Lebaka Leo Babishopo ba Italy ba Khathatsehileng
KA MONGOLLI OA TSOHA! ITALY
KA November 1993, seboka sa babishopo ba Italy se ile sa bua mantsoe a mangata a nyefolang Lipaki tsa Jehova. Ka ntle ho bopaki se ile sa tiisa hore hase Bakreste le hore ho bolela ha tsona ka ntlo le ntlo e ne e le “ho sokolla batho ka likhoka.”
Leha ho le joalo, hase bohle ba boholong bolumeling ba lumelang seo. Ka mohlala, moprofesa oa histori ea Bokreste, Attilio Agnoletto, Univesithing ea Milan State, o hlalosa Lipaki tsa Jehova e le “mokhatlo o matla, o nkang lintho ka ho teba, oa Bibele, o tsamaisanang le molao oo ho seng letho leo eseng la Bokreste ho oona.”
Ho thoe’ng ka ho “sokolla batho ka likhoka” ha bona? Moprofesa Agnoletto o ile a bolella Tsoha!: “Lentsoe ‘likhoka’ ho hang ha le amohelehe. Hoo ho ne ho tla bolela hore ho sokolla batho ha Jesu Kreste le hona e ne e le ha ‘likhoka.’”
Ke hobane’ng ha babishopo ba koetlile leeme le joalo khahlanong le Lipaki tsa Jehova? Moprofesa Agnoletto o na le maikutlo a hore khanyetso “e bakoa ke lenane le katleho ea Lipaki tsa Jehova Italy kajeno,” eo a phaellang ka hore, “e amana le tlokotsi ea K’hatholike ea bolumeli.”
Kajeno baruti ba batla ho nyelisa le ho sitisa ba mamelang taelo ea Jesu ea ho bolela. (Mattheu 28:19, 20; bapisa le Mattheu 5:11, 12.) Koranta e bitsoang La Stampa e tlaleha hore ho sa tsotellehe khanyetso, Lipaki tsa Jehova ke sehlopha sa bobeli se seholo ka ho fetisisa sa bolumeli Italy, seo hona joale lenane la sona le leng ka holimo ho 200 000 ’me le ntse le hōla ka ho tsitsitseng.
Ka ho fapaneng, Kereke e K’hatholike eona e bile le ho fokotseha ho hoholo ha ba bang teng ho eona lilemong tsa morao tjena. Kahoo qalong ea 1994, Mopapa John Paul II o ile a khothaletsa Mak’hatholike a Italy ho ba baevangeli ba mafolo-folo, esita le ho ruta ka ntlo le ntlo—haholo feela joalokaha Lipaki tsa Jehova li etsa!a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona leqephe la 10.