The Bible’s Viewpoint
Mekete e Lerata ea Boithabiso—Na e Nepahetse Kapa e Fosahetse?
MICHAEL o re: “Ho hang u ke ke ua ithiba. ’Mino o u tlosa setulong sa hao, o u sisinya maoto, o u hlantša hlooho—sena se bolela hore u chesehela mokete o lerata!” Ka sebele, selemo le selemo mekete e lerata e eketsa nyakallo ea batho ba limilione lefatšeng lohle, empa ha ho moo cheseho e joalo e leng matla joaloka naheng eo Michael a phelang ho eona, Brazil. Nakong ea beke pele ho Laboraro la Molora, batho ba Brazil ba apara liaparo tsa bona tse ntle ka ho fetisisa, ba lebala boikarabelo ba bona le lintho tseo ba lokelang ho li etsa, ’me ba ikakhela ka setotsoana pontšong e ferekanyang naha kaofela ho tloha morung oa Amazon ho ea mabōpong a leoatle a Rio de Janeiro. Ke nako ea ho bina, ho tjeka le ho lebala.
Michael, ea neng a chesehela ho ithabisa ka mekete e lerata ka lilemo tse ngata, oa hlalosa: “Leo ke lebaka le leng leo ka lona e ratoang haholo hakana. Mekete e lerata e fa batho monyetla oa ho lebala mahlomola a bona.” Haholo-holo ho batho ba limilione ba futsanehileng—ba phelang ba se na metsi a lekaneng, ba se na motlakase, ba sa sebetse ’me ba se na tšepo—ba na le ho hongata hoo ba ka ho lebalang. Ho bona mokete o lerata o tšoana le pilisi ea aspirin: e ka ’na ea se ke ea phekola mathata, empa bonyane e thethefatsa mahlaba. Ho phaella moo, kopanyelletsa pono eo baruti ba bang ba Roma e K’hatholike ba nang le eona mabapi le mekete e lerata—mobishopo e mong o ile a bolela hore mokete o lerata o “thusa haholo bakeng sa botsitso ba kelello ba batho.” Kahoo ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha ba bangata ba e-na le maikutlo a hore mokete o lerata ke boithabiso bo molemo le bo amohelehang kerekeng. Leha ho le joalo, pono ea Bibele ke efe ka mekete e lerata ea boithabiso?
Boithabiso Kapa Moketjana o Lerata?
Lentsoe la Molimo le bolela hore ho na le ‘nako ea ho tšeha le ea ho hobela.’ (Moeklesia 3:4) Kaha lentsoe la Seheberu bakeng sa “tšeha” le ka boetse la fetoleloa e le “keteka,” ho hlakile hore ho ea ka ’Mōpi oa rōna, ha ho letho le fosahetseng ka hore re be le nako e monate, e thabisang. (Bona 1 Samuele 18:6, 7.) Ha e le hantle, Lentsoe la Molimo le re bolella hore re thabe ’me re nyakalle. (Moeklesia 3:22; 9:7) Kahoo Bibele e amohela boithabiso bo loketseng.
Leha ho le joalo, Bibele ha e amohele mefuta eohle ea boithabiso. Moapostola Pauluse o bolela hore mokete o lerata, kapa boithabiso bo lerata, ke karolo ea “mesebetsi ea nama” le hore ba kopanelang meketeng e lerata “ha ba na ho rua ’muso oa Molimo.” (Bagalata 5:19-21) Ka hona, Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba ‘tsamaee ka mokhoa o hlomphehang, eseng meketeng e lerata.’ (Baroma 13:13) Kahoo potso ke hore, Mokete o lerata o oela sehlopheng sefe—sa boithabiso bo se nang molato kapa sa mokete o lerata oa boitšoaro bo bobe? Ho araba seo, pele ha re ke re hlalose ka ho eketsehileng seo Bibele e se talimang e le mokete o lerata.
Poleloana “mokete o lerata,” kapa lentsoe koʹmos ka Segerike, le hlaha ka makhetlo a mararo ka Mangolong a Segerike a Bakreste ’me kamehla e le ka kutloisiso e sa amoheleheng. (Baroma 13:13; Bagalata 5:21; 1 Petrose 4:3) ’Me hase ho makatsang hobane koʹmos e hlaha meketeng e tummeng hampe e neng e tsebahala haholo ho Bakreste ba pele ba neng ba bua Segerike. Mekete efe?
Rahistori Will Durant oa hlalosa: “Sehlopha sa batho ba nkileng phalli e halalelang [letšoao la setho sa botona] ’me se binela Dionysus li-dithyramb [lipina] . . . ka puo ea Segerike, se ne se bōpa komos, kapa mokete o lerata.” Dionysus, molimo oa veine litšōmong tsa Magerike, hamorao o ile a amoheloa ke Baroma, ba ileng ba mo reha lebitso le lecha la Bacchus. Empa, ho ntšetsoa pele ha koʹmos ha hoa ka ha fetoha le lebitso leo. Setsebi sa Bibele Dr. James Macknight sea ngola: ‘Lentsoe koʹmois [sebōpeho sa ka bongateng sa koʹmos] le tsoa ho Comus, molimo oa ho keteka le ho keteka ka lerata. Mekete ena e lerata e ne e etsoa tlotlisong ea Bacchus, ea ileng a rehoa Comastes ka lebaka leo.’ E, mekete ea Dionysus le Bacchus e ne e hlile e le tiiso ea mokete o lerata. Litšobotsi tsa mekete ee e ne e le life?
Ho Hlalosa Mokete o Lerata
Ho ea ka Durant, nakong ea mekete ea Magerike e tlotlisang Dionysus, matšoele a batho ba ketekang “a ne a e-noa lino tse tahang ka ho feteletseng, ’me . . . a ne a talima motho ea sa feteletseng lintho e le leoatla. Ba ne ba tsamaea ka mokoloko o tsoileng taolong, . . . ’me ha ba ne ba noele ’me ba tantša ba ne ba tsoa taolong ka ho feletseng.” Ka mokhoa o tšoanang, mekete ea Baroma e neng e tlotlisa Bacchus (e neng e bitsoa Bacchanalia) e ne e tšoauoa ka ho noa le lipina tse litšila le ’mino ’me e ne e le lipono tsa “liketso tsohle tse nyonyehang,” Macknight o ngola joalo. Kahoo matšoele a hlanyang ka nakoana, ho noa ka ho feteletseng, tantši e tsosang takatso le ’mino, le boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali li ne li bōpa metsoako e ka sehloohong ea mekete e lerata ea Magerike le ea Baroma.
Na mekete e lerata ea kajeno e na le metsoako ee e bakang lerata? Nahana ka litaba tse seng kae tse qotsitsoeng litlalehong tsa litaba mabapi le mekete e lerata ea boithabiso: “Matšoele a lerata ka ho feteletseng.” “’Moka o lerata oa matsatsi a mane oa ho noa le ho keteka bosiu bohle.” “Phaphalasa ea mokete o lerata e ka tšoarella matsatsi a mangata ho batho ba bang ba eang meketeng e lerata.” “Melumo e batlang e thiba litsebe ha u le haufi le eona e etsa hore lipontšo tsa lihlopha tsa ‘’mino oa rock o morethetho o boima’ . . . li utloahale eka li khutsitse ha li bapisoa.” “Kajeno, mokete leha e le ofe o lerata oa boithabiso ha o se na basodoma o tšoana le steak au poivre [nama ea seteiki e nōkiloeng ka pepere e ntšo] e sa nōkoang ka pepere.” “Mekete e lerata e fetohile litšoantšoane le ho tsola ka ho feletseng.” Litantši tsa mekete e lerata li ne li bontšitse “lipono tsa ho pholloa ha litho tsa botona kapa botšehali ho ikhotsofatsa . . . le mekhoa e sa tšoaneng ea ho ba le likamano tsa botona le botšehali.”
Ka sebele, ho tšoana ho teng pakeng tsa mekete e lerata ea kajeno le mekete ea boholo-holo ho hlolla hoo motho ea ratang mekete e lerata oa Bacchus a neng a tla kena khabong hantle haeba a ne a ka tsosetsoa moketeng o lerata oa boithabiso oa mehleng ea kajeno. ’Me seo ha sea lokela ho re makatsa, ho hlalosa mohlahisi oa thelevishene oa Brazil, Cláudio Petraglia, hobane o bolela hore mekete e lerata ea kajeno “e tsoa meketeng ea Dionysus le Bacchus, ’me ka sebele, mekete eo, ke mofuta oa mokete o lerata.” The New Encyclopædia Britannica e bolela hore mekete e lerata e ka ’na ea amahanngoa le mokete oa bohetene oa Saturnalia oa Roma ea boholo-holo. Kahoo, le hoja mekete e lerata e le ea nakong e ’ngoe e fapaneng, e ntse e oela sehlopheng se le seng le e tlileng pele ho eona. Lebitso la sehlopha seo ke lefe? Mokete o lerata.
Tsebo ee e lokela ho ba le phello efe ho Bakreste kajeno? Phello e tšoanang le eo e bileng le eona ho Bakreste ba pele ba neng ba phela liprofinsing tse neng li susumetsoa ke Magerike, Asia Minor. Pele e e-ba Bakreste ba ne ba tloaetse ho kopanela “liketsong tsa boitšoaro bo hlephileng, litakatsong tse feteletseng, ho fetelleng ka veine, meketeng e lerata [koʹmois], litlhōlisanong tsa ho noa, le borapeling ba litšoantšo bo sa lumelloang.” (1 Petrose 1:1; 4:3, 4) Leha ho le joalo, ka mor’a ho ithuta hore Molimo o talima mekete e lerata e le “mesebetsi ea lefifi,” ba ile ba khaotsa ho kopanela meketeng ea boithabiso e tšoanang le mokete o lerata.—Baroma 13:12-14.
Michael, ea boletsoeng pejana, o ile a etsa se tšoanang. O hlalosa lebaka: “Ha tsebo ea ka ea Bibele e ntse e hōla, ke ile ka bona hore mekete e lerata ea boithabiso le melao-motheo ea Bibele li tšoana le oli le metsi—ho hang ha li kopane.” Ka 1979, Michael o ile a etsa qeto. O ile a tlohella mekete e lerata ea boithabiso ka ho felletseng. Uena u tla etsa khetho efe?
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Mopotjo oa Magerike oa pele ho Bokreste o bontšitseng Dionysus (setšoantšo se ka ho le letšehali)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of The British Museum