Ho Tloha Libotlolong ho ea Lifaheng Tse Ntle
KA MONGOLLI OA TSOHA! NIGERIA
UPOTLAKILE. U nanabela botlolo tafoleng, empa e-ea thella ha u re ua e tšoara, e oela fatše, ’me e-ea pshatleha. Ua sisimoha, u fiela makumane a pshatlehileng, ’me u a qhalla ka moqomong oa lithōle. Ho ea ka uena, taba e fella hona moo.
Haeba u ne u phela Bida, Nigeria, seo e ne e ka ’na ea e-ba qaleho feela. Hobane’ng? Hobane har’a batho ba Manupe ba phelang moo, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho li ka nka botlolo e pshatlehileng ’me tsa etsa lifaha tse roaloang molaleng tse ntle. Ke tsebo e ileng ea neheletsanoa ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong—e ile ea fetoha hanyenyane ka nako ea makholo a lilemo.
Ho Etsoa ha Lifaha Bida
Sebaka sa ho sebeletsa ke rontabole e nyenyane, e entsoeng ka litene tsa mobu tse omisitsoeng. Fatše bohareng ba ntlo ho na le sebōpi se entsoeng ka letsopa. Litsebi tsa mesebetsi ea matsoho li akhela likotoana tsa patsi ka har’a sebōpi, ebe lia li hotetsa. Mollo o butsoeloa hore o hlene ka libutsoelo. Ha ho ntse ho beseletsoa patsi e eketsehileng, malakabe a mafubelu a hlahella ka holim’a sebōpi. Botlolo e fanyehoa tšepeng e holim’a sebōpi, ’me kapele khalase e ba bonolo ebe e qala ho qhibiliha.
Moetsi oa lifaha o etsa lifaha ka bonngoe ka bonngoe. O tšekalatsa tšepe e nchocho holim’a mollo haufi le tšepe e fanyehang khalase. Ha karolo e nchocho e se e le khubelu ke ho chesa, o e lebisa marotholing a leketlileng a khalase e qhibilihileng. Joale, ka ho feto-fetola tšepe ka menoana ea hae, o phuthela karolo ea khalase e boholo ba sefaha ho eona.
Ka mor’a moo, o etsa khalase boreleli le ho bōpa sefaha sa eona a sebelisa thipa ea hae e sephara e khōlōhali. Haeba a e-na le tsebo ka ho khethehileng, a ka ’na a sebelisa mebala e ’maloa ea khalase, a ntse a maneha patrone holim’a sefaha se seng le se seng seo a se etsang. Qetellong, o sebelisa thipa ho ntša sefaha tšepeng ka bonolo le ho se tšela ka paneng ea molora moo se tlang ho phola. Joale sefaha se felile. Lesoba le entsoeng ka tšepe le sebelisetsoa ho totela sefaha kholeng. Joale se lokelang ho etsoa ke ho hlatsoa sefaha le ho se totela le tse ling ho etsa sekhama.
Ho Ithuta Bonōnō Bona
Ke joang motho a ithutang bonōnō ba ho etsa lifaha? Bana ba Manupe ba qala ka ho shebella. Ha ba le lilemo li leshome ba thusa ka ho roalla le ho ratha patsi.
Mohato o latelang ke ho tseba ho sebelisa libutsoelo hantle. Libutsoelo ke mekotla e ’meli ea lesela e rokelletsoeng hammoho, ’me o mong le o mong oa eona o hokelletsoe thupeng. Ho sebelisa libutsoelo, “ea butsoelang” o tlameha ho tšoara lithupa ka matsohong ka bobeli a foke ka ho li isa holimo le tlaase. Ho hlokahala a be le matla le ho tseba ho lekanyetsa maemo. O lokela a be matla ka ho lekaneng hore a tsoke libutsoelo a sa khaotse nakong eohle eo ho etsoang lifaha ka eona, ’me nako eo e ka ’na ea nka lihora tse ngata!
O boetse o tlameha ho tseba ho lekanyetsa maemo e le hore a boloke lebelo le morethetho o sa fetoheng, ha a tsoka libutsoelo ka nepo le ka lebelo le nepahetseng. Haeba a li tsoka butle haholo, mocheso oa mollo o ke ke oa nolofatsa khalase ka ho lekaneng hore ho ka sebetsoa ka eona. Haeba a tsoka ka potlako haholo, mocheso o hlahisoang o ka ’na oa etsa hore khalase e tlohe tšepeng e oele ka har’a mollo.
Ka ho tloaelehileng, moithuti ea hlokang phihlelo o etsa mosebetsi oa ho tsoka libutsoelo ka lilemo tse hlano. Qetellong o ithuta kamoo lifaha li etsoang kateng. Karolo e phephetsang ea mosebetsi ona ke ho ithuta ho mamella mocheso oa mollo, oo ha o kopana le mocheso oa letsatsi oa naha e chesang e mongobo, e ka bang phihlelo e bohloko.
O ithuta ka ho tsoelang pele. Ka mor’a ho thusa moetsi oa lifaha ea nang le phihlelo ka ho tšoara litšepe, moithuti ea hlokang phihlelo o ithuta ho etsa lifaha tse nyenyane, tse se nang mokhabiso. Qetellong, o tsoela pele a etsa lifaha tse khōloanyane ’me lifaha li khabisoa ka patrone ea khalase ea ’mala o mong. Baetsi ba lifaha ba nang le phihlelo ba etsa hore mosebetsi o bonahale o le bonolo, empa ho nka nako ho ba le tsebo e ntle ea mosebetsi o hlokahalang ho hlahisa letoto la lifaha, ho etsoa sefaha se le seng ka nako, tsohle e le tsa boholo bo tšoanang, sebōpeho le patrone.
Ho etsa lifaha ke bonōnō bo thabisang. Baetsi ba lifaha ba thabela ho bona batho ho pholletsa le naha ba ikhabisitse ka lifaha tsa bona tse mebala-bala—lifaha tse nyenyane li roaloa ke bana, lifaha tse entsoeng ka botsebi le bokhabane li roaloa ke basali, ’me lifaha tse boima tsa mekete li roaloa ke banna. Ho boetse ho na le thabo linakong tsa mokete ha batho ba bokana ho potoloha sebaka seo ho sebeletsoang ho sona ho bina le ho tantšetsa morethetho oa libutsoelo.
Buka ea History of West Africa e re: “Tsebo ea Manupe ea ho etsa lihlahisoa . . . tsa khalase . . . e sa ntse e le e ’ngoe ea tse molemohali k’honthinenteng ena.” Le ba bang baa lumela. Moromuoa e mong oa Mokreste o itse: “Re ile ra reka lifaha Bida hammoho le libakeng tse ling bakeng sa ho li fa metsoalle le ba lelapa ha re ne re e-ea phomolong. Ha re fihla United States, metsoalle ea rōna e ne e khetha lifaha tse neng li entsoe Bida nako le nako!”
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ho chesa khalase sebōping