Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 6/8 leq. 16
  • Na Bibele e Nyatsa Bolokolohi ba Maikutlo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bibele e Nyatsa Bolokolohi ba Maikutlo?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Rata Jehova ka Khopolo ea Hao Eohle’
  • Mohato oa Pele oa Boitšireletso
  • ‘Tsohle li Senohile’
  • Bolokolohi ba ’Nete ba Maikutlo
  • Batho ba Lokolohileng Empa ba Tla Ikarabella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Tokoloho e Thabeloang ke Barapeli ba Jehova
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Sebeletsa Jehova, Molimo oa Tokoloho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • U se ke Ua Lahleheloa ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 6/8 leq. 16

Pono ea Bibele

Na Bibele e Nyatsa Bolokolohi ba Maikutlo?

MALAKABE a re lai ho ea holimo ha tetema ea mollo e senya libuka tsa bohlokoa tse ntseng li akheloa ho oona ke liofisiri tsa Jeremane. Ntho e bonoang Jeremane ea Nazi? E, empa e ka boela ea e-ba ntho e neng e ka bonoa selemong sa 1199, ha moarekabishopo oa Roma e K’hatholike a laela hore Libibele tsohle tsa puo ea Sejeremane li chesoe.

Ha e le hantle, liketsahalo tsa ho chesa libuka—pontšo ea bokahohle ea khatello ea tokoloho ea maikutlo le puo—li etsahetse linaheng tse ngata le ka makholo a mangata a lilemo. Hangata, ho ’nile ha hlohlelletsoa ke baeta-pele ba bolumeli ba neng ba tšaba phello eo bolokolohi ba maikutlo bo neng bo tla ba le eona ho batho feela ba tloaelehileng.

Ha ho makatse ha kajeno ba bangata ba nahana hore Bibele e laela lithibelo tse tiileng khahlanong le maikutlo a bohlale. Empa na ka sebele e etsa joalo? Na Bibele e khothalletsa lithibelo bolokolohing ba maikutlo?

‘Rata Jehova ka Khopolo ea Hao Eohle’

Bibele ha e nyatse ho sebelisa kelello. Ha e le hantle, Jesu o ile a khothalletsa e mong le e mong oa rōna ho ‘rata Jehova ka khopolo ea rōna eohle.’ (Mareka 12:30) Tšebeletso ea hae e bontša hore o ne a e-na le thahasello e khōlō liketsahalong tsa mehleng eo (Luka 13:1-5), baeloji (Mattheu 6:26‚ 28; Mareka 7:18‚ 19), temo (Mattheu 13:31‚ 32), le tšekamelo ea botho (Mattheu 5:28; 6:22-24). Lipapiso tsa hae li bontša hore ka ho hlakileng o ne a utloisisa melao-motheo e Lentsoeng la Molimo le semelo le monahano oa bamameli ba hae le hore o ne a nahana ka hloko hore na a ka momahanya bamameli ba hae le lona joang.

Pauluse o ile a kōpa Bakreste bohle ho fana ka tšebeletso ea bona ho Molimo ka ‘matla a bona a ho beha mabaka.’ (Ba-Roma 12:1, NW) O ile a khothalletsa Bathessalonika hore ba se lumelle ‘lipolelo tse bululetsoeng tse khelosang ho ba sisinya mokhoeng oa bona oa ho nahana.’ (2 Ba-Thessalonika 2:2, NW) O ne a e-na le tsebo e itseng ea bothothokisi ba Segerike le Secrete (Liketso 17:28; Tite 1:12) le thepa ea sesole le litsamaiso (Ba-Efese 6:14-17; 2 Ba-Korinthe 2:14-16). ’Me o ne a ela hloko meetlo ea sebaka seo a leng ho sona.—Liketso 17:22, 23.

Le hoja Jesu le Pauluse ba ne ba e-na le bolokolohi bo bongata hakaalo ba maikutlo, ba ne ba sa italime e le balaoli ba ka sehloohong ba se nepahetseng le se fosahetseng. Ho e-na le ho hana Bibele bakeng sa ho itšetleha ka ho beha mabaka ha hae, Jesu ka makhetlo o ile a qotsa Mangolong. Karabo ea hae e potlakileng le e tobileng ha Petrose a mo phehella ho nahana ka tsela e fapaneng le ea lefu la ho ba sehlabelo leo e neng e le thato ea Molimo bakeng sa hae e bontša hore o ne a ke ke a nahana le ka tšekamelo eo ea monahano. (Mattheu 16:22, 23) Ka ho tšoanang, Pauluse o ile a bolella Bakorinthe: “Ha ke ne ke e-tla ho lōna, e ne e se ka pontšo ea tsebo ea ho bua phatlalatsa kapa filosofi, empa feela ho le bolella seo Molimo a se tiisitseng.” (1 Ba-Korinthe 2:1, The Jerusalem Bible) Joaloka Jesu, ho beha mabaka ha hae ho ne ho thehiloe ka ho feletseng Mangolong.—Liketso 17:2.

Bibele e khothalletsa ho sebelisa matla a motho a monahano ka ho felletseng empa e se ka ho lokolohileng ka ho felletseng. Leha ho le joalo, moroalo oa boikarabelo ba ho boloka monahano oa rōna tumellanong le oa Jehova o jarisitsoe Mokreste ka mong, eseng phutheho. Kahoo, ha Baefese ba ’maloa ba hlanohela phatlalatsa tšebelisano ea bona le meea ’me e e-ba Bakreste, Pauluse ha aa ka a inkela molao matsohong ho chesa libuka tsa bona, empa “ba ’maloa ba bona ba neng ba ile ba sebelisana le meea ba ile ba bokella libuka tsa bona ’me ba etsa tetema ea mollo ka tsona phatlalatsa.” (Liketso 19:19, JB) Ke hobane’ng ha Bakreste baa ba ile ba fumana ho hlokahala ho chesa libuka tsa bona?

Mohato oa Pele oa Boitšireletso

Nahana ka papiso ena. Tšireletso e atlehileng ea sesole hangata e akarelletsa mela e ’maloa ea tšireletso. Ha ho molaoli oa sesole ea atlehileng ea ka utloang hore o mong oa eona ha o na bohlokoa ’me o lokela ho neheloa ka ntle le ho loana. Ntoeng ea Mokreste khahlanong le sebe, le teng ho na le mela e seng mekae ea tšireletso.

Jakobo 1:14‚ 15 e bolela hore “motho e mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae. ’Me takatso hoba e emare, e tsoala sebe.” Mohato oa pele mabapi le sebe ke ho hlaolela takatso e mpe ka kelellong. Kahoo, mohato oa pele oa tšireletso ke ho balehela ho hlaolela takatso eo—hore motho a laole monahano oa hae.

Ke ka lebaka la kopano ena lipakeng tsa menahano le liketso Bibele e re lemosang: “Hopolang lintho tse holimo, e seng tse lefatšeng.” (Ba-Kolosse 3:2) Ha Bakreste ba hana ho lula ba nahana ka boitšoaro bo litšila, ho sebelisana le meea, kapa bokoenehi, ba etsa qeto ena, e se hobane ba tšaba hore likhopolo tsena li ka ’na tsa ipaka li phahametse linnete tsa Bibele, empa hobane ba lakatsa ho qoba ntho efe kapa efe e ka ba hulelang tseleng ea ho etsa sebe.

‘Tsohle li Senohile’

Lebaka le leng la bohlokoa la hore re laole monahano oa rōna ke lerato la rōna ho Jehova le tlhompho ea matla a Jehova a ho tseba menahano ea rōna. Nka hore u ne u e-na le motsoalle eo u mo ratang kapa mong ka uena ea neng a angoa haholo ke litšila kapa lerole. Na u ne u tla khaotsa ho memela motsoalle oa hao ha hao, u sa ikemisetsa ho etsa tlhoekiso e eketsehileng eo ntlo ea hao e e hlokang? Na lerato le ne le ke ke la u susumelletsa ho etsa boiteko bo eketsehileng bo hlokahalang ba ho boloka lintho li hloekile? Ho angoa ha Jehova ke menahano ea rōna e ka hare ho bontšoa ho Pesaleme ea 44:21: “O tseba makunutu a lipelo.” Pauluse o ile a re rea ikarabella bakeng sa menahano eo: “Ha ho sebopuoa se seng pepeneneng ho oona; empa tsohle li hlobotse, li senohile mahlong a eo re nang le litaba le eena.”—Ba-Heberu 4:13; Pesaleme ea 10:4; Liproverbia 6:16‚ 18.

Jobo o ile a lumela boikarabelo ba motho ho Molimo bakeng sa menahano ea hae. “Jobo . . . a hlabe mahlabelo a licheso . . . ; hobane Jobo o na a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitiloe ka ho lebala Molimo lipelong tsa bona.” (Jobo 1:5) Monahano oa boikemisetso oa tsela e fosahetseng ka booona o ka talingoa ke Jehova e le sebe.—Bapisa le Exoda 20:17.

Bolokolohi ba ’Nete ba Maikutlo

Bibele e khothalletsa Mokreste e mong le e mong ho ipehela pakane ea ho “hapa mehopolo eohle, e tle e utloe Kreste.” (2 Ba-Korinthe 10:5) Sena se finyelloa, eseng ka lithibelo tse behoang ke baeta-pele ba bolumeli, empa ka ho sebelisa ha motho boitšoaro le ka lerato la hae le kutloisiso bakeng sa Jehova le melao-motheo ea Hae. Ka ho finyelloa ha pakane ena ho tla bolokolohi ba ’nete ba maikutlo, bo lekanyelitsoeng feela ke litekanyetso tsa bomolimo le bo tsosolosoang ke thabo ea ho tseba hore, le menahanong ea rōna, re khahlisa Jehova.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From the book Bildersaal deutscher Geschichte

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela