Lipontšo Tse sa Tloaelehang Tsa Pele ho Ileloa Khoeli—Na ke Ntho e Inahaneloang Kapa ke Ntho ea Sebele?
Boitšoaro ba hae boa feto-fetoha ’me bo ke ke ba tsejoa esale pele. Ka motsotso ona o lumellana le uena; ka o latelang o hanana le uena. O bua mantsoe a bontšang ho nyahama. Ho sa tsotellehe mantsoe ao u mo tšelisang ka ’ona, o fetelletsa seo u se buang le seo u se etsang. Tabanyana e sa reng letho e etsoa ntho e khōlō ’me e ba mohloli oa khang e tšabehang. Ka mor’a matsatsi a seng makae, kapa nako e ka etsang beke, mosali enoa “e mong” o nyamela ka tšohanyetso, ’me e boela e e-ba eo u mo tsebang . . . ka nakoana.
BONNETENG, hase basali bohle ba bang le liphetoho tse matla joalo tsa boikutlo. Leha ho le joalo, pele basali ba bang ba ilela khoeli, ho ka etsahala hore ebe baa hlokomela hore ba na le boemo bo tšoanang le ba Nkhate-ke-hlaname. Ke eng se bakang liphetoho tse joalo tsa boikutlo? Na ruri boitšoaro bo joalo ke phello ea liphetoho tse bang teng nakong ea ho ilela khoeli?
PMS ke Eng?
Ho latela American Journal of Psychiatry, basali ba bang le “lipontšo tse tlang khafetsa tse tebileng hoo li sitisang litšobotsi tse ling tsa bophelo” ’me li ba teng nako le nako pele ba ilela khoeli e ka ’na eaba ba tšoeroe ke PMS (lipontšo tse sa tloaelehang tsa pele ho ileloa khoeli). Le hoja PMS e ke ke ea lemohuoa ka liteko tsa laboratori, basali ba nang le PMS ba tlameha ho feta boemong boo ho bona ba se nang lipontšo tsena beke e le ’ngoe kapa tse peli nakong ka ’ngoe. Ka tlhaloso ena, lingaka li lekanya hore ke basali ba etsang karolo ea 10 lekholong feela ba tšoeroeng ke PMS.
Litsebi tse ling tsa mafu li na le maikutlo a fapaneng le ana ka PMS. Li pheha khang ea hore basali ba etsang karolo e khōloanyane lekholong, pakeng tsa 40 le 90 lekholong, ba tšoeroe ke PMS. Ba hlalosa hore e akarelletsa litletlebo tse fapa-fapaneng, tse kang ho nona, mokhathala, bohloko ba manonyeletso, ho honyela ha mesifa ea mpa, hlooho e opang haholo e tsamaeang le pelo e nyekang, ho koata feela, litlhōkō tse emeng, ho lla feela, takatso e matla haholo ea lijo le boikutlo bo feto-fetohang. Ho na le lipontšo tse fetang 150 tse amanang le PMS. Basali, ho akarelletsa le ba seng ba sa ilele khoeli, ba ka ’na ba ba le lipontšo tsena kapa tse seng kae tsa tsona. Leha ho le joalo, ka ho tloaelehileng, mosali o ba le PMS ha a le pakeng tsa lilemo tse 30 le 40. Ho basali ba bangata, lipontšo tsa PMS li a sithabetsa empa ba khona ho sebetsana le tsona. Sehloohong sena re tla lebisa tlhokomelo ho ba joalo ba tšoeroeng ke PMS e sa tebang hakaalo.
Nancy Reame, mofuputsi Univesithing ea Michigan, o ile a tlaleha hore United States, PMS e nkoa e le “bothata bo sa tobang ba bophelo,” empa ho na le phapang e khōlō linaheng tse ling mabapi le mofuta oa lipontšo le ho teba ha tsona. O itse: “Ba bang ba tlaleha lipontšo tse hlokomelehang haholo tsa ’mele, ’me batho ba lichaba tse ling ba tlaleha lipontšo tsa maikutlo.” Reame, ea entseng lipatlisiso Chaena, o ile a qotsa Machaena e le mohlala. “Sechabeng sa Machaena ha hoa lokela hore motho a be le lipontšo tsa maikutlo.” O hlokometse hore ka lebaka leo, ha basali ba botsoa ka mathata a ho ilela khoeli, ba lebisa tlhokomelo tabeng ea ho honyela ha mesifa.
Ho Qaleha ha PMS
PMS e ile ea tšohloa ka lekhetlo la pele ke Dr. Robert T. Frank oa New York ka 1931 sehloohong sa hae se reng “Mabaka a Li-hormone a Khatello ea Pele ho Ileloa Khoeli.” O ile a bua ka basali ba neng ba khathala, ba sa khone ho tsepamisa mohopolo, ’me ba ba le khatello ea methapo pele ba ilela khoeli.
Lilemo tse 22 hamorao Katharina Dalton le Raymond Greene, lingaka tsa Manyesemane, ba ile ba hatisa sehlooho koranteng ea bongaka moo ba ileng ba iqapela tlhaloso ea “lipontšo tse sa tloaelehang tsa pele ho ileloa khoeli.” Dr. Dalton o ile a hlalosa hore PMS ke “lefu le tloaelehileng haholo, ’me mohlomong ke la khale ka ho fetisisa lefatšeng.” Seo a se sibollotseng mabapi le liphello tsa PMS boitšoarong ba mosali se ile sa tsebahala ka 1980. Eena le lingaka tse ling ba ile ba bitsoa hore ba hlahlobe basali ba babeli ba Brithani ba neng ba qosetsoa polao. Ba ile ba bolela hore boitšoaro ba mosali bo ka susumetsoa ke ho phahama le ho theoha ha li-hormone nakong ka ’ngoe ea hae ea ho ilela khoeli. Kaha basali bana ba fumanoe ba e-na le PMS, liqoso tsa bona tsa polao li ile tsa bebofatsoa. Qetong e ’ngoe moqosuoa o ile a fuoa qoso e bebofalitsoeng ea polao ka lebaka la “ho se khone ho ikarabella ka botlalo.”
Ho bonahala liketsahalo tse joalo tsa basali ba bontšang boitšoaro bo senyang, li sa tloaeleha. Lebaka la boitšoaro bo joalo le la lipontšo tse sa tebang tse sithabetsang basali ba bangata ho elella nakong ea ho ilela khoeli e sa ntsane e le khang likoranteng tsa bongaka le tseo eseng tsa bongaka.
Na ka sebele boitšoaro bo joalo bo bakoa ke nako ea ho phahama le ho theoha ha li-hormone ’meleng oa mosali? Kapa na khopolo ea li-hormone tse mofere-fere le ’mele oa mosali o sa laoleheng e mpa e le ntho e inahaneloang feela? Ho na le maikutlo a fapaneng tabeng ea hore na ho fetoha ha li-hormone haeba ho le teng, ho baka liphello life boitšoarong ba mosali. Bafuputsi ba bangata le lingaka baa lumela hore ho utloisisa hamolemo tšebelisano e teng pakeng tsa boko le li-hormone tsa ntlo ea mahe ea mosali nakong ea ho ilela khoeli ke senotlolo sa ho tseba lebaka leo ka lona basali ba bang ba tšoaroang ke PMS.
Nako ka ’Ngoe ea ho Ilela Khoeli
Hoo e ka bang hanngoe ka libeke tse ling le tse ling tse ’ne, ’mele oa mosali o kena nakong e rarahaneng haholo ea ho phahama le ho theoha ha li-hormone. Le hoja ba bangata ba re ke “thohako,” “ho ilela khoeli [menstruation]” ho tsoa lentsoeng la Selatine mensis, le bolelang “khoeli.”
Ho qalisa nako ena, hypothalamus ea boko e romela molaetsa tšoeleseng ea pituitary. Ha molaetsa o fihla, pituitary e ntša FSH (lero la pituitary). FSH e tsamaea le mali ho ea ntlong ea mahe ’me e etsa hore ho be le estrogen. Ha estrogen e eketseha, pituitary e arabela ka ho ntša LH (lero la hypothalamus). LH e fokotsa ho ntšoa ha FSH. Sele e le ’ngoe ea lehe e-ea hōla ’me e theohela ka pōpelong. Ha sele ea lehe e ntšitsoe, ho ntšoa lero la progesterone. Haeba lehe le sa emolisoa, tekanyo ea progesterone le estrogen e theoha kapele-pele.
Kaha ho se li-hormone tse le tšehetsang, lera la pōpelo lea senyeha, ’me ho tsoa mali, mokeli-keli le linamanyana sethong sa bosali. Ho nka matsatsi a mararo ho isa ho a supileng hore pōpelo ea mosali e ntše lera lena ka ho feletseng, e leng ho phethang nako ena ea ho ilela khoeli. Ha nako ka ’ngoe e fela, boko bo boetse bo ntša li-hormone, e leng se tšoaeang ho qaleha ha nako e ncha.
Na ke Ntoa ea Li-hormone?
Ba bang ba pheha khang ea hore ho se leka-lekane ha estrogen le progesterone ke hona ho bakang lipontšo tsa pele mosali a ilela khoeli. Ba tiisa hore maemong a tloaelehileng li-hormone li sebetsa hammoho hore ho be le ho leka-lekana ho phethahetseng. Haeba ho e-ba le tse ngata ho feta tse ling, ho qaleha ntoa, ’me mahlatsipa a sala ’meleng oa mosali.
Litekanyo tse phahameng tsa estrogen li ka etsa hore basali ba bang ba koate feela. Ho ba bang, progesterone e-ea hlōla, e ba etsa hore ba ikutloe ba tepelletse maikutlo ’me ba khathetse.
Babatlisisi ba bang ha ba lumellane le khopolo ea hore ho se leka-lekane ha li-hormone ho baka PMS. Ba pheha khang ea hore mabaka a amanang le kelello le a mokhoa oa bophelo a phetha karolo ea bohlokoa ho hlahiseng lipontšo tse bang teng pele basali ba bang ba ilela khoeli. Patient Care, ha e fana ka tlaleho mabapi le lisosa tsa PMS, e bolela hore “ha hoa fumanoa phapang e hlakileng mekhoeng, likaro-karolelanong, litekanyong kapa nakong ea li-hormone tsa gonad basaling ba nang le PMS e tebileng kapa ba se nang eona.”
Ka mohlala, khatello ea maikutlo e ka potlakisa, ea liehisa kapa ea eketsa lipontšo tsa PMS. Buka ea PMS—Premenstrual Syndrome and You: Next Month Can Be Different e re: “Khatello e thibela ho ntšoa ha li-hormone ’me lenane le sa lekaneng la li-hormone le ka etsa hore ho be le ho se leka-lekane ha li-hormone ho mpefatsang lipontšo tsa PMS.” Mathata a bongaka, a lichelete kapa a lelapa ho ka bonahala eka a matla ’me ha ho bonolo ho a rarolla pele ho ileloa khoeli.
Ho Tšaba Sekhobo
Bafuputsi ba bang ba pheha khang hore mosali a ka ’na a nkoa e se mosebetsi ea loketseng kapa e le motho ea sa khoneng ho etsa liqeto haeba a bonahatsa lipontšo tse amanang le ho ilela khoeli. Barbara Sommer, setsebi sa kelello, o re: “Ke tsela eo ka eona mokhatlo oa batho o bolokang basali ba le boemong bo tlaase sechabeng. Haeba u e-ba le bothata hanngoe ka khoeli, sena se bolela hore joale u lokela ho se etse lintho tse tebileng, tse matla le tse nang le tšusumetso.”
Babatlisisi ba bang ba bolela hore basali ba amohetse PMS hobane e ba lumella hore ba sebelise boemo ba bona e le seipato sa boitšoaro ba bona. Ha ho buisanoa ka lipotso makasineng oa Redbook, Dr. Carol Tavris, mongoli oa The Mismeasure of Woman, o bolela hore PMS “e lumella basali ho re, ‘Ke eng se phoso ka ’na se hlokang tlhokomelo ea ngaka?’ eseng, ‘Ke eng se phoso ka bophelo ba ka se nketsang hore ke ikutloe ke hlomola pelo?’”
Ka 1985, basali ba phekolang mafu a kelello ka meriana ba Komiti ea Basali ba APA (American Psychiatric Association) ba ile ba loantša ho kenngoa ha PMS ho Diagnostic and Statistical Manual ea APA. Le hoja e kentsoe sehlomathisong sa buka ea morao-rao ea (1987) ea litaba tsa bohlokoa e le “boloetse ba ho se thabe nakong e qetellang ea ha lera la pōpelo le eketsoa hore le tle le amohele lehe le emolisitsoeng,” khōkanyan’a-phiri ea APA e entse tšisinyo ea hore khatisong ea eona e latelang ho kenngoe “boloetse ba ho se thabe pele ho ileloa khoeli” [PMDD] lethathamong la taba ea sehlooho e ngotsoeng. Ho e kenyelletsa lethathamong la buka la litaba tsa bohlokoa ho ka e etsa boloetse bo molaong ba kelello.
