Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 9/8 maq. 12-14
  • Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa K’homputha Kapa Tsa Video?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa K’homputha Kapa Tsa Video?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hase Lipapali Tsohle Tse Tšoanang!
  • Kotsi ea Tsona
  • Ho ba Lekhoba!
  • Khetha ka Bohlale
  • Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa Elektronike?
    Tsoha!—2008
  • Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa Elektronike?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba Mabapi le Lipapali Tsa Elektronike?
    Bacha Baa Botsa
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 9/8 maq. 12-14

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa K’homputha Kapa Tsa Video?

Li u pota-potile! Empa ho hang ha ua tsieleha. U thunya ka likanono tsa hao tsa laser, ’me u bolaea lira tsa hao larita joalokaha eka u hela koro. Bothata ke hore, ha u thunya haholoanyane, ho hlaha lira tse ngata haholoanyane. Ka hona khetho ea hao e ’ngoe feela hore u tle u phele—ke ea ho bolaea ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e bonang. Ha u ntse u thunya, lira li shoella phororong ea mali . . .

“BOITHABISO ba ho khaola mokokotlo ka lehare, ho rusolla nama ka linala, ho phatlola hlooho”! Ena ke tsela eo mongoli e mong oa limakasine ka cheseho a ileng a hlalosa mofuta oa morao-rao tjena oa lipapali tsa k’homputha. Ha e le hantle, ona e mpa feela e le o mong oa mefuta e mecha ea lipapali tsa k’homputha le livideo tse lumellang libapali ho etsisa likhopolo tse inahaneloang tse susumetsang maikutlo. Litokollo tsa pejana li bonahala li se hlaha haholo ha li bapisoa le tsena tse tletseng tšollo ea mali, tseo hangata e leng lipapali tsa pefo e sehlōhō.

Leha ho le joalo, lipapali tsa pefo tsa livideo le k’homputha li ratoa ka ho fetisisa har’a bacha. ’Me United States, moo ho hakanngoang hore karolo ea boraro ea malapa ’ohle e na le tsamaiso e itseng ea papali ea elektronike, bacha ba limilione ba khona ho li finyella. Ho bacha bao malapa a habo bona a se nang lintho tse ngata hakaalo, ho ka ’na ha hlokahala ho tsamaea hakhutšoanyane feela ho ea habo motsoalle kapa setsing sa boithabiso sa livideo sa sebakeng seo ho ea bapala lipapali tsena.

Ho thoe’ng ka uena? Na u kile ua hoheloa ke ho reka—kapa bonyane ho leka ho bapala—tse ling tsa lipapali tsee tse ncha ka bouena? Mohlomong ka mor’a ho hlahloba linnete tsohle, u ka ’na ua nahana hape ka ho etsa joalo.

Hase Lipapali Tsohle Tse Tšoanang!

Taba ea pele, a re hlakise hore hase lipapali tsohle tsa video kapa tsa k’homputha tse nyatsehang kapa tse mabifi. Lipapali tse ngata ke tse rutang; li ruta lithuto tse kang jeokrafi, lipalo le ho thaepa ka tsela e hlasimollang le e thabisang. Lipapali tse ling li phephetsa boikutlo ba ho arabela ketsong e itseng ka ho etsisa lipapali tse kang basketball le hockey. Hape ho na le maqheka a theknoloji e phahameng a tsietsang le ho phephetsa kelello.

Bonneteng, esita le lipapali tse molemo ka ho fetisisa li ka ja nako e ngata. ’Me Bibele e khothalletsa Bakreste ho ‘reka nako,’ ke hore ba sebelise nako ka bohlale ho phehelleng lintho tsa moea. (Baefese 5:16) Leha ho le joalo, Bibele ha e hloke hore motsotso o mong le o mong oa ha motho a sa robala o qetoe mosebetsing kapa ho ithuteng. Ho fapana le seo, e re hopotsa hore ho na le ‘nako ea ho tšeha . . . le nako ea ho hobela.’ (Moeklesia 3:4) Ha e etsoa ka teka-tekano, mesebetsi ea ho bapala e ka ba e khathollang le e hahang.

Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore bongata ba lipapali tsena bo bonahala bo reretsoe ho etsa hore libapali li senye nako e ngata haholo. Ho tse ling tsa tsona, motho o qeta lihora hore a ipabole papaling eo ’me a fihle boemong bo itseng, pele sebapali se hlokomela hore ho sa ntse ho e-na le maemo a mang a eketsehileng—ao joang kapa joang e leng a thata le a rarahaneng haholoanyane—a tlamehang ho finyelloa pele motho a qeta! Ho boetse ho na le lipapali tse bonahalang li buseletsa hanyenyane empa li hloka boiteko bo boholo. Dan le Sam, Bakreste ba babeli bao e leng bara ba motho ba nama, ka cheseho ba ne ba bapala papali e itseng e neng e tšepisa ho rarolla mathata a thuto ea lipalo. Leha ho le joalo, kapele-pele ba ile ba hlokomela hore ba ne ba khona ho etsa lipalo ka potlako pampiring ho feta ho li etsetsa sekrineng!

