Pono ea Bibele
Na Bakreste ba Lokela ho Tšehetsa Kahlolo ea Lefu?
“EFOSAHETSE boitšoarong le litekanyetsong tsa boitšoaro.” “E hloka leeme ’me e lokile.” Maikutlo ana a hanyetsanang ke a baruti ba babeli, bao ka bobeli ba ipitsang Bakreste. Ba ne ba phehile khang ka e ’ngoe ea litsekisano tse matla kajeno—kotlo ea lefu. Sehlooho sa koranta se ileng sa qotsa mantsoe a bona se ile sa hlokomela: “Ha baeta-pele ba bolumeli ba pheha khang ka kotlo ea lefu, mahlakore ka bobeli a supa litemaneng tsa Bibele ho tšehetsa boemo ba bona.”
Ba bang ba pheha khang ea hore kotlo ea lefu e sireletsa ba hlokang molato, e phahamisa toka, ’me e thibela bokebekoa. Ba bang ba na le boikutlo bo matla ba hore ke boitšoaro bo bobe—tsela ea ho arabela pefo ka pefo e eketsehileng le ea ho nyenyefatsa mosebetsi o motle oa ho khutlisetsa likebekoa tseleng, ho li thusa ho fetoha litho tse molemo sechabeng.
Khang ena e iphile matla haholo mabaleng a lipolotiki, United States, ’me baeta-pele ba bolumeli ha baa ka ba tsila-tsila ho itšunya-tšunya. Mohlomong, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ho na le seo Bibele e se buang tabeng ea kotlo ea lefu?’ Ha e le hantle, se teng.
Ho Neha Balaoli ba Batho “Sabole”
Nakoana ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, Jehova Molimo o ile a hlakisa bohlokoa ba bophelo ba motho ’me joale a re: “Ea tšollang mali a motho, le a hae mali a tla tšolloa ke motho.” (Genese 9:6) Ka sebele, sena se ne se sa fane ka tumello ea ho iphetetsa e se nang moeli. Ho e-na le hoo, se ne se bolela hore ho tloha nakong eo balaoli ba phahameng ba batho, ba khethiloeng ka tšoanelo, ba ne ba tla lumelloa hore ba ahlolele lefu ba amohang ba bang bophelo.
Iseraeleng ea boholo-holo, Molao oo Molimo a ileng a o fetisa ka Moshe o ne o lumella kotlo ea lefu bakeng sa litlōlo tse itseng tse tebileng. (Levitike 18:29) Leha ho le joalo, Molao o ne o boetse o fana ka litaelo mabapi le kahlolo e se nang leeme, bopaki ba paki e boneng ka mahlo le thibelo ea ho se tšepahale. (Levitike 19:15; Deuteronoma 16:18-20; 19:15) Baahloli e ne e lokela ho ba batho ba inehetseng ’me ba ne ba nkoa ba ikarabella ho Molimo ka boeena! (Deuteronoma 1:16, 17; 2 Likronike 19:6-10) Ka tsela ena o ne o e-na le lithibelo tse sireletsang khahlanong le tšebeliso e mpe ea kotlo ea lefu.
Kajeno ha ho ’muso lefatšeng lena oo ka sebele o emelang toka ea bomolimo joaloka Iseraele ea boholo-holo. Empa ka litsela tse ngata mebuso e sebetsa e le ‘basebeletsi’ ba Molimo, kapa baemeli, ka hore e boloka taolo le botsitso ho isa bohōleng bo itseng ’me e fana ka litšebeletso tsa sechaba. Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Bakreste hore ba utloe bana “ba phahameng” eaba joale oa phaella: ‘Empa haeba u etsa se sebe, u be tšabong: kaha hase ntle ho morero o [’muso] jereng sabole; etsoe ke mosebeletsi oa Molimo, mopheteletsi ho bontša khalefo ho ea tloaetseng ho etsa se sebe.’—Baroma 13:1-4.
“Sabole” eo Pauluse a neng a bua ka eona e tšoantšetsa tokelo ea mebuso ea ho otla batlōli ba molao—esita le ka lefu. Bakreste ba hlompha tokelo eo, empa na ba lokela ho ba le lentsoe mabapi le tšebeliso ea eona?
“Sabole” e Sebelisitsoe Hampe
Ka sebele mebuso ea batho e sebelisitse “sabole” ka makhetlo a mangata molemong oa toka. Empa re tlameha ho lumela hore e boetse e bile le molato oa ho e sebelisa hampe. (Moeklesia 8:9) ’Muso oa Roma ea boholo-holo o ile oa ba le molato oa ho sebelisa “sabole” ea boahloli ho bolaea bahlanka ba Molimo ba se nang molato. Johanne Mokolobetsi, Jakobo esita le Jesu Kreste ba ile ba ba har’a ba ileng ba bolaoa ke ’ona.—Matheu 14:8-11; Mareka 15:15; Liketso 12:1, 2.
