“Sefate sa Bophelo” Se Hlollang sa Afrika
KA MONGOLLI OA TSOHA! TANZANIA
“HA KE lumele hore ntho e tšoanang le ena e kile ea bonoa karolong leha e le efe ea lefatše.” Ke’ng seo monna oa Lefora Michel Adanson a ileng a se bona ha a ne a etetse Senegal ka 1749? E ne e le sefate! Se bolelele ba limithara tse ka bang 20, se na le kutu e sephara haholo, e bophara ba limithara tse robeli. Hamorao David Livingstone o ile a bitsa sefate sena “sehoete se metso e shebileng holimo.”
Tšōmo e bolela hore “diabolose o ile a fothola [sefate], a hloma makala a sona fatše, ’me a tlohela metso ea sona sebakeng.” Ka hona, ba bangata ba tseba sefate sena e le “sefate se metso e shebileng holimo.” Ka Selatine se bitsoa Adansonia digitata, kaha se rehelletsoe ka mosibolli oa sona, empa bongata ba rōna re se bitsa baobab, e leng se seng sa lifate tse tsebisahalang ka ho fetisisa tsa Afrika e ka bochabela le hoja tse ling tse batlileng li tšoana le sona tse telele haholoanyane li ka fumanoa Madagascar le likarolong tse ling tsa Australia.
Sefate se Metso e Shebileng Holimo
Re qetile lihora tse ngata re haola le libaka tse ka thōko tsa Tanzania. Ebile ho thabisang ho boha metse e hlollang ka botle, matlo a ruletsoeng ka joang, basali ba roetseng patsi, bana ba bapalang tlas’a lifate tsa mango le balisana ba bang ba alositseng mehlape ea bona. Re ile ra qetella re bone seo Adanson a se boneng morao koana lekholong la bo18 la lilemo.
Margit o ile a hooeletsa: “Ke tsane!” Lifate tsa litonanahali tsa baobab, tse phahameng, li ne li bonahala mona le mane likarolong tse ommeng haholoanyane tse chesang tsa Afrika. Li batlile li tšoana le libaka tse chesang tse nang le lifate tse rothetseng pel’a lebōpo, esita le methipoloheng ea Thaba ea Kilimanjaro. E mong oa metsoalle ea rōna o ile a phaella: “Hase tšoane le sefate leha e le sefe seo nkileng ka se bona le ka mohla.” Se le seputsoa ebile se le seholo ka ho fetisisa, sefate sa baobab ke semela se nang le lekhapetla le botenya ba lisenthimithara tse hlano ho isa ho tse leshome. “Se tšoana hantle le sefate se jetsoeng metso e shebile holimo!” Boholo ba nako har’a selemo, likhoeling tse tšeletseng ho isa ho tse supileng tsa komello, sefate sena hase na mahlaku hohang. Sefate sena se pholoha joang? Re lokela ho botsa motho ea tsebang.
Ha re haola le moo lifate tsa baobab li metseng teng, re ile ra buisana le Shem, letsoalloa la sebakeng seo. O re: “Lea bona ke’ng, sefate sena ke botlolo.” Sefate sa botlolo? “E, nakong e khutšoaane ea lipula, methatsoana e kang seponche ea sefate sena e monya metsi a mangata, ao se a bolokang kutung bakeng sa nako ea komello.” Buka Baobab—Adansonia Digitata ea bolela: “Hangata bokaholimo ba kutu bo sekoti, metsi a pula le phoka li bokellana mona ’me mohlomong ekaba oona feela metsi a fumanehang sebakeng sena se seholohali. . . . Kutu e na le bokhoni bo boholo ba ho boloka metsi. Ho lekanyetsoa hore sefate sa li-cubic mithara tse 200 se ka khona ho boloka metsi a ka bang lilithara tse 140 000. . . . Ho ntšoa likotoana tse nyenyane kutung ebe lia tlhotloa ho ntšoa metsi a nooang.” Shem o etsa motlae: “Ke sefate sa setonanahali, empa pelo ea sona e bonolo.” Nakong ena baahi ba bangata ba motse ba ne ba atametse ’me ba mametse puisano ka cheseho e khōlō. Emmanuel oa botsa: “Na u ne u tseba hore baobab ke sefate sa bophelo?”
“Sefate sa Bophelo”
Ho baahi ba bangata ba sebakeng seo sefate sena ke mpho e tsoang ho Molimo. Hobane’ng? Moahi oa motse o tsoela pele: “Lebaka la pele ke hore se khona ho phela nako e telele haholo. Mohlomong lilemo tse sekete kapa ho feta-feta moo. Se re neha lijo, metsi, liaparo, thepa ea ho rulela, sekhomaretsi, meriana, moriti, lifaha, esita le lipompong bakeng sa bana.” Ho thoe’ng ka patsi? Daniel e mocha o re: “Che, lekhapetla la sefate le metsi haholo ka lebaka la metsi a bolokiloeng ho lona. Hangata re batla lifate tse ling bakeng sa morero oo. Empa re sebelisa lekhapetla lena ho etsa likhoele tsa rōna le lithapo.” Ho feta moo, le sebelisoa ho etsa matlooa, limmete, masela, likatiba, liketsoana, literei, mabokose, libasekete le pampiri. Molora oa lekhapetla o ka sebelisoa joaloka monontša ’me ba bangata ba etsa sesepa ka oona. E mong oa batsoetse ba bacha ea pepileng ngoana oa phaella: “Letlōbo le mahlaku lia jeoa. Re boetse re halika litholoana le ho etsa kofi ka tsona. Pelo ea tholoana e sebelisoa ho etsa biri, ho ka boela ha ntšoa le oli.”
Nakong e khutšoaane ea lipula, sefate se hlahisa lipalesa tse ntle tse tšoeu. Empa ha li nkhe hamonate joaloka kamoo li bohehang kateng! Li qala ho ntša palesa motšehare o moholo oa mantsiboea ho fihlela ha letsatsi le qeta ho likela ’me li buleha ka ho feletseng hoseng ho latelang. Bosiu, bo-’mankhane ba lifate ba mengoa ho hasa phoofshoana ea peō ea lipalesa. Baahi ba tsoaka phoofshoana ea peō ea lipalesa le metsi ebe ba e sebelisa joaloka sekhomaretsi. Tholoana e bolelele ba lisentimithara tse 40 e leketla lithupeng. Re ile ra pholla tholoana e tala ’me e ne e tšoana le velvet. E ne e tšoana le mohatla oa tšoene. “Ke lona lebaka le etsang hore sefate se boele se bitsoe sefate sa bohobe ba litšoene!” Na re tla seha tholoana le ho bona hore e boheha joang ka hare? E!
“Sefate sa Phoofshoana ea Tartar”
Tholoana e na le phoofshoana e tšoeu, ea tartar e potolohileng pelo ea tholoana, e nang le vithamine C e enneng, vithamine B1, le calcium. Ha ho bakoa, phoofshoana ena e ka sebelisoa sebakeng sa tartar. Ke lona lebaka le leng leo batho ba se bitsang sefate sa phoofshoana ea tartar. Shem o re: “Ka linako tse ling re etsa lino-mapholi ka phoofshoana ena. E latsoeha joaloka sirilamune.” Ke lona lebaka leo batho ba bang ba se bitsang sefate sa lisirilamune. Se sebelisetsoa eng hape?
Shem oa araba: “Re sebelisa hoo e batlang e le likarolo tsohle tsa sefate. Re sebelisa khaketla ea tholoana joaloka ntho e phaphamatsang selope, mohope oa metsi, le sejana sa sopho, ’me re boetse re e sebelisa joaloka sefi sa litoeba. Ha likhomo tsa rōna li khathatsoa ke likokoanyana, re chesa phoofshoana ea litholoana ’me mosi o sebetsa joaloka setebela-likokoanyana. Ka linako tse ling re tsoaka phoofshoana ena le lebese ho etsa yokathe e latsoehang.” Ho thoe’ng ka meriana? Shem o ile a tšeha: “Ha e le hantle, sefate sena ke k’hemisti ea rōna.”
K’hemisti ea Baobab
Le se sebelisetsa’ng? “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe!” Ka lebaka la ho sebelisoa ha sona linthong tse ngata, ha ho makatse ha baahi ba bangata ba motse ba hlompha sefate sena, ba se tšaba, e, esita le ho se rapela. Re ile ra utloela hore batsoetse ba tsoaka phoofshoana ena le lebese ebe ba noesa masea a bona ho thibela likhathatso tsa mala, letšollo le feberu. “Moriana” o tsoang sefateng o rekisoa limmarakeng tsa sebakeng seo ’me ho boleloa hore o phekola ho ruruha, meno a opang le likhathatso tse ling. Sebakeng seo o sebelisoa ho phekola lefu la khaello ea mali, letšollo, ntaramane, letšoea, likhathatso tsa liphio, mathata a matšoafo esita le lihlahala.
Hangata sefate sena se sa tloaelehang se likolohiloe ke litšōmo le lipale. Ba bang ba ikutloa hore “polasi eo sefate [sa baobab] se metseng ho eona ha ea tlameha ho rekisoa kaha ho lumeloa hore boteng ba sona ke sesupo sa lehlohonolo. . . . Pale e ’ngoe e bolela hore Tau e tla harola mang kapa mang ea potlakelang ho ea kha thung-thung. Ho lumeloa hore lithung-thung ke tulo ea meea. Ho boetse ho boleloa hore metsi ao litholoana tsa sefate sena li inetsoeng ka har’a oona le ho fuluhuoa a sebetsa joaloka tšireletso litlhaselong tsa koena le hore leha e le mang ea noang metsi ana ka ho a monya letlalong la sefate o tla shahla le ho ba matla.”—Baobab—Adansonia Digitata.
Lipompong Bakeng sa Bana
Re ithutile lintho tse ngata tse ncha ho baahi ba sebakeng sa baobab. Joale, Dar es Salaam, re bona Navina, Suma, le Kevin. Ak’u nohe hore na ke’ng seo ba se hlafunang le ho se momona? Litholoana tsa baobab! Litholoana tse ’mala o mofubelu li rekisoa joaloka lipompong tseleng, ’me ho bonahala bana ba li rata haholo. “Li bolila?” Ka lentsoe le le leng bana ba re: “Hanyenyane, empa rea li rata! Ak’u nke tse ling! Latsoa!” E, ke hobane’ng ha u sa latsoe ho hong ‘sefateng sa bophelo’ sa Afrika?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Sefate sa “baobab” se sebelisetsoa lintho tse ngata
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Litholoana li sebelisoa joaloka lipompong hape lia halikoa ho etsa kofi
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Lithung-thung tsa sona li sephara
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ha se na mahlaku nakong ea komello