Kahoo, esita le lipapaling tsa k’homputha le video tseo ho utloahalang li le molemo, ho hlokahala hore motho a khethe. Dan le Sam ba re: “Haeba u reka ka hloko mabenkeleng, hangata u ka fumana papali e molemo.” Leha ho le joalo, ka sebele ke ntho e utloahalang ho qoba ho qeta chelete e ngata lipapaling tse qetellang feela ka hore kapele-pele motho a jeoe ke bolutu. Motsoali e mong o khothalletsa bara ba hae hore ba bapale feela lipapali tse tlang ho ba thusa ka lithuto tseo ba ithutang tsona sekolong.

Kotsi ea Tsona

Ka bomalimabe, hase lipapali tsohle tsa k’homputha le video tse fanang ka boithabiso bo se nang kotsi—re sa re letho ka ho ba tse rutang. Mananeo a kajeno a boithabiso a k’homputha a lebisa tlhokomelo ho seo Bibele e se bitsang “mesebetsi ea nama”—mekhoa e litšila e nyatsuoang ke Molimo. Har’a “mesebetsi” e joalo e nyatsehang ke “tloaelo ea ho sebelisana le meea ea bafu.” (Bagalata 5:19-21) Ka sebele, mokhoa oa boselamose o “manyala” ho Jehova Molimo.—Deuteronoma 18:10-12.

Leha ho le joalo, boholo ba lipapali tsa kajeno, bo keneletse ka ho teba tšebelisanong le meea le boselamoseng! Papaling e ’ngoe ho tlameha ho sebelisoe “boloi ba boselamose” e le hore motho a ka hlōla. Libapali lia laeloa: “Ha u se u itokiselitse ho betsa thatho, khetha setšoantšo se kang misaele sa lehalima se sekhutlong se ka tlaase lehlakoreng le letona la lethathamo la lenaneo la k’homputha, ebe joale u khetha sebōpuoa seo u batlang ho se bolaea.” Na lipapali tse joalo li ne li ke ke tsa hōlisa bohelehele bo sa lokelang ka matla a bodemona?

Empa ho thoe’ng ka ho ipepesetsa tekanyo e khōlō ea pefo e feteletseng? U.S.News & World Report e bolela ka lipapali tse peli tse ratoang haholo tse bontšang “ho qhaqha pelo ea mohanyetsi” le “lithotsela tse borang masoba ’meleng ea banana ba lilemong tsa bocha ba batlang ba sa apara.” Le hoja ba bang ba ka ’na ba qhelela ka thōko tšollo ea mali ea k’homputheng ka ho re ke ntho e inahaneloang e se nang kotsi, Bibele ea lemosa ho Pesaleme ea 11:5 (NW): “Jehova ka boeena o hlahlobisisa ea lokileng hammoho le ea khopo‚ ’me ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.”—Bapisa le Esaia 2:4.

Ho boetse hoa khoneha ho hlahisa litšoantšo tsa bootsoa tsa boleng bo tlaase sekrineng sa k’homputha. Ho se apare le likamano tsa botona le botšehali tse totobetseng li fetohile lintho tse bonoang ka tloaelo hoo bahlahisi ba lipapali ba United States ba hlahisitseng mokhoa oa ho lekanyetsa boemo ba lintho bakeng sa ho lemosa bareki ka lipapali tse litšila. Leha ho le joalo, ke bo-rakhoebo ba fokolang ba bonahalang ba sa ikemisetsa ho rekisetsa bacha. Tlelereke e ’ngoe ea lebenkele e re: “Boikarabelo ba rōna bo le bong feela ke ho fa bareki seo ba se batlang.” Empa ak’u ipotse, ‘Na ho pepesetsoa litšoantšo tse tsosang takatso ea botona le botšehali ho tla nthusa ho beha mohopolo oa ka linthong tse “lokileng, tse hloekileng, tse ratehang le tse khabane”?’—Bafilippi 4:8.

Ho ba Lekhoba!

