloa li e lefshoang hobane ho thoe ke linaleli? United States, liofisiri tsa sepolesa tse fetang 700 li bolailoe li le mosebetsing lilemong tse fetileng tse leshome. Likotsi tsa basebetsi ba ho tima mollo le tsona li phahame. Leha ho le joalo, ho hlokometsoe ka kakaretso hore litsebi tsena tse rupetsoeng haholo li lefshoa hanyenyane haholo. Na ba ke ke ba belaella bohlokoa boo sechaba bo se behileng mesebetsing le bophelong ba bona?

Ka mohlala, nahana ka baseball—khoheli e khōlō ea batšehetsi ba lipapali United States, Canada, le Japane. Libapali tse fetang 200 tsa tlhōlisano e khōlō United States feela li amohela ho fetang lidolara tse milione ka selemo. Bofelong ba selemo sa lipapali tsa baseball sa 1992, libapali tse 100 li ile tsa saena litumellano tse li tiisetsang ho amohela lidolara tse limilione tse 516. Har’a tsona, tse 23 li ile tsa saena litumellano tsa chelete e fetang lidolara tse limilione tse 3 ka selemo. Ho fetang meputso ena e tšosang ea libapali tse sa tsejoeng hakaalo ke litumellano tsa libapali tse thahaselloang haholo ke sechaba, tse saenetseng lidolara tse fetang tse limilione tse 43 bakeng sa lilemo tse tšeletseng tsa ho bapala le lidolara tse limilione tse 36 bakeng sa ho bapala ka lilemo tse hlano. Selemo se seng le se seng meputso e lula e phahama, ’me ho etsoa litlaleho tse ncha tsa ba lefshoang meputso e holimo historing ea baseball. Papali ea bolo le eona libapali tsa eona meputso ea tsona e nyolohetse ho $500 000 ka karolelano.

Meputso ena e phahamisa potso, Na ’mali ea tloaelehileng a ka nahana a fumana cheke ea beke le beke ea $62 500? The New York Times e ea tlaleha: “Empa seo ke sona seo libapali tse bapalang moleng o morao tse amohelang limilione tsa lidolara li se etsang beke ka ’ngoe nakong ea libeke tse 16 tsa National Football League. Kapa ho thoe’ng ka sebapali sa baseball se amohelang lidolara tse limilione tse 2, se fumanang cheke ea $75 000 libeke tse ling le tse ling tse peli? Ka mor’a ho ntšoa ha lekhetho, se na le $50 000 ea hore se qheqhebise ho fihlela ka la 15 la khoeli.” Sena ha se akarelletse chelete eo naleli eo ea lipapali e e lefshoang hore lebitso la eona le manehoe thepeng e rekoang, libolo tsa baseball tse nang le mosaeno oa eona, mosaeno bakeng sa batšehetsi, le chelete e amoheloang bakeng sa ho hlaha ka pele ho letšoele, eo ha e kopanngoa e ka etsang limilione. Le mona hape, tichere e lefshoang hanyenyane e lokela ho nahana eng ha chelete eo e e amohelang ka selemo e le ka tlaase ho eo sebapali se e amohelang ka mor’a papali e le ’ngoe?

Ka lebaka la matla a thelevishene, litsebi tsa kolofo, thenese, basketball, le hockey le tsona li kena khapukhapung ea chelete. Likhalala li ka bala meputso ea tsona ka limilione. Sebapali se itlhommeng pele sa hockey se saena tumellano ea lidolara tse limilione tse 42 bakeng sa lilemo tse tšeletseng. Sebapali se seng sa hockey se fumana lidolara tse limilione tse 22 ka lilemo tse fetang tse hlano, karolelano ea lidolara tse limilione tse 4,4 ka selemo sa litlhōlisano tsa hockey esita le haeba a ke ke a bapalla sehlopha sa habo ka lebaka la kotsi kapa ho kula.