Ntho e tšoanang e etsahetse le kajeno. Bahlanka ba Jehova ba se nang molato ba ’nile ba bolaoa linaheng tse fapaneng—ka ho thunngoa ke mabotho a sesole, ka ho bolaoa ka mechine, ka ho fanyehoa, ka ho khangoa ka khase—tsohle li etsoa “ka molao” ke mebuso e lekang ho hatella Bokreste. Mebuso eohle e sebelisang matla a eona a bolaoli hampe e tla ikarabella ho Molimo. Ke molato o tšabehang hakaakang oa mali oo e o jereng!—Tšenolo 6:9, 10.
Bakreste ba ’nete ba thothometsoa ke khopolo ea ho jara molato oa mali pel’a Jehova Molimo. Ka lebaka leo, le hoja ba hlompha tokelo ea ’muso ea ho sebelisa “sabole,” ba hlokometse ka ho hlaka kamoo e ’nileng ea sebelisoa hampe kateng. E sebelisitsoe e le kofuto ea mahloriso ’me hape ka linako tse ling e sebelisitsoe ka leeme likahlolong tse hlokang kutloelo-bohloko ho ba bang le ka kutloelo-bohloko e sa lokelang ho ba bang.a Kahoo, Bakreste ba itšoara joang ha ho buuoa ka khang ea kotlo ea lefu? Na baa kenella ’me ba susumetsa hore ho be le phetoho?
Ho se Nke Lehlakore ha Bokreste
Ho fapana le baruti bao ho buuoeng ka bona qalong, Bakreste ba ’nete ba leka ho boloka likelellong tsa bona molao-motheo oa bohlokoa: Jesu Kreste o ile a bolella balateli ba hae ho se be “karolo ea lefatše.”—Johanne 15:19; 17:16.
Na Mokreste a ka mamela taelo eo ’me a ’na a kenella ho pheheng khang ka kotlo ea lefu? Ka ho hlakileng, che. Ena, ha e le hantle ke taba ea bochaba le bopolotiki. United States, hangata bo-nkhetheng ba lipolotiki ba sebelisa boemo ba bona kotlong ea lefu—ba e tšehetsa kapa ba e hanyetsa—e le leano la bohlokoa matšolong a bona. Ba pheha khang e matla ka taba ena ’me ba sebelisa boikutlo bo matla boo hangata taba ena e bo qholotsang e le kofuto ea ho sekamisetsa bakhethi tseleng ea bona.
Mohlomong potso eo Mokreste a lokelang ho nahanisisa ka eona ke ena: Na Jesu a ka be a ile a itšunya-tšunya ka har’a khang ea hore na mebuso ea lefatše e lokela ho sebelisa “sabole” ea eona joang? Hopola hore ha batho ba naha ea habo ba ne ba leka ho mo sunya-sunya lipolotiking, Jesu o ile “a tloha hape ho ea thabeng a le mong feela.” (Johanne 6:15) Ka hona, ho bonahala eka o ile a tlohela taba moo Molimo a e behileng teng—matsohong a mebuso.
Ka ho tšoanang le kajeno, motho a ka lebella Bakreste ho ba seli ho se kenelle litsekisanong tse amanang le taba ena. Ba ne ba tla hlokomela tokelo ea mebuso ea ho etsa kamoo e ratang kateng. Empa joaloka basebeletsi ba Bakreste bao e seng karolo ea lefatše, ba ne ba sa tl’o tšehetsa kotlo ea lefu leha e le hore ba buelle ho felisoa ha eona.
Ho e-na le hoo, ba boloka likelellong tsa bona mantsoe a Moeklesia 8:4: “Etsoe lentsoe la morena le le matla, ’me ke mang ea tla re ho eena: U etsa’ng?” E, ‘basebeletsi’ ba lefatše, kapa babusi ba lipolotiki, ba filoe matla a ho phethahatsa thato ea bona. Ha ho Mokreste ea nang le matla a ho laola mosebetsi oa bona. Empa Jehova a ka ho etsa. ’Me o tla ho etsa. Bibele e re lumella ho talima pele letsatsing leo Molimo a tlang ho phethahatsa kahlolo ea ho qetela bakeng sa tlōlo e ’ngoe le e ’ngoe ea molao le tšebeliso e ’ngoe le e ’ngoe e mpe ea “sabole” lefatšeng lena la khale.—Jeremia 25:31-33; Tšenolo 19:11-21.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, botsamaisi ba lichankana ba United States bo ’nile ba tšoauoa liphoso ka hore selemo le selemo bo bolaea ka tlaase ho karolo ea 2 lekholong ea batlōli ba teng ba molao ba moleng oa lefu. Bongata ba bona bo ichoella ka lebaka la lisosa tsa tlhaho e seng ka lebaka la ho phethahatsoa ha kahlolo. Ho boetse ho bile le liqoso tsa leeme—kaha lipalo-palo li bontša hore hangata ho ka etsahala hore ’molai a fumane kahlolo ea lefu haeba ho bolailoe motho e mosoeu ho e-na leha ho bolailoe e motšo.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
The Bettmann Archive