Se Boleloang ke Sefahleho sa Maiketsetso
MONNA OA ’METLI O LEBA SEFATENG MORUNG OA AFRIKA BOHARENG, A NKILE SELEPE. MOSEBETSI OA HAE KE OA BOLUMELI, O ’NILENG OA ETSOA KA MAKHETLO A MANGATA AFRIKA KA LILEMO TSE LIKETE-KETE.
MONNA oa ’metli o lumela hore ka har’a sefate seo ho lula moea o lokeloang ke tlhompho e tebileng. E le hore a itšireletse khalefong ea moea oo, ’metli enoa o ile a iteanya le senohe pele a e-ea morung. Eaba joale o etsa mokete oa ho itlhoekisa ’me a etsa nyehelo ho moea oa sefate seo.
O ratha sefate seo ka selepe sa hae ka matla a maholo. Ha a beha molomo oa hae moo a otlileng sefate, joale o anya lero le itseng e le hore a be le kamano le sefate seo. Ha sefate seo se re sihla! o se tlohela fatše matsatsinyana ho lumella moea hore o be le nako e lekaneng ea ho fumana tjako sebakeng sesele. O lumela hore sefate se na le matla ka bosona, ho sa tsotellehe ho tsamaea ha moea oo. Tšusumetso ea sefate seo e matla haholo hoo ba tšoarang lehong la sona ba tlamehang hore ka hloko ba latele litaelo tsa moetlo tse hlokahalang.
Ha le fihla matsohong a setsebi se betlang lehong, lehong leo le fetoha sefahleho sa maiketsetso. Ha sefahleho sena sa maiketsetso se ntse se etsoa, ho lumeloa hore lehong lena le ba le matla a eketsehileng. Setsebi sa ho betla ha sea lokoloha ho iketsetsa setšoantšo leha e le sefe seo se se ratang; se tlameha ho iphaphatha le setšoantšo sa neano sa sehlopha sa morabe oa habo sona. Haeba se sa etse joalo, se ipeha kotsing ea ho rohakoa ke motse oa habo sona le ho halefeloa ke matla a moea a sefahleho sa maiketsetso.
Ha sefahleho seo sa maiketsetso se qetiloe, ngakana-ntšonyana e etsa mokete oa nehelo oo ho oona e thalehang sefahleho sena sa maiketsetso ka mehlabelo. Joale ho nahanoa hore sefahleho sena sa maiketsetso se na le matla a phahametseng tlhaho ’me se fetoha lehae la moea oo se neheloang ho oona. Sefahleho sena sa maiketsetso joale se loketse hore se ka sebelisoa meketeng ea bolumeli.
Se Boleloang ke Sefahleho sa Maiketsetso Afrika
Lifahleho tsa maiketsetso lia sebelisoa ho pholletsa le likarolo tse ngata tsa k’honthinente ea Afrika. Buka Masks—Their Meaning and Function e-ea bolela: “Sefahleho sa maiketsetso se ka ba le mesebetsi e ’meli: se ka sebelisoa e le thatho, joalokaha ho le joalo ka sefahlehoana sa maiketsetso; kapa se ka ’na sa roaloa, e leng boemo boo ho bona mosebetsi oa sona e leng ho ipiletsa ho baholo-holo, meea kapa lintho tse ling tse phahametseng tlhaho.”
Ha a fana ka tlhaloso e qaqileng haholoanyane bukeng ea hae Religion in Africa, setsebi Geoffrey Parrinder o re: “[Lifahleho tsa maiketsetso tsa lehong tsa Afrika] ke tsa bolumeli, ho sa tsotellehe hore na ke lintho tsa sebele tsa bonono, tsa molao kapa tse ke keng tsa hlalosoa. Li emela bafu kapa meea e ba sebeletsang lineanong tsa bona, kapa ‘mekhatlo ea lekunutu’ e amanang le bafu kapa e sebeletsang ho felisa boloi. Li ntse li thōtse joalo kapa e le tse tšosang, tse fapohileng sebōpehong sa tlhaho kapa tseo e seng tsa sebele, ka matla lifahleho tsa maiketsetso li bontša matla a susumetsang tšabo a bafu hammoho le kholiseho ea hore lefu hase qetello. Li etselitsoe hore li roaloe ke batho ba nkang sebōpeho sa bafu, hangata ’mele ea bona e koaheloa ka liaparo tse telele tlas’a sefahleho sa maiketsetso, ’me ha baa tlameha ho buisoa joaloka batho empa ba buisoa joaloka meea.”
Ho phaella ho sebelisoeng ha tsona litšebeletsong tsa lepato le bakeng sa ho itšireletsa boloing, lifahleho tsena tsa maiketsetso li phetha karolo ea bohlokoa litšebeletsong tsa lebollo, meketeng, litabeng tsa boahloli, meketeng ea tsoalo, hape e le mokhoa oa “puisano le bafu.” Ka linako tse ling lifahleho tsa maiketsetso li bile li phetha karolo ea bohlokoa litšebeletsong le meketeng ea Bokreste-’mōtoana. Ka mohlala, Sierra Leone, “bo-diabolose” ba roetseng lifahleho tsa maiketsetso ba tantša mabaleng a kereke e le ho bontša tlhompho meketeng ea manyalo. Mesebetsing ena eohle, lifahleho tsa maiketsetso li bolela ntho e le ’ngoe ea motheo. Buka African Masks e bolela hore ke “libaka tse halalelang tsa matla a bomolimo, ebang mosebetsi oa tsona o reretsoe hore e be o mahlonoko, kapa o sa tebang le o thabisang.”
Har’a lihlopha tsa merabe tse fetang 1 000 Afrika, tse ka bang 100 li etsa lifahleho tsa maiketsetso. Libōpeho tsa lifahleho tsa maiketsetso li fapana haholo ho ea ka lihlopha, ’me li fapana ho latela morero oo li o sebeletsang. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho fapana hona, ho na le mekhoa e tiileng e utloisisoang ke mefuta ea batho likarolong tse pharaletseng tsa Afrika. Ka mohlala, lifahleho tsa maiketsetso tse tšoantšetsang meea ea baholo-holo ka tloaelo li na le ponahalo ea khutso, ha lifahleho tsa maiketsetso tse emelang meea eo e seng ea batho hangata li na le ponahalo e sa tloaelehang. Phatla e motlorutloana e tšoantšetsa bohlale le bomoea bo tebileng. Mahlo a litolo kapa ponahalo ea sefahleho se thata e bontša boemo ba ho kenoa ke moea. Mebalanyana e mesoeu e bontša meea ea bafu le tšobotsi e ’ngoe ea ‘lefatše le ka nģane.’ Lifahleho tsa maiketsetso tse bontšang liphoofolo tse nang le manaka, haholo-holo nare ea Afrika le letsa, li amana le mekete ea ho leleka meea e litšila, ho falla ha moea le boloi.
Mosebetsi oa Sefahleho sa Maiketsetso
Afrika, lifahleho tsa maiketsetso ha li fanyehoe maboteng feela; li sebelisoa meketeng le metjekong. Li ka ’na tsa koahela sefahleho kapa hlooho kaofela ea motho ea se roetseng. Karolo eohle ea ’mele oa motho e khabisoa ka liaparo tse telele kapa makhasi a sefate sa palema ea raffia kapa likhoele tsa semela.
Motho ea apereng joalo o talingoa a kopane ka ho toba le matla a moea a sefahleho sa maiketsetso. The New Encyclopædia Britannica e hlalosa se etsahalang: “Ha motho a roala sefahleho sa maiketsetso, ka linako tse ling o ba le phetoho e itseng kelellong joalokaha eka o hapehile kelellong, o nka sebōpeho sa moea se tšoantšetsoang ke sefahleho seo. Leha ho le joalo, ka tloaelo motho ea se roetseng ka bohlale o fetoha ‘molekane’ oa sebōpeho seo a nkileng botho ba sona . . . Empa ho bonahala hore hangata motho ea se roetseng o tlamahana ka ho feletseng kelellong le sebōpeho seo a lekang ho se etsisa. O felloa ke botho ba hae bo mo khethollang ’me o fetoha popi e laoloang, ka ntle ho thato ea hae, eo joale e laoloang ke motho oa botho ba sefahleho seo sa maiketsetso.”
Ho bashebelli ba amohelehang—e leng bao kamehla e batlang e le banna feela—sefahleho seo sa maiketsetso hase feela hore se emela motho ea phahametseng tlhaho. Ba lumela hore motho ea phelang ea phahametseng tlhaho o fetoha karolo ea sefahleho sa maiketsetso. Ka hona, sefahleho sa maiketsetso ka bosona sea halalela, tlōlo leha e le efe ea melao e bolela kotlo e thata ea sechaba, ka linako tse ling ho otloa ka lefu. Bakeng sa tšireletso ea hae, motho ea se roetseng, ho tšoana le monna ea rathang lehong le ea le betlang, o tlameha ho latela mekhoa e amohelehang.
Se Boleloang ke Sefahleho sa Maiketsetso ho ’Mokelli
Haholo-holo lilemong tse 100 tse fetileng, lifahleho tsa maiketsetso tsa Afrika li ’nile tsa bokelloa ka cheseho ho pholletsa le lefatše. Ho ’mokelli sefahleho sa maiketsetso se bolela ho fapaneng haholo le seo se se bolelang ho ba sebelisang bolumeli ba neano Afrika.
Ho e-na le ho se talima e le se halalelang, ntho ea bolumeli, babokelli ba talima lifahleho tsa maiketsetso e le mosebetsi oa matsoho o bontšang setso sa Afrika. Ho e-na le ho lekanyetsa sefahleho sa maiketsetso ka mosebetsi oa sona sechabeng, ba talima sefahleho sa maiketsetso bakeng sa ho utloisiseha ha sona, matla le botebo ba maikutlo. Babokelli baa botsa: Ke ho isa bohōleng bofe setsebi se betlang lehong se bang le ho nahanela lehong ka bolona, lilika-likoe tsa kutu ea sefate, mokhoa oa kaheho ea lona? Setsebi se betlang lehong se sebelisa tsebo ea ho qapa le masene joang ’me leha ho le joalo se ntse se bolokile neano ea setso?
Ka ho hlakileng, ’mokelli ha a hlokomolohe karolo ea bolumeli ha a shebile boleng ba mosebetsi. Ka tloaelo, ka lebaka la phapang e teng tšusumetsong ea setsebi se betlang lehong, ho na le phapang e khōlō pakeng tsa lifahleho tsa maiketsetso tse sebelisoang borapeling le litšoantšo tse betletsoeng indasteri ea bohahlauli. Buka Masks of Black Africa e-ea bolela: “Setsebi se betlang lehong . . . se fumane litšobotsi tse susumetsang maikutlo kholisehong ea sona e tebileng, ho hlompheng ha sona mosebetsi oa sona oa ho bōpa motho oa moea, ea matla ’ohle, ’me boemong bona, ho phethahatsa boikarabelo ba sona bo khethehileng sechabeng. Hang ha tumelo ena ea bolumeli . . . e senyeha, mosebetsi oa sona, ho sa tsotellehe katleho ea oona e totobetseng ea bohlale, o ne o fetoha o sa thahaselliseng le oa boleng bo tlaase ba mosebetsi oa bonono.”
Ka tloaelo ba bokellang lifahleho tsa maiketsetso bakeng sa ho li isa litsing tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa ba li hlahlobisisa haholoanyane ho feta babokelli ba lintho tsa bonono mabapi le karolo eo sefahleho sa maiketsetso se e phethileng sechabeng seo se hlahileng ho sona. Leha ho le joalo, hangata boitsebiso bo joalo bo khethehileng boa haella ka lebaka la tsela eo lifahleho tsa maiketsetso li ’nileng tsa fumanoa ka eona ho pholletsa le lilemo. Tse ling li ile tsa bokelloa e le lintho tsa boikhopotso, tse ling e ne e le karolo ea lintho tse hapiloeng phutuhong ea lebotho la ntoa, ho ntse ho le joalo tse ling li ile tsa bokelloa ka bongata bakeng sa ’maraka oa khoebo. Ka lebaka leo, moelelo oa pele le tšebeliso ea lifahleho tse ling tsa maiketsetso hangata ha o tsejoe.
Seo Lifahleho Tsa Maiketsetso li se Bolelang ho Bakreste
Ka hona, lifahleho tsa maiketsetso li bolela ho hong ho ba sebelisang bolumeli ba neano ’me li bolela ho hong hosele ho ba li bokellang joaloka mesebetsi ea bonono le setso. Ho Bakreste, li bolela ntho e ’ngoe hape.
Bibele e hlakisa hore ha ho na matla a phahametseng tlhaho a bōpeletsoeng sefahlehong sa maiketsetso kapa sefateng seo se entsoeng ka sona. Moprofeta Esaia o hlalosa ho hloka kelello ha motho ea sebelisang karolo e ’ngoe ea lehong e tsoang sefateng bakeng sa ho pheha lijo tsa hae le ho ikomosa ebe joale o betla karolo e setseng ho etsa molimo oo a talimang ho oona bakeng sa thuso. (Esaia 44:9-20) Molao-motheo o tšoanang o-oa sebetsa lifahlehong tsa maiketsetso tsa bolumeli.