Papaling e ’ngoe ea thenese lipakeng tsa libapali tse peli tsa litsebi, se seng e le sa monna se seng e le sa mosali—e ileng ea bitsoa “Ntoa Lipakeng tsa ba Batona le ba Batšehali”—ka bobeli li ile tsa hlōlisana ka mabifi ka lebaleng bakeng sa chelete eo mohlōli a e hapang kaofela e etsang $500 000. Le hoja e motona a ile a hapa moputso oo, ho tlalehoa hore ka bobeli ba ile ba fumana “meqeqekohali ea chelete ea ho hlahella ka pel’a letšoele, e sa kang ea phatlalatsoa empa e ileng ea hakanyetsoa lipakeng tsa $200 000 ho ea ho $500 000 motho ka mong.”

Linaheng tse kang Brithani, Italy, Japane, le Spain, ha ho boleloa tse seng kae, meputso ea libapali tsa litsebi e phahame haholo—lipalo tse nyarosang tsa limilione tsa liranta. Sena se ile sa susumelletsa sebapali se seng sa setsebi sa thenese ho re meputso ea bo-1990 e “hlabisa lihlong.”

Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore libapali tsa litsebi li molato oa meputso ena e phahameng. Ke beng ba lihlopha ba lefang hakaalo bakeng sa talenta ea tsona. Libapali li mpa feela li amohela seo li se fuoang. Libapali li ka ithorisa ka hore ke tsona tse etsang hore batšehetsi ba tšehetse lihlopha. Ka mohlala, selemong sa 1992 sa litlhōlisano tsa baseball le papali ea bolo, ho ile ha e-ba le matšoele a mangata ho feta a kileng a ba teng mabaleng a mangata a lipapali. Sena le tokelo ea ho phatlalatsa e rekoang ke ba thelevishene li etselitse beng ba tsona chelete e eketsehileng. Kahoo, ba bang ba bolela hore libapali li mpa feela li amohela chelete e li loketseng.

Khahlakhahla ea meputso e lefelloang ho otla bolo hore e tšelele ka lehlakoreng le leng la lesakana, hore e kene ka mokotjaneng, kapa ho e otlela ka ntle ho lebala la lipapali, ha ho bapisoa le meputso e tlaase ea basebetsi ba tsamaeang ba sehlang lihora tse ngata letsatsing le chesang ho kotula lijo tsa rōna, ke papiso e soabisang ea tekanyetso ea lintho tse nkoang e le tsa bohlokoa ke sechaba se tsoetseng pele.

Nahana ka patlisiso e ’ngoe e fapaneng, tlaleho ea setsebi se seng se tsebahalang. A sebetsa ka chelete e ka tlaase ho limilione tse peli tsa lidolara bakeng sa phuputso ea ente e thibelang lefu la pholio, rasaense oa Leamerika Jonas Salk le bafuputsi-’moho le eena ba ile ba sehla lihora tse ngata laboratoring ba etsa liente tse ngata-ngata, ba etsa liteko ka makhetlo. Ka 1953, Salk o ile a etsa tsebiso ea ente ea teko. Har’a batho ba pele ba ho amohela ente eo e ne e le Salk, mosali oa hae, le bara ba bona ba bararo. Ho ile ha fumanoa ente eo e sireletsehile ebile e sebetsa. Kajeno, pholio e se e batla e felisitsoe.

Salk o ile a fumana likhau tse ngata bakeng sa ho kenya letsoho ho hlollang thibelong ea lefu lena le bolaeang le le qhoalisang. Empa o ile a hana ho amohela meputso ea chelete. O ile a khutlela laboratoring ea hae ho ea ntlafatsa ente eo. Ka ho hlakileng, moputso oa hae oa sebele e ne e se chelete empa khotsofalo ea ho bona bana le batsoali ba lokolohile tšabong ea kotsi ena e tebileng.

Qetellong, nahana ka ho rutoa litebello tsa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise, moo ho kula, boloetse, le masoabi li tla beng li felisitsoe ka ho sa feleng. Nahana ka meputso e meholo eo matichere a litaba tse monate joalo ka ho utloahalang a neng a ka e phutha. Empa, ho na le barupeli ba joalo, ’me ba ruta mahala! Ha ho na moputso oa chelete bakeng sa bona! Ha Jesu a re ‘basebetsi ba lokeloa ke moputso oa bona,’ o ne a sa bue ka meputso ea matichere ana a litaba tsena tse molemo. (Luka 10:7) O ile a re li tla amohela seo li se hlokang. Ho bao o ile a boela a re: “Le neiloe feela, neang feela.” (Mattheu 10:8) Moputso oa bona e tla ba ofe? Ke sona seo Jesu, motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, a ileng a se tšepisa—bophelo bo sa feleng lefatšeng le hloekisitsoeng, la paradeise. Meputso e baloang ka limilione tsa limilione e ke ke ea lekana le seo!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a $1 = R3,32 bonyane.

[Lebokose le leqepheng la 17]

Chelete, Botumo, Kapa Lithethefatsi—Hofe?

Khoheli ea botumo le limilione tsa liiranta tse ka amoheloang lipapaling tsa litsebi e susumelelitse bacha ho retelehela tšebelisong ea maro a eketsang matla a mesifa ho eketsa matla bakeng sa ho hōlisa ’mele e shahlileng le mesifa e metenya ka nako e khutšoaane ka ho sa tloaelehang. Dr. William N. Taylor, setho sa Lenaneo la Taolo ea Lithethefatsi la Liolimpiki la United States, o ile a lemosa hore tšebeliso ea lithethefatsi tsena e fihletse “litekanyetso tsa seoa.” Ho hakanyetsoa hore United States feela, bacha ba ka bang 250 000 ba sebelisa maro a eketsang matla a mesifa.

Sebapali se seng sa setsebi sa papali ea bolo se ile sa re: “Khatello ea ho sebelisa maro a eketsang matla a mesifa kolecheng e khōlō haholo. Libapali ha li nahane ka lilemo tse 20 hamorao hore na liphello e tla ba life haeba li sebelisa maro a eketsang matla a mesifa. Ha li nahane ka matsatsi a 20 hamorao, haholo-holo ha li sa le kolecheng. Qeto ea kelello ea sebapali, haholo-holo lilemong tsa bocha, ke hore: Ke tla etsa sohle se hlokahalang hore ke ho finyelle.”

E mong ea lakatsang ho ba sebapali sa bolo sa setsebi o ile a re: “Haeba ke batla ho ba sebapali, ke tlameha ho a sebelisa. . . . Ho na le tlhōlisano e khōlō ka kamoreng ea ho ikoetlisa ka litšepe. U batla ho ba mohōloanyane le ho ba matlanyana selemo ka seng, ’me u bona mathaka a mang a finyella sena, ’me le uena u batla ho se finyella. Mohopolo o joalo o ipha matla.” Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe maikutlo a joalo, sebapali seo, ntle le ho sebelisa maro a eketsang matla a mesifa, se ile sa fetoha ntho eo se neng se e batla—setsebi sa bolo. Se lumela hore maro a eketsang matla a mesifa a “kotsi papaling ho feta lithethefatsi tsa seterateng.”

Ho ngotsoe meqolo e mengata eseng feela ke lingaka empa hape ke ba bileng le liphello tse kotsi ka ho tšabehang tsa maro a eketsang matla a mesifa le lithethefatsi tse ling tse fang ’mele matla. Liphello tse tebileng ka ho fetisisa li ile tsa fella ka lefu.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Basebetsi ba tsamaeang ba kotula konofolo Gilroy, California

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Camerique/H. Armstrong Roberts

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Na matichere akeke a behoa holimo e le a lokeloang ke moputso oa ’ona?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Libapali tse fetang 200 tsa tlhōlisano e khōlō ea baseball United States feela li amohela ho fetang lidolara tse milione ka selemo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Focus On Sports

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela