Na Ntoa—Ea Hlōloa?
“HLOKOMELA polanete ena, ke eona e le ’ngoe feela eo re nang le eona.” Bona e bile boipiletso bo matla haholo ba Khosana Philip oa Brithani, mopresidente oa Mokhatlo oa Lefatše oa Paballo ea Tlhaho.
Lilemo tse likete pele ho moo mopesaleme o ile a ngola: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, ’me lefatše o le neile bana ba batho.” (Pesaleme ea 115:16) Molimo o re file lefatše e le lehae la rōna, ’me re lokela ho le hlokomela. Seo ke sohle seo ecology e buang ka sona.
Ka ho toba lentsoe “ecology” le bolela “thuto ea lehae.”a Tlhaloso e ’ngoe e fanoeng ke The American Heritage Dictionary e re ke “thuto ea liphello tse kotsi tsa tsoelo-pele ea mehleng ea kajeno tikolohong, ka sepheo sa ho thibela kapa ho lokisa lintho ka ho li baballa.” Ha e hlalosoa habonolo, ecology e bolela ho sibolla tšenyo eo motho a e entseng le ho fumana litsela tsa ho e lokisa. Ho hang sena hase mosebetsi o bonolo.
Linnete Tse Tharo Tsa Motheo ka Ecology
Barry Commoner, setsebi sa baeloji, bukeng ea hae e bitsoang Making Peace With the Planet, o hlahisa melao e bonolo e meraro ea ecology e thusang ho hlalosa lebaka leo lefatše le hlaseloang habonolo ke tšoaro e mpe.
Lintho tsohle lia amana. Joalokaha leino le bolileng le ka ama ’mele kaofela, kahoo tšenyo e etsoang mohloling o itseng oa matlotlo a tlhaho e ka baka letoto la mathata a tikoloho mehloling ea tlhaho.
Ka mohlala, lilemong tse 40 tse fetileng, karolo ea 50 lekholong ea meru ea Nepal ea Himalaya e ile ea rengoa bakeng sa patsi kapa lihlahisoa tsa lehong. Hoba lifate li rengoe, kapele-pele mobu o methipoloheng ea lithaba o ile oa hoholeha ha lipula tse matla haholo li fihla. Ha mobu o ka holimo o tlohile, lifate tse ncha li ne li ke ke tsa hlola li mela habonolo, ’me lithaba tse ngata li ile tsa fetoha matsoatlara. Ka lebaka la ho senngoa ha meru, hona joale Nepal e lahleheloa ke lithane tse limilione tsa mobu o ka holimo selemo le selemo. ’Me mathata ha a felle Nepal feela.
Bangladesh lipula tse matla, tseo ka nako e fetileng li neng li monngoa ke lifate, li phalla ka bolokolohi lithabeng tse hlobotseng ho leba lebōpong la leoatle, moo li bakang meroallo e tlisang likoluoa. Mehleng e fetileng, Bangladesh e ne e e-ba le moroallo o kotsi hang nakong ea lilemo tse 50; hona joale o ba lilemong tse ling le tse ling tse ’nè kapa ka tlaase ho moo.
Likarolong tse ling tsa lefatše, ho senngoa ha meru ho bakile mahoatata le ho fetola boemo ba leholimo ba sebakeng seo. Meru ke o mong feela oa mehloli ea tlhaho eo motho a e sebelisang hampe. Kaha litsebi tsa ecology li sa ntse li tseba ho batlang ho fokola ka ho lohellana ho rarahaneng ha batho le tikoloho ea bona, bothata bo ka ’na ba se hlokomelehe ho fihlela tšenyo e khōlō e se e entsoe. Sena ke ’nete tabeng ea ho lahloa ha litšila, e leng se hlakisang ntlha ea bobeli ea molao oa ecology.
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho ea sebakeng se seng se itseng. Inahanele kamoo lehae la sebele le neng le ka boheha kateng haeba le ne le hloka moo ho tšolleloang litšila teng. Polanete ea rōna e joalo—litšila tsohle tsa rōna li qetella li fihlile sebakeng se seng se itseng ho potoloha lehaeng la lefatše. Ho senyeha ho itseng ha lera la ozone ho bontša hore haesita le likhase tse seng kotsi joaloka li-chlorofluorocarbon (li-CFC), ha li nyamele feela li sa siea mophula moeeng. Li-CFC e mpa feela e le tse ling tsa lintho tse makholo-kholo tse ka ’nang tsa e-ba kotsi tse qhalloang sepaka-pakeng, linōkeng le maoatleng.
Ke ’nete hore tse ling tsa lihlahisoa—tse bitsoang “tse ka fetohang lintho tse ling”—ka mor’a nako li ka fetoha ka litsela tsa tlhaho, empa tse ling ha li fetohe. Mabōpo a leoatle a silafalitsoe ke lipolasetiki tse tšelang lintho tse tlang ho lula li le teng ka lilemo tse mashome tse tlang. Ho sa bonahaleng haholo ke litšila tse chefo tsa liindasteri, tseo hangata li chekeloang sebakeng se seng. Le hoja li sa bonoe, ha ho tiiso ea hore li tla lebaleha. Li ka ’na tsa monyela phepelong ea metsi a tsoang ka tlas’a lefatše ’me tsa bakela batho le liphoofolo likotsi tse tebileng tsa bophelo bo botle. Rasaense oa Hungary o ile a lumela Sebokeng sa Budapest sa Saense ea Metsi: “Ha re tsebe seo re ka se etsang ka lik’hemik’hale tsohle tse entsoeng ke indasteri ea mehleng ea joale. Ha re tsebe esita le lik’hemik’hale tsohle tse entsoeng kapa hore na li tšolletsoe hokae.”
Litšila tse sokelang ho feta tsohle ke litšila tse bakoang ke ho phatloha ha mahlaseli a athomo, tse hlahisoang ke liteishene tse fehlang matla a nyutlelie. Lithane tse likete-kete tsa litšila tsa nyutlelie li bolokiloe libakeng tsa nakoana, le hoja tse ling li se ntse li qhalletsoe maoatleng. Ho sa tsotellehe liphuputso tsa saense tse entsoeng ka lilemo-lemo, ha ho tharollo e seng e finyeletsoe bakeng sa polokelo e sireletsehileng, ea kamehla kapa eo ho ka qhalloang ho eona, ’me ha ho bonahale ho e-na le letho bokamosong bo haufi. Ha ho ea tsebang hore na libomo tsena tsa ecology li ka ’na tsa phatloha neng. Ka sebele bothata bona bo ke ke ba nyamela—litšila tsena li tla lula li ntse li ntša mahlaseli a athomo ka lilemo tse makholo kapa tse likete tse tlang, kapa ho fihlela Molimo a nka khato. (Tšenolo 11:18) Ho se tsotelle ha motho taba ea ho tšolloa ha litšila e boetse ke khopotso ea molao oa boraro oa ecology.
Ho tlohella tlhaho hore e sebetse ka tsela ea eona. Ka mantsoe a mang, ho hlokahala hore motho a sebelisane le litsela tsa tlhaho ho e-na le ho leka ho li khelosa ka ho hong hoo a nahanang hore ho molemonyana. Mohlala ntlheng ena ke lichefo tse ling tse bolaeang likokoanyana. Ha li ne li qala ho hlahisoa, li ile tsa nolofaletsa lihoai ho fokotsa lehola ’me tsa sebetsa hantle ho felisa likokoanyana. Ho ile ha bonahala hore ntle ho tika-tiko ho tla ba le chai e khōlō ka ho fetisisa. Empa joale lintho li ile tsa senyeha. Lehola le likokoanyana ha lia ka tsa hlola li bolaoa ke mefuta-futa ea lichefo tse bolaeang likokoanyana, ’me ho ile ha totobala hore lichefo tsena li bolaea lintho tseo ka tlhaho li jang likokoanyana, liphoofolo tse hlaha, haesita le motho ka boeena. Mohlomong u anngoe ke chefo e bolaeang likokoanyana. Joale u e mong oa bahlaseluoa ba ka bang milione lefatšeng ka bophara.
Phello ea ho qetela e neng e sa lebelloa ke bopaki bo ntseng bo hōla ba hore lichefo tse bolaeang likokoanyana li ka ’na tsa se ntlafatse chai qetellong. Hona joale United States, likokoanyana li senya karolo e khōlō ea lijalo tse butsoitseng ho feta kamoo li ’nileng tsa etsa kateng pele ho fetoheloa tšebelisong ea lichefo tsena. Ka ho tšoanang, Mokhatlo oa Machaba oa Phuputso ea Reise, oo setsi sa oona se leng Philippines, o ile oa fumana hore lichefo tse bolaeang likokoanyana ha li sa ntlafatsa chai ea reisi Asia Boroa-bochabela. Ha e le hantle, lenaneo le tšehelitsoeng ka lichelete tsa ’muso la Indonesia le sa itšetlehang haholo ka lichefo tse bolaeang likokoanyana le finyeletse keketseho ea 15 lekholong tlhahisong ea reisi ho tloha ka 1987 ho sa tsotellehe ho fokotsa tšebeliso ea lichefo tse bolaeang likokoanyana ka karolo ea 65 lekholong. Ho sa tsotellehe seo, selemo le selemo lihoai tsa lefatše li ntse li sebelisa lichefo tse bolaeang likokoanyana ka ho pharaletseng.
Melao e meraro ea ecology e lokolisitsoeng kaholimo e thusa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha lintho li senyeha. Lipotso tse ling tsa bohlokoa ke hore, Ho se ho bakiloe tšenyo e kae, ’me na e ka lokisoa?
Ho Bakiloe Tšenyo e Kae?
’Mapa oa lefatše o kenyelelitsoeng (bona maqephe a 8-9) o totobatsa mathata a mang a maholo a tikoloho le moo a leng mabe ka ho fetisisa. Ka ho hlakileng, ha ho senyeha tulo kapa mabaka a mang a itseng a timetsa mefuta ea limela kapa liphoofolo, eo hase tšenyo eo motho a ka e lokisang. Tšenyo e ’ngoe—e kang ho senyeha ha lera la ozone—e se e ntse e entsoe. Ho thoe’ng ka tšenyeho e tsoelang pele ea tikoloho? Na ho na le khatelo-pele e entsoeng ho e thibela kapa bonyane ho e fokotsa?
Lintho tse peli tsa bohlokoahali tse lekanyetsang tšenyo ea ecology ke temo le tšoaso ea litlhapi. Hobane’ng? Hobane katleho ea tsona e itšetlehile ka tikoloho e nang le bophelo bo botle le hobane bophelo ba rōna bo itšetlehile ka phepelo e tsitsitseng ea lijo.
Lintho tseo ka bobeli li bontša matšoao a ho senyeha. Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lijo le Temo o ile oa hakanya hore lihlopha tsa batšoasi ba lefatše ba litlhapi li ke ke tsa tšoasa lithane tse fetang limilione tse 100 tsa litlhapi li sa bake leqeme phepelong ea litlhapi. Kakaretso eo e ile ea fetoa ka 1989, ’me ho ile ha etsahala joalokaha ho ne ho lebeletsoe, selemong se latelang tšoaso ea litlhapi lefatšeng lohle e ile ea theoha ka lithane tse limilione tse ’nè. Libaka tseo litlhapi li khobokanang ka lihlopha tse khōlō ho tsona li fokotsehile haholo. Ka mohlala, ka leboea-bochabela ho Atlantic, ho tšoasa ho theohile ka karolo ea 32 lekholong lilemong tse 20 tse fetileng. Mathata a sehlooho ke tšoaso e feteletseng ea litlhapi, ho silafatsoa ha maoatle le ho senngoa ha libaka tsa ho qhotsetsa.
Tšekamelo ena e tšosang e bontšoa ke tlhahiso ea lijalo. Lilemong tsa bo-1960 le bo-1970, mekhoa e ntlafalitsoeng ea ho hlōla mafu a lijalo hammoho le ho nosetsa le tšebeliso e pharaletseng ea lichefo tsa lik’hemik’hale tse bolaeang likokoanyana le manyolo li ile tsa ntlafatsa chai ea lefatše ea lijo-thollo haholo. Hona joale, lichefo tsena tse bolaeang likokoanyana le manyolo li lahleheloa ke matla a tsona, ’me khaello ea metsi le tšilafalo le tsona li tlatselitse ho fokotseheng ha chai.
Le hoja ho e-na le batho ba eketsehileng ba batlang e e-ba limilione tse 100 ba lokelang ho feptjoa selemo le selemo, kakaretso ea libaka tse lokelang ho etsoa masimo e ile ea fokotseha lilemong tse leshome tse fetileng. ’Me naha ena e loketseng temo e lahleheloa ke matla a eona a ho beha. Worldwatch Institute e hakanya hore khoholeho e amohile lihoai lithane tsa limilione tse likete tse 500 tsa mobu o ka holimo nakong ea lilemo tse 20 tse fetileng. Tlhahiso ea lijo e qalile ho fokotseha ka ho ke keng ha qojoa. Tlaleho ea State of the World 1993 e hlalosa hore “ho fokotseha ha lijo-thollo ka karolo ea 6 lekholong bakeng sa motho ka mong mahareng a 1984 le 1992 mohlomong [ke] boemo bo ferekanyang ka ho fetisisa ba moruo lefatšeng kajeno.”
Ka ho hlakileng, bophelo ba batho ba limilione bo se bo ntse bo le kotsing ka lebaka la ho se tsotelle ha motho tikoloho.
Na Motho a ka Sebetsana le Mathata Ana?
Esita le hoja hona joale motho a utloisisa hore ho na le ho hong ho senyehang, ha ho bonolo hore a lokise. Bothata ba pele ke ba hore ho ne ho tla hlokahala chelete e ngata haholo—bonyane libilione tse peli tsa liranta ka selemo—bakeng sa ho kenya tšebetsong litlhahiso tse akaretsang tse ileng tsa fanoa Sebokeng sa Lefatše ka 1992. Ho ne ho tla hlokahala boitelo ba sebele—boitelo bo kang ho fokotsa tšenyo le ho ntlafatsa lintho hore li sebelisoe hape haholoanyane, ho boloka metsi le matla, ho sebelisa lipalangoang tsa sechaba ho e-na le ho sebelisa sepalangoang sa hao, ’me se leng thata haholo, ho nahanela polanete ho e-na le lithahasello tsa boithati. John Cairns, e monyenyane, molula-setulo oa komiti ea United States e tsosolosang bophelo ba limela tsa metsing, o ile a hlalosa bothata bona ka bokhutšoaane: “Ke tletse tšepo ka seo re ka se etsang. Ha ke na tšepo ka seo re tlang ho se etsa.”
Litšenyehelo tsohle tsa tlhoekiso e akaretsang ke tseo linaha tse ngata li khethang ho lieha ho nka bohato ka tsona ho fihlela letsatsing la ho qetela. Nakong ea maqakabetsi a moruo, litekanyetso tse mabapi le tikoloho li talingoa e le tšokelo ea mesebetsi kapa e le tse khinang moruo. Ho bua ho bonolo ho feta liketso. Buka e bitsoang Caring for the Earth e hlalosa karabo ea joale e le e tšoanang le “lialuma tsa bokheleke ba puo tse lateloang ke nako e telele ea ho se nke khato.” Empa ho sa tsotellehe ho lieha hona, na theknoloji e ncha—haeba e ka fuoa nako—e ka fumana phekolo e seng bohloko ka ho kula ha polanete ee? Ka ho hlakileng ha ho joalo.
Ka ntsoe-leng, Mokhatlo oa Sechaba oa Thuto e Phahameng ea Saense oa United States le Mokhatlo oa Royal oa London e ile ea lumela ka botšepehi: “Haeba keketseho eohle ea baahi e boleloang esale pele e nepahetse ’me mesebetsi ea batho holim’a polanete ena e sa fetohe, saense le theknoloji li ka ’na tsa hlōleha ho thibela ho senyeha ho ke keng ha etsolloa ha tikoloho kapa bofutsana bo tsoelang pele karolong e khōlō ea lefatše.”
Bothata bo nyarosang ba litšila tsa nyutlelie tseo ho se nang moo li tšolleloang teng ke khopotso ea hore saense hase makhona-tsohle. Ka lilemo tse 40 litsebi tsa saense li ’nile tsa batla libaka tse sireletsehileng bakeng sa ho boloka ka nako eohle litšila tse nang le mahlaseli a athomo ka bongata. Ho batla hona ho ipakile ho le thata hoo linaha tse ling, joaloka Italy le Argentina, li ileng tsa etsa qeto ea hore li ke ke tsa e-ba le sebaka se loketseng ho fihlela ka selemo sa 2040 ha ho thoe e bile kapele haholo. Jeremane, naha e nang le tšepo e khōlō mabapi le sena, e tšepa hore e tla qetella litokisetso ka selemo sa 2008.
Ke hobane’ng ha litšila tsa nyutlelie e le bothata bo bokaale? Setsebi sa geology Konrad Krauskopf sea hlalosa: “Ha ho setsebi sa saense kapa moenjiniere ea ka fanang ka tiiso e feletseng ea hore litšila tse bakoang ke ho phatloha ha athomo ka letsatsi le leng ha li na ho lutla ka bongata bo kotsi esita le moo li bolokiloeng hamolemohali teng.” Empa ho sa tsotellehe litemoso tsa pele ka bothata ba ho tšolla litšila, mebuso le liindasteri tsa nyutlelie li ’nile tsa tsoela pele ka ho se mamele, li ntse li nka hore theknoloji ea hosasa e tla fana ka tharollo. Ha ho mohla hosasa hoo ho ileng ha fihla.
Haeba theknoloji e se na tharollo e potlakileng bakeng sa maqakabetsi a tikoloho, ke boikhethelo bofe bo bong hape bo setseng? Na qetellong tlhokahalo e tla qobella lichaba ho sebetsa ’moho ho sireletsa polanete ee?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E tsoa lentsoeng la Segerike oiʹkos (ntlo, lehae) le lo·giʹa (thuto).
[Lebokose le leqepheng la 7]
Ho Batla Mehloli Ea Matla E Ka Nchafatsoang
Ba bangata ba rōna ba nka matla habobebe—ho fihlela ha motlakase o khaoha kapa ha theko ea oli e nyoloha. Leha ho le joalo, tšebeliso ea matla ke e ’ngoe ea lisosa tse khōlō ka ho fetisisa tsa tšilafalo. Boholo ba matla a sebelisoang bo tsoa patsing e chesoang kapa mesaletseng ea lintho tse shoeleng e tsoang ka tlas’a lefatše, mohato o etsang hore ho tšolloe lithane tse limilione tsa carbon dioxide sebakeng ’me e le o timetsang meru ea lefatše.
Matla a nyutlelie, ke khetho e ’ngoe, e ntseng e fetoha e sa rateheng haholoanyane ka lebaka la kotsi ea likotsi tsa tšohanyetso le bothata ba ho boloka litšila tse bakoang ke ho phatloha ha athomo. Mefuta e meng e tsebahala e le mehloli ea matla e nchafatsoang, hobane e laola mehloli ea matla a tlhaho a fumanehang habonolo. Ho na le mefuta e mehlano e ka sehloohong.
Matla a letsatsi. Matla a letsatsi a ka monngoa habonolo bakeng sa mocheso, ’me linaheng tse ling, joaloka Iseraele, matlo a mangata a na le matlapa a nkang matla a letsatsi bakeng sa ho futhumatsa metsi. Ho sebelisa letsatsi bakeng sa ho hlahisa motlakase ho thata haholo, empa libeteri tsa mehleng ea kajeno tse fehlang motlakase li se li ntse li sebelisoa ho fana ka motlakase libakeng tsa mahaeng ’me li boloka chelete haholo.
Matla a moea. Hona joale libentemili tse khōlōhali li atile likarolong tse ngata tsa lefatše moo ho nang le moea o mongata. Motlakase o bitsoang o fepeloang ka matla a moea, o theko e tlaase ’me hona joale libakeng tse ling o theko e tlaase ho feta phepelo e tloaelehileng ea motlakase.
Motlakase o fehloang metsing. Hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea motlakase oa lefatše e tsoa lifekthering tse fehlang motlakase metsing, empa ka bomalimabe libaka tse batlang li tšepisa linaheng tse ruileng li se li ntse li sebelisoa hampe. Matamo a maholohali le ’ona a ka etsa tšenyo e khōlō haholo ea ecology. Tebello e molemonyana, haholo-holo linaheng tse hōlang moruong, ho bonahala e le ea ho haha lifektheri tse ngata tse nyenyane tse fehlang motlakase metsing.
Ho sebelisa matla a mocheso o tsoang ka mpeng ea lefatše. Linaha tse ling, haholo-holo Iceland le New Zealand, li ile tsa khona ho kha “tsamaisong ea metsi a chesang” a ka tlaase. Ho fulueha seretse se chesang ka tlas’a lefatše ho futhumatsa metsi, a ka sebelisoang bakeng sa ho futhumatsa matlo le ho fehla motlakase. Italy, Japane, Mexico, Philippines le United States le tsona li ntšelitse pele mohloli ona oa matla a tlhaho ka tekanyo e itseng.
Matla a fumanoang maqhubung a metsi a leoatle. Maqhubu a leoatle aa sebelisoa linaheng tse ling, joaloka Brithani, Fora le Russia bakeng sa ho fehla motlakase. Leha ho le joalo, ho na le libaka tse seng kae ho pota lefatše tseo ho neng ho ka ba bonolo eaba ea e-ba ho molemo ho li fepela matla ka tsela ena e baballang chelete.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
A Mang A Mathata A Maholo A Tikoloho A Lefatše
Ho senngoa ha meru. Karolo ea boraro ea meru ea libakeng tse itekanetseng ka mocheso le mohatsela le halofo ea meru ea libakeng tse chesang, tse mongobo tsa lefatše e se e lahlehile, ’me sekhahla seo meru e senngoang ka sona se eketsehile ka ho tšosang lilemong tse leshome tse fetileng. Likhakanyo tsa morao-rao li beha tšenyo ea meru ea libakeng tse chesang, tse mongobo tsa lefatše lipakeng tsa lisekoere k’hilomithara tse 150 000 le 200 000 selemo se seng le se seng, e leng sebaka se ka bang boholo ba Uruguay.
Litšila tse chefo. Halofo ea lik’hemik’hale tse 70 000 tse entsoeng haufinyane e oela sehlopheng sa tse chefo. United States feela e hlahisa lithane tse limilione tse 240 tsa litšila tse chefo selemo se seng le se seng. Ho haella ha boitsebiso ho etsa hore ho be thata ho hakanya kakaretso ea lefatšeng ka bophara. Ho phaella moo, ka selemo sa 2000, ho tla ba le ho ka etsang lithane tse 200 000 tsa litšila tse bakoang ke ho phatloha ha athomo tse bolokiloeng libakeng tsa nakoana.
Ho senyeha ha naha. Karolo ea boraro ea lefatše e sokeloa ke ho fetoha lehoatata. Likarolong tse ling tsa Afrika, Lehoatata la Sahara le eketsehile ka lik’hilomithara tse 350 nakong ea lilemo tse 20 feela. Se mpefatsang khaello ena ke ho psha ha liliba tse likete-kete ka lebaka la ho theoha ha mehloli eo li itšetlehileng ka eona.
Leqeme la metsi. Batho ba ka bang limilione tse likete tse peli ba phela libakeng tseo ho nang le khaello e sa feleng ea metsi. Se mpefatsang khaello ena ke ho psha ha liliba tse likete ka lebaka la ho theoha ha mehloli eo li itšetlehileng ka eona.
Liphoofolo tse kotsing ea ho fela. Le hoja ka tsela e itseng lipalo tsena e le likhakanyetso feela, litsebi tsa saense li hakanya hore mefuta e lipakeng tsa 500 000 le 1000 000 ea liphoofolo, limela le likokoanyana e tla be e nyametse ka ho feletseng ka selemo sa 2000.
Tšilafalo ea sepaka-paka. Qalong ea bo-1980 phuputso ea Machaba a Kopaneng e ile ea fumana hore batho ba limilione tse sekete letsatsi le letsatsi ba phela libakeng tsa litoropo tse pepesehetseng moea kapa likhase tse chefo, joaloka sulfur dioxide, nitrogen dioxide le carbon monoxide tse sokelang bophelo. Khōlo e potlakileng ea metse e meholo lilemong tse leshome tse fetileng ntle ho pelaelo e mpefalitse bothata bona. Ho feta moo, lithane tse limilione tse likete tse 24 tsa carbon dioxide li qhalloa sepaka-pakeng selemo le selemo, ’me ho na le tšabo ea hore “greenhouse gas” e ka hlahisa mocheso o akaretsang lefatše lohle.
[’Mapa]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ho senngoa ha meru
Litšila tse chefo
Tšilafalo ea sepaka-paka
Mountain High Maps™ copyright© 1993 Digital Wisdom, Inc.
Leqeme la metsi
Liphoofolo tse kotsing ea ho fela
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Ho senyeha ha naha
Photo: Hutchings, Godo-Foto
Photo: Mora, Godo-Foto