Ha Rea Tšehetsa Ntoa ea Hitler
JOALOKAHA HO BOLETSE FRANZ WOHLFAHRT
NTATE oa ka, Gregor Wohlfahrt, o ile a sebeletsa lebothong la Austria nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše (1914 ho fihlela ka 1918) ’me a loana khahlanong le Italy. Ka kakaretso, ho ile ha bolaoa baahi ba likete tse makholo ba Austria le Italy. Sehlōhō sa phihlelo eo se ile sa fetola pono ea Ntate ka bolumeli le ntoa ka ho feletseng.
Ntate o ne a ile a bona baprista ba Austria ba hlohonolofatsa mabotho, ’me o ile a utloela hore ka lehlakoreng le leng baprista ba Italy le bona ba ne ba etsa se tšoanang. Kahoo o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha masole a K’hatholike a phehelloa ho bolaea Mak’hatholike a mang? Na Bakreste ba tlameha ho loantšana?” Baprista ba ne ba hloka likarabo tse khotsofatsang.
Likarabo Lipotsong tsa Ntate
Hoba ntoa e lale Ntate o ile a kena lenyalong ’me a ea aha lithabeng tsa Austria haufi le meeli ea Italy le Yugoslavia. Ke hlahetse moo ka 1920, ’me ke ’na letsibolo la bana ba tšeletseng. Ha ke le lilemo tse tšeletseng, re ile ra fallela lik’hilomithara tse seng kae ka bochabela ho St. Martin haufi le toropo ea boikhathollo le boithabiso ea Pörtschach.
Ha re ntse re lula moo, basebeletsi ba Lipaki tsa Jehova (bao nakong eo ba neng ba bitsoa Liithuti tsa Bibele) ba ile ba etela batsoali ba ka. Ka 1929 ba ile ba siea bukana Prosperity Sure, e ileng ea arabela lipotso tsa Ntate tse ngata. E ile ea bontša ka Bibele hore lefatše le laoloa ke ’musi ea sa bonahaleng ea bitsoang Diabolose le Satane. (Johanne 12:31; 2 Ba-Korinthe 4:4; Tšenolo 12:9) Tšusumetso ea hae bolumeling, lipolotiking le khoebong ea lefatše lena ke tsona tse neng li ikarabella bakeng sa lihlōhō tseo Ntate a li boneng Ntoeng ea I ea Lefatše. Qetellong Ntate o ne a fumane likarabo tseo a ’nileng a li batla.
Tšebeletso e Mafolo-folo
Ntate o ile a odora lingoliloeng ho Watch Tower Bible and Tract Society ’me a qala ho li abela beng ka eena joale eaba o li aba ka ntlo le ntlo. Hans Stossier, moahisani e mocha ea lilemo li 20 feela le eena o ile a kopanela le eena tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Kapele-pele, beng ka rōna ba bahlano le bona ba ile ba fetoha Lipaki—rangoane Franz, mosali oa hae Anna, ’me hamorao mor’a bona Anton, rakhali Maria, le monna oa hae Hermann.
Sena se ile sa tsosa morusu o moholo toropong e nyenyane ea habo rōna ea St. Martin. Sekolong seithuti se ile sa botsa tichere ea rōna ea K’hatholike, “Ntate Loigge, molimo ona o mocha Jehova oo Wohlfahrt a o rapelang ke mang?”
Moprista o ile a arabela: “Che, che, bana. Hase molimo o mocha. Jehova ke Ntat’a Jesu Kreste. Haeba ba susumetsoa ke lerato ho Molimo oo bakeng sa ho bolela lentsoe, ke hantle haholo.”
Ke hopola ka makhetlo a mangata ntate a tloha lapeng ka 1:00 hoseng a nkile Bibele le lingoliloeng le sandwich. Lihora tse tšeletseng kapa tse supileng hamorao, o ne a fihla karolong e hōle ea tšimo eo a neng a bolela ho eona, haufi le moeli oa Italy. Ke ne ke tsamaea le eena maetong a makhutšoanyane.
Ho sa tsotellehe tšebeletso ea hae ea phatlalatsa, Ntate ha a ka a hlokomoloha litlhoko tsa moea tsa lelapa la hae. Ha ke le lilemo tse ka bang leshome, o ile a qalisa thuto ea kamehla ea beke le beke ea Bibele le bana bohle ba tšeletseng, a sebelisa buka The Harp of God. Ka linako tse ling ntlo ea lapeng e ne e tlala baahisani ba thabelang hammoho le beng ka rōna. Kapele-pele ho ne ho e-na le phutheho ea baboleli ba ’Muso ba 26 toropong ea habo rōna e nyenyane.
Hitler E-ba ’Musi
Hitler e bile ’musi oa Jeremane ka 1933, ’me ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova ho ile ha eketseha kapele-pele ka mor’a moo. Ka 1937, Ntate o bile teng kopanong ea Prague, Czechoslovakia. Ba tlileng kopanong ba ile ba hlokomelisoa ka liteko tse neng li larile ka pele, kahoo ho khutleng ha hae, Ntate o ile a re phehella kaofela ho itokisetsa tlhoriso.
Khabareng, ha ke le lilemo tse 16, ke ile ka qala ho ithuta ho ba mapentane. Ke ne ke lula le mapentane oa setsebi ’me ke ile ka kena sekolo sa mosebetsi oa matsoho. Moprista ea hōlileng ea ileng a baleha Jeremane ho phonyoha puso ea Nazi o ne a tšoara lithuto tsa bolumeli sekolong. Ha liithuti li mo lumelisa ka hore “Heil Hitler!” o ne a bontša ho se thabe le ho botsa: “Ho etsahala’ng ka tumelo le botšepehi ba rōna?”
Ke ile ka sebelisa monyetla ona le ho botsa lebaka leo Mak’hatholike a sebelisang litlotla tse kang “Mobabatsehi” le “Ntate ea Halalelang,” kaha Jesu a boletse hore balateli ba hae bohle ke baena. (Mattheu 23:8-10) Moprista o ile a lumela hore ho etsa sena ho ne ho fosahetse le hore eena ka sebele o ile a kena khathatsong ka ho hana ho khumama ka pel’a mobishopo le ho aka letsoho la hae. Joale ke ile ka botsa: “Ho tla joang hore Mak’hatholike-’moho a bolaeane ’me Kereke e hlohonolofatse polao?”
Moprista o ile a re: “Hona ke mahlabisa-lihlong a maholo ka ho fetisisa! Ha aa tlameha ho etsahala hape. Re Bakreste ’me Kereke ha ea lokela ho ameha ntoeng.”
Ka la 12 March, 1938, mabotho a Hitler a ile a ikakhela ntle le ho thibeloa Austria ’me kapele-pele a e etsa karolo ea Jeremane. Likereke li ile tsa potlakela ho mo tšehetsa. Ha e le hantle, nakong e ka tlaase ho beke hamorao, babishopo bohle ba tšeletseng ba Austria ho akareletsa le mok’hadinale Theodore Innitzer ba ile ba saena “phatlalatso e tiileng” e ratehang ka ho fetisisa moo ba boletseng hore likhethong tse tlang “ke tlamo le mosebetsi oa sechaba hore rōna joaloka Majeremane, Babishopo, re voutele Puso ea Jeremane.” Ho bile le mokete o moholo oa kamohelo Vienna moo Mok’hadinale Innitzer a neng a le har’a ba pele ho lumelisa Hitler ka tumeliso ea Nazi. Mok’hadinale o ile a laela hore likerekeng tsohle tsa Austria ho fokaele folaga ea swastika, ho letsoe litšepe, ’me ho rapelloe mohatelli oa Nazi.
Boikutlo ba bopolotiki bo ile ba fetoha ka tšohanyetso Austria. Masole a apereng junifomo e sootho e nang le lesela la swastika a ile a ropoha ka bongata. Moprista eo pelenyana a boletseng hore Kereke ha ea lokela ho ameha ntoeng e bile e mong oa baprista ba seng ba kae ba ileng ba hana ho re, “Heil Hitler!” Bekeng e latelang moprista e mocha o ile a nka sebaka sa hae. Ntho ea pele eo a ileng a e etsa ha a kena tlelaseng e bile ho etsa lerata le kang tumeliso ea sesole ka lieta tsa hae, a phahamisitse letsoho a lumelisa ka ho re: “Heil Hitler!”
Khatello ea ho Sekisetsa
Batho bohle ba ne ba pepesehetse khatello ea Manazi. Ha ke lumelisa batho ka tumeliso e reng “Guten Tag” (Lumelang) ho e-na le ho re “Heil Hitler,” ba ne ba halefa. Ka makhetlo a ka bang 12 ke ile ka tlalehoa ho Gestapo. Ka nako e ’ngoe sekhakhathahali sa masole se ile sa tšosa mapentane oa setsebi eo ke neng ke lula le eena, sa bolela hore haeba ke sa lumelise ka tumeliso ea sesole le ho kenela Mokhatlo oa Bacha oa Hitler, ke ne ke tla isoa kampong ea mahloriso. Mapentane, motšehetsi oa Nazi, o ile a a kōpa hore ba be le mamello kaha a ne a kholisehile hore qetellong ke tla fetoha. O ile a hlalosa hore ha a batle ha nka mo lahlehela kaha ke ne ke le mosebeletsi ea molemo.
Ka lebaka la ho nka puso ha Nazi, ho bile le mekoloko e mengata ea ho macha e ileng ea tsoela pele ho fihlela bosiu, ’me ka cheseho e khōlō batho ba ne ba hoeletsa mapetjo. Letsatsi le letsatsi seea-le-moea se ne se hasa lipuo tsa Hitler, Goebbels le ba bang. Boikokobetso ba Kereke e K’hatholike ho Hitler bo ile ba teba hobane hangata baprista ba ne ba rapella Hitler le ho mo hlohonolofatsa.
Ntate o ile a nkhopotsa ka bohlokoa ba ho nka bohato bo tiileng le ho nehela bophelo ba ka ho Jehova le ho kolobetsoa. O bile a bua le ’na ka Maria Stossier, khaitseli e nyenyane ea moahisani oa rōna Hans, ea ileng a nka bohato bo tiileng bakeng sa ’nete ea Bibele. ’Na le Maria re ne re lumellane ho nyalana, ’me Ntate o ile a mphehella hore ke mo khothatse moeeng. ’Na le Maria re ile ra kolobetsoa ke moena oa hae Hans ka August 1939.
Mohlala oa Ntate oa Botšepehi
Letsatsing le hlahlamang Ntate o ile a bitsetsoa tšebeletsong ea sesole. Le hoja bophelo ba hae bo fokolang, bo bakiloeng ke mathata nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, bo ka be bo ile ba mo thibela ho sebeletsa sesoleng, Ntate o ile a bolella ba neng ba buisana le eena hore joaloka Mokreste le ka mohla a ke ke a ameha hape ntoeng joaloka nakong eo e neng e le Mok’hatholike. Ka lebaka la tlhaloso ena o ile a tšoaroa bakeng sa ho hlongoa lipotso tse eketsehileng.
Beke hamorao ha Jeremane e hlasela Poland, e leng se ileng sa qalisa Ntoa ea II ea Lefatše, o ile a isoa Vienna. Ha a ntse a tšoeroe moo, ramotse oa setereke sa rōna o ile a ngola hore Ntate ke eena ea ikarabellang bakeng sa hore Lipaki tse ling li hane ho tšehetsa Hitler le hore Ntate o lokela ho bolaoa. Ka hona, Ntate o ile a isoa Berlin ’me kapele ka mor’a moo o ile a ahloleloa ho khaoloa hlooho. O ile a lula a tlanngoe ka liketane motšehare le bosiu teronkong ea Moabit.
Khabareng ke ile ka ngolla Ntate lebitsong la lelapa le ho ’molella hore re ikemiselitse ho latela mohlala oa hae oa botšepehi. Ka tloaelo Ntate e ne e se motho oa maikutlo, empa re ile ra bona kamoo a ileng a ikutloa kateng ha lengolo la hae la ho qetela ho rōna le ne le e-na le maqapha-qapha a meokho. O ne a thabile haholo hobane re utloisisa boemo ba hae. O ile a romela mantsoe a khothatso, a bitsa e mong le e mong oa rōna ka lebitso le ho re phehella ho boloka botšepehi. Tšepo ea hae tsohong e ne e le matla.
Ntle ho Ntate, Lipaki tse ka bang 24 li ne li koaletsoe teronkong ea Moabit. Liofisiri tse phahameng tsa Hitler li ne li leka ho li phehella ho sekisetsa tumelo ea tsona empa ha lia ka tsa atleha. Ka December 1939, Lipaki tse ka bang 25 li ile tsa bolaoa. Ha re utloela ka polao ea Ntate, ’Mè o ile a bontša teboho ea hae ho Jehova hore ebe O ile a neha Ntate matla a ho lula a tšepahetse ho fihlela lefung.
Liteko tsa ka li ea Simolla
Libeke tse seng kae hamorao, ke ile ka bitsetsoa sesoleng empa ka potlako ka hlokomela hore mosebetsi o ka sehloohong e ne e le ho koetlisetsoa bosole. Ke ile ka hlalosa hore nke ke ka sebeletsa bosoleng empa nka etsa mesebetsi e meng. Leha ho le joalo, ha ke hana ho bina lipina tsa Nazi tsa ntoa, liofisiri li ile tsa halefa haholo.
Letsatsing le hlahlamang ke ile ka hlahela ke ikaparetse liaparo tse tloaelehileng ho e-na le junifomo ea sesole e neng e fanoe ka molao. Ofisiri e ikarabellang e ile ea bolela hore ha e na khetho e ’ngoe ha e se ho nkisa teronkong. Moo ke ile ka phela ka bohobe le metsi feela. Hamorao ke ile ka bolelloa hore ho tla ba le mokete oa ho lumelisa folaga, ’me ke ile ka hlokomelisoa hore ho hana ho kopanela ho tla fella ka hore ke thunngoe.
Mabaleng a boikoetliso ho ne ho e-na le ba thaothuoeng ba 300 hammoho le liofisiri tsa sesole. Ke ile ka laeloa hore ke fete pel’a liofisiri le folaga ea swastika le ho lumelisa ka tumeliso ea Hitler. Ka ho fumana matla a moea tlalehong ea Bibele ea Baheberu ba bararo, ke ile ka re feela, “Guten Tag” (Lumelang), ha ke feta. (Daniele 3:1-30) Ke ile ka laeloa hore ke fete moo hape. Lekhetlong lena ha kea ka bua letho haese ho bososela feela.
Ha liofisiri tse ’nè li nkhutlisetsa teronkong, li ile tsa mpolella hore li ne li tšohile hobane li ne li lebelletse hore ke tla thunngoa. Li ile tsa botsa: “Ho tlile joang hore u bososele ha rōna re ne re tsielehile?” Li ile tsa bolela hore li lakatsa eka li ka be li e-na le sebete se tšoanang le sa ka.
Matsatsi a seng makae hamorao, Dr. Almendinger, ofisiri e phahameng e tsoang ntlo-khōlō ea Hitler Berlin e ile ea fihla kampong. Ke ile ka bitsetsoa ka pel’a eona. E ile ea hlalosa hore melao e ne e thatafetse haholoanyane. E ile ea re: “Ha u hlokomele mathata ao u tla tobana le oona.”
Ke ile ka araba: “Che, kea hlokomela. Ntate o bolailoe ka lebaka le tšoanang libeke tse seng kae tse fetileng.” E ile ea tsieleha ’me ea thola.
Hamorao ofisiri e ’ngoe e phahameng e tsoang Berlin e ile ea fihla, ’me ho ile ha etsoa boiteko bo eketsehileng ba ho fetola monahano oa ka. Ka mor’a ho utloa lebaka leo nke keng ka tlōla melao ea Molimo, e ile ea ntšoara ka letsoho, ’me e keleketlisa meokho, e ile ea re: “Ke batla ho pholosa bophelo ba hao!” Liofisiri tsohle tse neng li shebile li ile tsa ameha haholo. Ke ile ka khutlisetsoa teronkong moo ke ileng ka lula kakaretso ea matsatsi a 33.
Nyeoe le Teronko
Ka April 1940, ke ile ka isoa teronkong ea Fürstenfeld. Matsatsi a seng makae hamorao, kharebe ea ka Maria, le moena oa ka Gregor, ba ile ba nketela. Gregor o ne a le monyenyane ho ’na ka selemo le halofo feela, ’me le eena o ne a nkile bohato bo tiileng bakeng sa ’nete ea Bibele sekolong. Ke hopola a khothalletsa baena ba bacha ho itokisetsa tlhoriso, a bolela hore ho sebeletsa Jehova ke eona feela ntho e ka etsoang! Hora eo re ileng ra e qeta re khothatsana e bile lekhetlo la ho qetela ke ’mona a phela. Hamorao ke ile ka ahloleloa lilemo tse hlano ke sebetsa ka thata Graz.
Bofelong ba 1940 ke ile ka kenngoa tereneng e eang kampong ea mosebetsi o thata Czechoslovakia, empa ke ile ka thibeloa Vienna le ho kenngoa teronkong moo. Maemo a moo a ne a tšabeha. Ke ne ke sa bolaoe ke tlala feela, empa bosiu ke ne ke longoa ke litšitšili tse khōlō tse neng li ntšiea ke tsoa mali le ho hlohlona habohloko. Ka mabaka ao ke sa a tsebeng, ke ile ka khutlisetsoa teronkong ea Graz.
Ho bile le maemo a thahasellisang tabeng ea ka hobane Gestapo e ne e hlalosa hore Lipaki tsa Jehova ke bashoela-tumelo ba chesehang ka ho feteletseng ka morero oa hore li fumane kahlolo ea lefu molemong oa hore li fumane moputso oa ho tsosetsoa leholimong. Ka lebaka leo, ka matsatsi a mabeli ke bile le monyetla o motle oa ho bua ka pel’a moprofesa le liithuti tse robeli tse tsoang Univesithing ea Graz, le ho hlalosa hore ke batho ba 144 000 feela ba tla nkeloa leholimong ho ea busa le Kreste. (Tšenolo 14:1-3) Ke ile ka bolela hore tšepo ea ka e ne e le ho thabela bophelo bo sa feleng maemong a paradeise lefatšeng.—Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4.
Ka mor’a matsatsi a mararo ke hlongoa lipotso, moprofesa o ile a re: “Ke fihletse qeto ea hore u batla ho phela lefatšeng eseng leholimong. Hase takatso ea hao hore u shoe le ho ea leholimong.” O ile a hlalosa ka masoabi a hae ka ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova le ho ntakaletsa se molemo nakong e tlang.
Mathoasong a 1941, ke ile ka iphumana ke palame terene e eang kampong ea mosebetsi o thata ea Rollwald, Jeremane.
Bophelo bo Boima Kampong
Rollwald e ne e le mahareng a metse ea Frankfurt le Darmstadt ’me ho ne ho e-na le batšoaruoa ba ka bang 5 000 moo. Letsatsi ka leng le ne le qala ka 5:00 hoseng ka ho bitsoa ha mabitso a batšoaruoa ka tsela e lenama haholo, ’me ho ne ho nka lihora tse ka bang peli hobane liofisiri li ne li lieha ho bitsa mabitso. Ho ne ho hlokahala hore re eme re sa sisinyehe ho hang, ’me batšoaruoa ba bangata ba ile ba otloa habohloko ka lebaka la ho se eme ba sa sisinyehe ho hang.
Lijo tsa hoseng e ne le bohobe bo entsoeng ka folouru, lerole la mapolanka, le litapole tseo hangata li neng li bolile. Joale re ile ra ea sebetsa mokhoabong re cheka liforo tsa ho nosetsa. Hoba re sebetse letsatsi lohle mokhoabong re sa roala lieta, maoto a rōna a ne a ruruha joaloka seponche. Ka nako e ’ngoe maoto a ka a ile a ba le seo ho neng ho bonahala eka ke mofetše, ’me ke ile ka tšoha hore mohlomong a tla pongoa.
Thapama sebakeng sa mosebetsi, re ne re fuoa motsoebere oa sopho eo ho etsoang liteko ka eona. E ne e-na le tatso ea rapa kapa k’habeche ’me ka linako tse ling e ne e tšeloa litopo tsa liphoofolo tse nang le mafu. Melomo ea rōna le liqoqotho li ne li hoaea-hoaea, ’me ba bangata ba ile ba tsoa mathopa a maholo. Mantsiboea re ne re fumana “sopho” e eketsehileng. Batšoaruoa ba bangata ba ile ba tsoa meno, empa ’na ke ne ke boleletsoe bohlokoa ba ho boloka meno a ntse a sebetsa. Ke ne ke hlafuna sekotoana sa patsi ea phaene kapa thutsoana ea hazel ’me meno a ka ha aa ka a tsoa.
Ho Ipoloka ke le Matla Moeeng
Boitekong ba ho senya tumelo ea ka, balebeli ba ile ba ntlosa hore ke se be le kamano le Lipaki tse ling. Kaha ke ne ke se na lingoliloeng tsa Bibele, ke ne ke hopola mangolo ao ke ’nileng ka ithuta ’ona ka hlooho a kang Liproverbia 3:5, 6, e re phehellang ho ‘tšepa Jehova ka pelo ea rōna eohle,’ le 1 Ba-Korinthe 10:13, e tšepisang hore Jehova a ‘ke ke a lumela hore re hlaheloe ke teko eo re ka sitoang ho e mamella.’ Ka ho ikhopotsa mangolo a joalo le ka ho itšetleha ka Jehova ka thapelo, ke ile ka matlafala.
Ka linako tse ling ke ne ke khona ho bona Paki e neng e isoa kampong e ’ngoe. Haeba re ne re sa fumane monyetla oa ho bua, re ne re khothatsana hore re eme re tiile ka ho ōma hlooho kapa ho phahamisa feisi. Hangata ke ne ke amohela mangolo a tsoang ho Maria le ’Mè. Ho le leng ke ile ka utloela ka lefu la moena oa ka Gregor ea ratehang, ’me ho le leng, ho ea bofelong ba ntoa, ke ile ka utloa ka polao ea khaitseli ea Maria, Hans Stossier.
Hamorao, kampong ea rōna ho ile ha tlisoa motšoaruoa ea neng a tsebana le Gregor ho tloha teronkong ea Moabit, Berlin. Ke ile ka utloa makolopetso a se etsahetseng ho eena. Gregor o ne a ahloletsoe ho bolaoa ka guillotine, empa boitekong ba ho senya botšepehi ba hae, mokhoa o tloaelehileng oa ho leta nako e telele pele ho polao o ile oa eketsoa ho ba likhoeli tse ’nè. Nakong eo mefuta eohle ea khatello e ne e sebelisoa ho leka hore a sekisetse—o ne a tlanngoe ka liketane tse boima matsohong le maotong, ’me o ne a bolaisoa tlala. Leha ho le joalo, le ka mohla ha a ka a sisinyeha. O ile a tšepahala ho fihlela qetellong—la 14 March, 1942. Le hoja ke ile ka sithabetsoa ke litaba tseo, ke ile ka matlafatsoa hore ke lule ke tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe se etsahalang.
Ho sa le joalo ke ile ka utloela hore banab’eso ba banyenyane Kristian le Willibald le likhaitseli tsa ka tse nyenyane, Ida le Anni, ba ne ba isitsoe lehaeng la baitlami le neng le sebelisoa e le teronko Landau, Jeremane. Bashemane bana ba ne ba tetekiloe habohloko hobane ba hana ho lumelisa Hitler.
Menyetla ea ho Paka
Boholo ba batšoaruoa ba neng ba le liahelong tsa sesole moo ke neng ke le teng e ne e le ba lipolotiki le batlōli ba molao. Hangata ke ne ke ba pakela mantsiboea. E mong e ne e le moprista oa K’hatholike ea bitsoang Johann List ea neng a tsoa Kapfenberg. O ne a tšoaretsoe ho bua le phutheho ea hae ka lintho tseo a li utloileng Seea-le-moeeng sa Brithani.
Ho ne ho le thata haholo ho Johann hobane a ne a sa tloaela mosebetsi o boima. E ne e le motho ea lokileng, ’me ke ne ke atisa ho mo thusa ho qeta mosebetsi oa hae hore a se kene khathatsong. O ile a re o soabile haholo hobane a tšoaretsoe lipolotiki eseng ho emela melao-motheo ea Bokreste. O ile a re: “Ka sebele u utloa bohloko joaloka Mokreste.” Ha a lokolloa hoo e ka bang selemo hamorao, o ile a tšepisa ho etela ’mè le kharebe ea ka, ’me o ile a fela a boloka tšepiso ea hae.
Bophelo ba ka Boa Ntlafala
Bofelong ba 1943, re ile ra fumana molaoli e mocha oa kampo ea bitsoang Karl Stumpf, monna e molelele, ea hlooho e tšoeu, ke eena ea ileng a qala ho ntlafatsa maemo kampong ea rōna. Ntlo ea hae e ne e lokela ho ferefuoa, ’me ha a utloela hore ke mapentane, ke ile ka fuoa mosebetsi oo. Leo e bile lekhetlo la pele ke tlosoa ho sebetsa mokhoabong.
Mosali oa molaoli o ne a thatafalloa ho utloisisa lebaka leo ke tšoeroeng ka lona esita le hoja monna oa hae a ile a hlalosa hore ke moo ka lebaka la tumelo ea ka joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a nkutloela bohloko hobane ke ne ke le masapo feela eaba o mpha lijo. O ile a lokisetsa mesebetsi e eketsehileng bakeng sa ka hore nka matlafala ’meleng.
Ha batšoaruoa kampong ba ne ba bitsetsoa moleng o ka pele ntoeng ho ea bofelong ba 1943, kamano ea ka e ntle le Molaoli Stumpf e ile ea mpholosa. Ke ile ka mo hlalosetsa hore ho molemo ke shoe pele ke e-ba molato oa mali ka ho nka karolo ntoeng. Le hoja ho se nke lehlakore ha ka ho ile ha mo beha boemong bo thata, o ile a khona ho hlakola lebitso la ka lethathamong la ba bitsoang.
Matsatsi a ho Qetela a Ntoa
Ka January le February 1945, lifofane tsa Amerika tse fofelang tlaase li ile tsa re khothatsa ka ho liha lipampitšana tse bolelang hore ntoa e haufi le ho fela. Molaoli Stumpf, ea ileng a pholosa bophelo ba ka, o ile a mpha liaparo tse tloaelehileng le hore ke ipate lapeng la hae. Ha ke tloha kampong, ke ile ka bona pherekano e tšabehang. Ka mohlala, bana ba apereng liaparo tsa ntoa bao meokho e keleketlang lifahlehong tsa bona ba ne ba balehela Maamerika. Ka ho tšaba hore mohlomong ke tla teana le liofisiri tsa SS tse neng li tla makala hore na ke hobane’ng ke sa nka sethunya, ke ile ka etsa qeto ea ho khutlela kampong.
Kapele-pele kampo ea rōna e ile ea lika-liketsoa ke masole a Amerika. Ka la 24 March, 1945, kampo e ile ea inehela, ha fokaela lifolaga tse tšoeu. Ke ile ka hlolloa hakaakang ho utloa hore ho ne ho e-na le Lipaki tse ling likampong tse khōloanyane tse ileng tsa pholosoa polaong ke Molaoli Stumpf! Re bile le ’moka o thabisang hakaakang! Ha Molaoli Stumpf a ne a tšoaroa, ba bangata ba rōna re ile ra atamela liofisiri tsa Maamerika le ho mo buella ka borōna le ka ho ngola mangolo. Ka lebaka leo, matsatsi a mararo hamorao o ile a lokolloa.
Ka ho makala, e bile ’na oa pele ho batšoaruoa ba ka bang 5 000 ba ileng ba lokolloa. Ka mor’a lilemo tse hlano ke le teronkong, ke ne ke ikutloa eka kea lora. Ka meokho ea thabo, ke ile ka leboha Jehova ka thapelo ka ho mpoloka ke phela. Jeremane ha e ea ka ea inehela ho fihlela ka la 7 May, 1945, hoo e ka bang libeke tse tšeletseng hamorao.
Ha ke lokolloa, ke ile ka iteanya le Lipaki tse ling sebakeng seo hang-hang. Ho ile ha hlophisoa sehlopha sa thuto ea Bibele, ’me libekeng tse latelang, ke ile ka qeta lihora tse ngata ke pakela batho sebakeng se potolohileng kampo. Ka nako e tšoanang ke ile ka fumana mosebetsi joaloka mapentane.
Ho Khutlela Lapeng Hape
Ka July, ke ile ka khona ho reka sethuthuthu, eaba leeto la ka le lelelele ho khutlela lapeng lea qalisa. Leeto lena le nkile matsatsi a ’maloa kaha marokho a mangata tseleng a ne a sentsoe. Ha ke qetella ke fihlile lapeng St. Martin, ke ile ka nyolo-nyolosa ka tsela ’me ka bona Maria a hela koro. Qetellong ha a hlokomela hore ke mang, o ile a ’mathela. U ka inahanela ka poelano eo e thabisang. ’Mè o ile a lahla sekele ’me le eena a tla a matha. Hona joale, lilemo tse 49 hamorao, ’Mè o lilemo li 96 ’me ke sefofu. Kelello ea hae e sa ntse e hopola lintho hantle ebile e ntse e le Paki ea Jehova e tšepahalang.
’Na le Maria re ile ra nyalana ka October 1945, ’me lilemo ka mor’a moo, re thabetse ho sebeletsa Jehova hammoho. Re hlohonolofalitsoe ka barali ba bararo, mora le litloholo tse tšeletseng, kaofela ha bona ba sebeletsa Jehova ka cheseho. Lilemong tse ngata tse fetileng ke bile le khotsofalo ea ho thusa batho ba bangata haholo ho emela ’nete ea Bibele.
Khothatso ea ho Mamella
Ka makhetlo a mangata ke ile ka botsoa hore na joaloka mocha feela ea tloaelehileng, ke ile ka khona joang ho talimana le lefu ntle ho tšabo. Kholisehang—Jehova Molimo o fana ka matla a ho mamella haeba u ikemiselitse ho lula u tšepahala. Motho o potlakela ho ithuta ho mo tšepa ka ho felletseng ka thapelo. Ka ho tseba hore ba bang, ho akareletsa le ntate oa ka le moena, ba ile ba mamella ka botšepehi ho isa lefung ho nthusitse hore le ’na ke lule ke tšepahala.
Hase Europe feela moo batho ba Jehova ba sa kang ba nka lehlakore ntoeng. Ke hopola hore linyeoeng tsa Nuremberg ka 1946, e mong oa liofisiri tse phahameng tsa Hitler o ile a hlongoa lipotso ka ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova likampong tsa mahloriso. Pokothong ea hae o ile a ntša sekhechana sa koranta se tlalehang hore Lipaki tsa Jehova tse likete-kete United States li ne li le literonkong tsa Amerika ka lebaka la ho se nke lehlakore ha tsona Ntoeng ea II ea Lefatše.
Ka sebele, Bakreste ba ’nete ba latela ka sebete mohlala oa Jesu Kreste, ea ileng a boloka botšepehi ho Molimo ho fihlela lefung la hae. Ho fihlela kajeno ke ntse ke nahana ka litho tse 14 tsa phutheho ea heso e nyenyane ea St. Martin lilemong tsa bo-1930 le bo-1940, tseo ka lerato ho Molimo le banab’abo tsona, li ileng tsa hana ho tšehetsa ntoa ea Hitler ’me ka lebaka leo tsa bolaoa. E tla ba poelano e thabisang hakaakang ha ba tsosoa hore ba thabele bophelo ka ho sa feleng ka ho eketsehileng lefatšeng le lecha la Molimo!
Haeba ka mor’a ho bala makasine ona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine ona. (Bona leqephe 5.)
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ntate oa ka
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ka 1939, ’na le Maria re ile ra lebeletsana
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Lelapa leso. Ka ho le letšehali ho ea ho le letona: Gregor (ea khaotsoeng hlooho), Anni, Franz, Willibald, Ida, Gregor (ntate, ea khaotsoeng hlooho), Barbara (’mè), le Kristian
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
’Na le Maria kajeno