Leha ho le joalo, Bakreste ba hlile baa hlokomela hore ho na “le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.” (Ba-Efese 6:12) Tlas’a taolo ea Satane, e khelosa batho ka bolumeli ba bohata.—Tšenolo 12:9.
Bakreste ba boetse baa lumela hore bademona ba sebelisa lintho tse bonahalang ho buisana le batho. Ka hona, bahlanka ba Molimo ha ba boloke ntho leha e le efe e amanang le bolumeli ba tšebelisano le meea, hore na ke setlhare, thatho, lesale la bonohe, kapa sefahleho sa maiketsetso. Tabeng ena ba latela mohlala oa Bakreste ba pele ba Efese. Mabapi le bona Bibele e re: “Ba bangata ba neng ba tšepile litaba tsa bonohe, ba tlisa libuka tsa bona, ba li chesa pel’a bohle; ha ho lekanngoa theko ea tsona, ha fihleloa hoba e lekane le lichelete tsa silefera tse likete tse mashome a mahlano.”—Liketso 19:19.
Ba lakatsang ho sebeletsa Jehova ha ba sebelise kapa ha ba boloke lifahleho tsa maiketsetso kapa ntho leha e le efe e amanang le borapeli ba bohata. Mohlala oa sena ke tlhaloso ea Pius, moholo oa Mokreste Nigeria: “Lifahleho tsa maiketsetso li bontša monahano oa bolumeli oa batho ba li sebelisang. Lifahleho tsa maiketsetso li na le mabitso ’me li hlomphuoa ka tsela ea bolumeli kapa lia tšajoa, ho itšetlehile ka molimo oo li o emelang. Ho hang nke ke ka beha sefahleho sa maiketsetso lelapeng la ka hobane sena se ke ke sa khahlisa Jehova ebile hape kahobane baeti ba ka ’na ba nahana hore ke lumellana le litumelo tsa bolumeli tseo li se emelang.”
Bakreste ba ’nete baa tseba hore molao oa Molimo o boletsoeng ka ho hlaka o fuoeng Iseraele o ne o re: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, leha e le setšoantšo se le seng sa tse holimo maholimong, leha e le sa tse tlase lefatšeng, leha e le sa tse metsing ka tlase ho lefatše. U se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa: hobane ’na Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo o [batlang borapeli bo khethehileng, NW].”—Exoda 20:4, 5.
[Lebokose le leqepheng la 24]
Lifahleho Tsa Maiketsetso Litsong Tse Ngata
Poleloana ee “sefahleho sa maiketsetso” e bolela eng ho uena? Litsong tse ling poleloana ena ke mokhabo-puo o bontšang ho pata tšobotsi ha ntho e itseng. Haeba u thahasella lipapali, u ka ’na ua nahana ka lifahleho tsa maiketsetso e le ntho e sireletsang sefahleho kotsing, joaloka papaling ea baseball le ea fencing. Mohlomong u nahana ka sefahleho sa maiketsetso se roaloang bakeng sa ho itšireletsa khaseng e chefu, sefahleho sa maiketsetso se roaloang nakong ea ho buoa, kapa lifahleho tsa maiketsetso tsa meketjana.
Leha ho le joalo, ho batho ba bangata kajeno, lifahleho tsa maiketsetso li bolela bolumeli. The New Encyclopædia Britannica e-ea bolela: “Lifahleho tsa maiketsetso tse halalelang tse fanang ka molemo le tse tlisang kotsi kapa matla a halalelang litantšing tsa bolumeli—haholo-holo matlong a baitlami a Buddha a Nepal, Tibet le Japane le likarolong tse ngata tsa lichaba tse siiloeng ke nako—li bōpa sehlopha sa lintho tse emelang khalalelo. Ka tloaelo lia rapeloa feela joalokaha liemahale li rapeloa.”
Lifahleho tsa maiketsetso tsa bolumeli li fumaneha litsong tsohle ’me li bile teng ho tloha khale haholo. Ho baholo-holo ba rōna mohlomong li ne li phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba bolumeli le ba sechaba. Buka Masks—Their Meaning and Function e-ea bolela: “Qalong, sefahleho se seng le se seng sa maiketsetso se ne se kenngoa matla, ’me sefahleho seo sa maiketsetso ka bosona kapa motho ea se roalang ka mohlolo o ne a emela matla a itseng kapa moea.”