Dr. Paula Kaplan, eo pele e neng e le moeletsi oa khōkanyan’a-phiri ena o re: “Ha ho kae kapa kae bukeng moo e hlahang teng hobane hase lefu la kelello. Nakong e tlang ha mosali a khetheloa ho ba ’muelli-kakaretso, o tla botsoa: ‘Na u kile ua ba le PMDD?’”
Ho Batla Pheko
Lingaka li tsoela pele ho se lumellane ka taba ea PMS. Ho na le likhopolo tse ngata ka seo e hlileng e leng sesosa le phekolo ea PMS. Lingaka tse ling li nahana hore e ka ’na eaba ho na le mefuta e 18 ea PMS, mofuta ka mong o hlahisa lipontšo tse fapaneng. Phuputso e ’ngoe ea haufi tjena e tlaleha hore zinc e ka ba le seabo ho hlahiseng lipontšo tsa PMS. Phuputso e ’ngoe e ile ea bontša hore ho haella ha vitamin-B6 e ka ba motso oa bothata, ha baka ho tepella maikutlo ho sa tebang ho ba bang.
Mefuta ea phekolo e kang ho fuoa phekolo e sa tebang, ho khalehisa, ho khatholla ka ho tebileng, lithethefatsi tse loantšanang le ho tepella maikutlo, le ho kenngoa progesterone e lekiloe ke basali ba batlang pheko bakeng sa PMS e ba tšoarang khafetsa. Ho fihlela nakong ena, ha ho e-s’o fumanoe mofuta oa phekolo o atlehang ka linako tsohle.
Basali ba bang le lipontšo tse sa laoleheng pele ba ilela khoeli ba lokela ho bona ngaka. Boemo ka bong ba PMS boa ikhetha, mosali ka mong o tšoaneloa ke keletso e utloahalang ea bongaka le tlhokomelo e loketseng. Kaha PMS e ka tšoana le maemo a mang a tebileng, a kang lefu la thyroid, lefu la pōpelo, le ho tepella maikutlo, ho bohlokoa hore ho etsoe tlhahlobo ea ’meleng.
Ho khothalletsoa hore mosali pele a e-ea ngakeng ka lekhetlo la pele, a boloke tlaleho e qaqileng ea liketsahalo tsa letsatsi ka leng kapa almanaka ea ho ngola lipontšo tsa ’meleng le tsa maikutlo tseo a bang le tsona pele a ilela khoeli. Ho tseba matsatsi ao ka ’ona e ka ’nang eaba o sekametse ho beng le boikutlo bo feto-fetohang, ho koata feela, kapa ho tepella maikutlo ho ka mo thusa hore a fetole kemiso ea hae ka ho loketseng. Ho ka boetse ha mo thusa hore a lekanye hore na o tšoeroe ke PMS kapa che.
Lingaka li ka ’na tsa etsa tlhahiso ea hore a fokotse lisosa tsa khatello bophelong ba hae. Lijo tse nang le phepo le ho ikoetlisa kamehla li ka boetse tsa loantša PMS. Ho latela phuputso ea univesithi, lijo tse nang le lik’habohaedreiti tse ngata le liprotheine tse fokolang li ile tsa ntlafatsa boikutlo ba basali ba bang ba neng ba tepella maikutlo pele ba ilela khoeli. Ho ikoetlisa kamehla kapa ho tsamaea u hatela holimo ho ka boetse ha u thusa ho loantša mokhathala le pelo e thulameng.
Ka ho hlakileng, litho tsa lelapa, haholo-holo monna, li ka thusa. Li lokela hore ka ho khetheha li be mosa, li nahanele, ’me li utloisise ha nako ea mosali ea ho ilela khoeli e mo bakela mathata.
Ho se Lumellane ho Tsoela Pele
Ba bang ba re ho bolela hore liphetoho tse tloaelehileng tsa maikutlo le tsa ’meleng tseo mosali a bang le tsona nakong ea hae ea ho ilela khoeli ke “lipontšo tse sa tloaelehang” ha hoa nepahala. Ba bang ba nyelisa PMS, ba bolela hore e tlisetsa basali sekhobo.
Leha ho le joalo, ho basali ba bangata, PMS ke ntho ea sebele. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ho ba le lipontšo tse etsang hore ho sebetsana le lelapa le mosebetsi ho be thata. Ho batla thuso le kutloisiso ho ka ipaka ho ferekanya kaha ba bangata ba leng mosebetsing oa bongaka le batho feela bao eseng lingaka ba tsoela pele ho se lumellane hore na PMS ke ntho ea sebele kapa che.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Litho tsa lelapa li ka thusa ka hore ka ho khethehileng li be mosa ’me li nahanele