Lefatše—Mpho ea Molimo ho Rōna
“TŠIMOLOHONG, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.” O ile a boela a bolela hore lefatše le “molemo haholo.” (Genese 1:1, 31) Ho ne ho se liqubu tsa lithōle tse le senyang sebōpeho; ho ne ho se litšila tse qhaliloeng tse le silafatsang. Mpho ena e ntle e ile ea fetisetsoa ho moloko oa batho: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, ’me lefatše o le neile bana ba batho.”—Pesaleme ea 115:16.
Ho Esaia 45:18, o ile a bolela morero oa hae ka lefatše: “Hobane Jehova, ’mōpi oa maholimo, Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona ea le tiisitseng, ea sa ka a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe, o bolela, o re: Ke ’na Jehova, e mong ha a eo.”
Ka ho khethehileng o bontšitse hore na boikarabelo ba motho ke bofe mabapi le lefatše—‘ho le lema le ho le lebela.’—Genese 2:15.
Jehova o beha mohlala. O hlokomela lefatše. Tsela e ’ngoe ke ka ho etsa hore litokisetso tsa bohlokoa tseo bophelo lefatšeng bo itšetlehileng ka tsona li sebelisoe hape. Tokollo e khethehileng ea Scientific American e ne e e-na le lihlooho tse mabapi le lipotoloho tse ngatanyana ho tsena, e leng tse akaretsang ho potoloha ha matla a lefatše, ho potoloha ha matla a bophelo le tikoloho, ho potoloha ha metsi, ho potoloha ha oksijene, ho potoloha ha naetrojene le ho potoloha ha liminerale.
Lefatše—Lea Makatsa Ebile le Letle
Setsebi se tsebahalang haholo sa baeloji Lewis Thomas, se ile sa ngola thoriso ena e feletseng ka lefatše makasineng oa saense Discover:
“Se makatsang ka ho hlollang, sebōpeho se sa tloaelehang seo re tsebang ka sona ho fihlella hona joale bokahohleng bohle, selotho se seholo ho feta tsohle ho tse amanang le filosofi ea khopolo-taba ea bokahohle, se ferekanyang boiteko bohle ba rōna ba ho se utloisisa, ke lefatše. Hona joale ke hona re qalang ho utloisisa ka ho feletseng kamoo le makatsang le kamoo le nang le botle bo khanyang, kamoo le babatsehang, e leng ntho e ratehang ka ho fetisisa e ntseng e sesa ho potoloha letsatsi, le lika-likelitsoe ke ho biloha ha tikoloho e putsoa eo le leng ho eona, le iketsetsa le ho phefumoloha oksijene ea lona, le itokisetsa naetrojene ea lona e tsoang moeeng ho e tlisa mobung oa lona, le iphehlela boemo ba leholimo bokaholimong ba meru e nang le pula e ngata, le ikahela khaketla ka likarolo tse phelang: mafika a maholo a choko, mafika a lik’horale, mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo tse kileng tsa phela tseo joale li seng li koahetsoe ke bophelo bo bocha e ririellane ho potoloha lefatšeng.”
Tsena ke litokisetso tse seng kae feela tseo Jehova a li entseng ho etsa hore lefatše le tsoele-pele e le mpho e ntle ho batho, lehae le etselitsoeng ho tšoarella ka ho sa feleng bakeng sa batho le libōpuoa tse phelang tse limilione tse hlokang palo. Pesaleme ea 104:5 e re: “O tiisitse lefatše metheong ea lona; le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong.” Bopaki bo bong bo bululetsoeng bo tiisitse ho tšoarella hona ha ka ho sa feleng ha lefatše: “Ho ikela moloko o mong, o mong o hlahe, empa lefatše le hlola ka ho sa feleng.”—Moeklesia 1:4.
Bo-rasepaka-paka ba potolohang lefatše ba ile ba susumetsoa ke qitikoe ena e ntle, e thata e ntseng e sesa tselaneng ea eona ho potoloha letsatsi ’me ba ile ba hlalosa hore ho hlokahala hore batho ba ananele botle ba lona le ho le hlokomela. Rasepaka-paka ea bitsoang Edgar Mitchell, ha a ne a qala ho bona ho tšoelima ha lefatše a le sepaka-pakeng, o ile a bua le ba Houston ka seea-le-moea: “Le tšoana le lehakoe le phatsimang le nang le boputsoa le bosoeu . . . le na le mela e mesoeu e loebehlanang butle . . . , le tšoana le perela e nyenyane ka har’a sephiri sa lefifi le teteaneng la leoatle.” Tlhaloso ea rasepaka-paka ea bitsoang Frank Borman e bile ena: “Re na le polanete e ntle haholo. . . . Mohlolo o makatsang ke oa hore na ke hobane’ng ha lefatšeng re sa ananele seo re nang le sona.” E mong oa bo-rasepaka-paka ba setsoibileloa khoeling sa Apollo 8 o ile a hlalosa: “Bokahohleng bohle, hohle moo re neng re talima teng, ke lefatšeng feela moo ho neng ho e-na le ’mala. Moo re ne re bona maoatle a boputsoa ba leholimo, mebala e bosehla bo bosootho le bosootho ba naha, le bosoeu ba maru. . . . E ne e le ntho e ntle ka ho fetisisa e ka bonoang, sepaka-pakeng sohle. Batho fatše mona ha ba elelloe seo ba nang le sona.”
Linnete li bontša hore polelo eo ke ’nete—batho ha ba elelloe letlotlo leo ba nang le lona. Ho e-na le ho hlokomela mpho ena e tsoang ho Molimo, batho baa e silafatsa le ho e senya. Bo-rasepaka-paka le bona ba bone sena. Paul Weitz, molaoli oa Challenger, setsoibileloa sebakeng sa pele, o ile a re tšenyo eo motho a e etsang lefatšeng ea “nyarosa” ha e talingoa ho tloha sepaka-pakeng. “Ka bomalimabe, lefatše lena le fetoha polanete e lerootho.” O ile a boela a phaella: “Re fumana molaetsa ofe? Re silafatsa sehlaha sa rōna.” Tšenyo e hloele mekoalaba ka ho khethehileng “mehleng ea qetello” e mahlonoko. Jehova o ntša kahlolo ea hae khahlanong le ba senyang lefatše, e leng, hore o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
Sechaba se se Nang Teboho ha se Tšoanelehele Mpho ea Molimo
Sechaba se nang le lerato la lintho tse bonahalang se hataketse lintho tsa bohlokoa tsa moea ka tlas’a maoto a sona bakeng sa ho fa nama bolokolohi. Litataiso tse sebetsang tseo Jehova a li fileng batho bakeng sa bophelo bo thabileng le bo khotsofatsang li qheletsoe ka thōko ke tšusumetso ea boithati ea ’na-feela e khethollang mehla ea rōna.
Timothea oa Bobeli 3:1-5 e hlalosa mehla e mahlonoko eo re phelang ho eona: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebōpeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba joalo u ba furalle.”
Khoebo e khothalletsa taba-tabelo ea ho ba le lintho le ho li sebelisa, ’me phatlalatso ke kofuto ea eona e ka sehloohong. Phatlalatso e ngata ke e loketseng; e ngata ha e-ea lokela. Phatlalatso e boletsoeng hamorao e lumellana le tlhaloso ea Eric Clark ho The Want Makers: “Hase feela hore phatlalatso e thusa ho rekisetsa batho lintho tse fosahetseng tseo ba ke keng ba li khona, hangata e etsa joalo ka litheko tse phahameng ka ho sa lokelang.” Alan Durning oa World Watch o re: “Baphatlalatsi ha ba rekise mesebetsi ea matsoho feela empa ba rekisa mekhoa ea ho phela, boikutlo, lintho tse inahaneloang, li matahanngoa le litaba-tabelo tse ke keng tsa lekanngoa tsa maikutlo.” Sepheo sa ho phatlalatsa ke ho re etsa hore re se khotsofale ka seo re nang le sona ’me re be le takatso ea seo re sa se hlokeng. Ho haha takatso e sa khotsofaleng; ho lebisa bofokoling ba ho ithiba khahlanong le tšebeliso ea lintho e feteletseng; ho baka ho qhaloa ho eketsehileng ha lithōle tse silafatsang lefatše. Tšusumetso e bolotsana ea hona e phunyeletsa butle-butle le ka mano haesita le lipelong tse tepeletseng tsa ba phelang bofutsaneng bo hlokisang tšepo. Baphatlalatsi ba bangata ka mabifi ba fumanela ’maraka thepa e tsebahalang ka ho bolaea le ka ho kulisa batho.
Seo e leng sa bohlokoa ho rōna ke boemo ba rōna le Molimo, joalokaha Moeklesia 12:13 e re: “Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.” Ba etsang joalo ba tla tšoanelehela bophelo Paradeiseng e hloekileng ea Jehova! Jesu o ile a tšepisa: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”—Johanne 5:28, 29.
Nako eo Mpho ea Molimo e Tlang ho Ananeloa
Lefatše leo e tla ba le hlollang ka tsela e thata hakaakang hore e lumeloe! Jehova o re file tlhaloso ena e thabisang ea lona: “Eaba ke [Johanne] bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, le lona leoatle le ne le se le le sieo. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:1, 4.
Lintho tsa pele tse kang ho qhaloa ha lithōle, lithōle tse chefo, le ba thesemetsang lithōle tsa bona ho ba bang li tla be li se li le sieo. Joale batho feela ba tla beng ba phela lefatšeng e tla ba ba ratang baahisani ba bona joalokaha ba ithata, ba rorisang Jehova bakeng sa mpho ea hae ea lefatše, ’me e le ba thabelang ho le hlokomela le ho le boloka boemong ba paradeise.—Mattheu 22:37, 38; 2 Petrose 3:13.
[Lebokose le leqepheng la 11]
Lefeela la Lerato la Lintho Tse Bonahalang
Jesu o ile a bua ’nete e tobileng ha a ne a lemosa: “Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ea leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng, leha li mo atetse haholo.” (Luka 12:15) Se tsotellehang hase hore na re na le eng; seo e leng sa bohlokoa ke seo re leng sona. Ho bonolo haholo ho ameha har’a lehlana-hlana la bophelo—ho fumana chelete, ho bokella lintho, lehlapha-hlapha la ho phothoma menyaka eo nama e e laba-labelang—le ho nahana hore re hlile re phela bophelo ba rōna ka botlalo, ha re haelloe ke letho, ha e le hore e ka ’na eaba re ntse re lahleheloa ke se molemo seo bophelo bo fanang ka sona.
Ke feela ha bophelo bo se bo feta moo re elelloang hore re lahlehetsoe. Re elelloa ’nete ea seo Bibele e se buang: Bophelo bo bokhutšoaane haholo—ke moholi o nyamelang, mosi, pululo, seriti se fetang, joang bo botala bo omellang, palesa e ponang. Bo ile kae? Re entse’ng? Ke hobane’ng ha re ne re le mona? Na sena ke sohle se teng? Na ke lefeela la mafeela, le ho lelekisa moea?—Jobo 14:2; Pesaleme ea 102:3, 11; 103:15, 16; 144:4; Esaia 40:7; Jakobo 4:14.
Motho ea sepetlele, ea shoang, o talima kantle ka fensetere, o bona leralla le phoroselang metsi a hoholang joang bo kopaneng le lehola, letsatsing le futhumetseng, lipalesa tse seng kae tse nyenyane tse ntseng li bitoha le ho nyamela, serobele se ntseng se fata lithōleng bakeng sa ho nokola lipeō tse seng kae—hase pono e ka tsosang maikutlo hakaalo. Empa ho motho ea shoang, e ntle. Tlhōlohelo e utloisang bohloko e-ea mo susumetsa, ho nahana feela ka menyaka e sa reng letho eo a lahlehetsoeng ke eona, lintho tse nyenyane li bolela ho hoholo. Tsohle li fetile kapele haholo!
Mangolo a Bibele a Segerike a hlalosa sena ka ho hlakileng: “Ha rea ka ra tlisa letho lefatšeng, ’me hoa bonahala hoba re sitoa ho ea le letho, ha re le tlohela. ’Me ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” (1 Timothea 6:7, 8) Mangolo a Seheberu a e beha ka mokhoa o tobileng le ho feta: “Joalo ka ha a na a tsoile mpeng ea ’m’ae, o tla ikhutlela a le feela, a ikele joalo ka ha a tlile; o tla ea a sa nke letho mokhathaleng oa hae, leo a ka eang le lona a le fuparetse ka letsoho.”—Moeklesia 5:15.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]
NASA photo