“Ho bile thata haholo ho hōla ntle ho eena”
“KE LE ngolla ka mor’a ho bala khatiso ea rōna e sa tsoa lokolloa kopanong, Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, ho hlalosa kananelo ea ka e tebileng le e tsoang pelong ka bukana ena e boholo ba makasine e ngotsoeng ka mokhoa o hlokolosi le o tiisang tumelo.
“Ke lilemo li 18. Ntate o ile a shoa kotsing ea koloi ha ke le lilemo li robeli, ’me le hoja sena se etsahetse lilemong tse leshome tse fetileng, ke sa ntse ke e-na le bolutu bo bongata ka hare ho ’na. Ho bile thata haholo ho hōla ntle ho eena. Ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo ke neng ke rata ho ’molella tsona, ho li arolelana le eena le ho li tseba ka eena. Ke ho khothatsang hakaakang ho hopotsoa ka tšepo e hlollang ea Jehova ea tsoho! E ile ea etsa hore ke seke meokho. Ke le leboha hape bakeng sa ho tsosolosa tšepo ea ka.”—Mocha oa Paki Austria.
Ho amohetsoe mangolo a mangata a tšoanang le lena liofising tsa Mokhatlo oa Watchtower New York. Hona joale e hatisoa ka lipuo tse 18, bukana ena e maqephe aa 32 e lekanang le makasine e abelana matšeliso le batho ba limilione. Haeba u saretsoe ka lebaka la ho lahleheloa ke moratuoa oa hao, ikutloe u lokolohile ho kōpa kopi ea khatiso ena ka ho ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.