“Li Bile Ntle ka Mokhoa o Makatsang!”
“Kamehla ke ile ka thabela ho bala Molula-Qhooa le Tsoha!, empa lilemong tsa morao tjena li bile ntle ka mokhoa o makatsang hoo ke thatafalloang ke ho fumana mantsoe a li hlalosang ka ho hlaka. Ke batla ho hlahisa mantsoe a ka a kananelo bakeng sa boitsebiso bo fanoeng tokollong ea Tsoha! ea November 8, 1994, tlas’a sehlooho “Bolumeli bo Nka Lehlakore” le “Sarajevo—Ho Tloha ka 1914 ho Fihlela ka 1994.” Ntoa ea lehae e pakeng tsa Bosnia, Serbia le Croatia, ke e rarahaneng le e sehlōhō hoo e nkamang pelo haholo hobane ke le Mocroatia. Ke ile ka ananela haholo tsela eo le ileng la latella histori ea ntoa eo le metso ea eona e tebileng ho khutlela morao koana selemong sa 1054. Sena se hlakisitse karolo ea bolumeli le boiteko ba bona bo sa khaotseng bo bakileng likarohano le lehloeo tse fetang har’a merabe ena ea lichaba. Ka bomalimabe, kajeno lefatše le bona feela bobe ba batho bana bao ka tlhaho e leng batho ba batle. Ke boela ke le leboha bakeng sa ho hlalosa boemo bo rarahaneng ka tsela e utloisisehang. [Ho saenne] M. K.”
Tsoha! e na le botumo bo botle ba ho ba hlokolosi ha e etsa liphuputso le ho se be leeme ha e tlaleha. Empa e boetse ke makasine e fanang ka tšepo ea bokamoso bo nang le khotso e theiloeng tšepisong ea Molimo ea ho tlisa lefatše tlas’a borena ba ’Muso oa hae.
Haeba u ka rata ho bala makasine ena kamehla, ka kōpo kopana le Lipaki tsa Jehova tse leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la tokollo ena.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Right: Culver Pictures