Ke ’nete, litsebi li pheha khang mabapi le kamoo papali ea k’homputha e ka hlang ea ama bacha kateng. Phuputso e ’ngoe, e tlalehiloeng makasineng ea New Scientist, ka tšepo e ile ea etsa qeto ea hore lipapali tse joalo “hase sesosa sa mantlha sa boitšoaro bo bobe.” Leha ho le joalo, karolo ea 97 lekholong ea bacha ba ileng ba botsoa phuputsong eo “e ne e nahana hore ke ntho e ka etsahalang ho ba lekhoba la lipapali tseo.” Bacha ba ile ba bolela hore lipapali tsa litsing tsa boithabiso li ne li le kotsi ka ho khethehileng hobane “li khothalletsa libapali ho senya chelete e ngata.”

Na ka sebele lipapali tsee li ka baka bokhoba? Ka ho hlakileng ho ka ba joalo, ho libapali tse ling. Mocha e mong o ile a bolella Tsoha!: “Ntho eo u ka nahanang ka eona feela ke ho fihla qetellong le ho hlōla.” Mohlankana e mong oa hopola ka ho tšoanang: “Ke ne ke qeta lihora tse ngata ke leka ho nahana kamoo nka bolaeang motho e mong le e mong ’me joale ke fihle boemong bo latelang ba papali.”

U ka ’na ua nahana hore ha ho mohla u tla kenella hakaalo papaling. Empa nahana ka tsela eo lipontšo tsa TV le libaesekopo li laolang maikutlo a batho ka eona—li ba susumelletsa hore ba lle, ba halefe, kapa ba hlasimolohe ke thabo. Joale ak’u nahane ka lenaneo leo e seng feela hore le na le morero o mobe oa ho susumetsa maikutlo, libapali tse ikhethang, le molumo le litšoantšo tse hlollang empa le etsang hore u be mohale ea ka sehloohong. Na ho ka ba bonolo ho ithibela hore u kenelle ho lona ka ho feletseng? Kahoo, hase ho makatsang ha libapali tse ling li thatafalloa ke ho arola ntho e iqapeloang ho ntho ea sebele. Mocha e mong oa hopola: “Phello ea ho bapala lipapali tse mabifi e ne e le e mpe hoo ke neng ke nahana hore letsoho la ka e ne e le sethunya ’me ke ne ke supa batho ka lona.”

Khetha ka Bohlale

Haeba ho etsahala hore batsoali ba se ke ba thibela ho bapala lipapali tsa k’homputha kapa tsa video, bacha ba lokela ho nahana ka keletso e ho Moeklesia 2:14: “Ea bohlale o na le mahlo a hae hloohong.” Seo se bolela hore ea bohlale o sheba moo a lebang teng ’me o bona se larileng ka pele. Ka sebele, lefatše la boithabiso ka lik’homputha le se le ntse le e-na le ho hongata ho khahlanong le tsebo ea Molimo. (Bapisa le 2 Bakorinthe 10:5.) ’Me ke mang ea tsebang hore na litsebi tsa boselamose ba lik’homputha li tla qapa eng e latelang? Kahoo pele mocha leha e le ofe a reka, a bapala, kapa a hira papali, o lokela ho ipotsa, ‘E mabapi le eng? Na lebitso la eona le bontša litšekamelo tsa boloi? Na litšoantšo tse sekoahelong li bontša pefo e tšabehang?’

Maemong a tsona a loketseng, lipapali tsa elektronike li ka fana ka boithabiso bo hloekileng le thuto. Empa na ka sebele li lokela ho u nkela nako ea hao e ngata ea bohlokoa? Sam ea lilemo li 14, ea boletsoeng pejana, oa hlalosa: “Ha ho mohla ntate oa rōna a kileng a bua ka mantsoe a mangata hore re ke ke ra ba le lipapali tsa video. Empa o ile a botsa, ‘Ke’ng e thahasellisang ka ho penya konopo le ho bona motho a matha kapa a tlōla sekrineng?’” Dan, mor’abo, oa eketsa: “’Me hona joale ke kamoo re nahanang kateng.”

E, u se ke ua lebala hore ho na le litsela tse ling—mohlomong tse molemo le ho feta—tsa ho ithabisa, tse kang ho bala, ho etsa mesebetsi e bontšang bohlale le bokhoni, ho kopanela lipapaling tse molemo, ho bina, kapa ho ithuta ho bapala seletsa sa ’mino. Ho molemo haholo le ho feta ho qeta nako ‘u ikoetlisa ka boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hao.’ (1 Timothea 4:7) Ho etsa joalo e tla ba habohlokoa ho feta ho bapala papali leha e le efe ea elektronike.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Karolo ea 97 lekholong ea bacha ba ileng ba botsoa phuputsong e ’ngoe “e ne e nahana hore ke ntho e ka etsahalang ho ba lekhoba la lipapali tseo”

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Na ka sebele ho bapala lipapali tsa video tse mabifi ho ka u ntša kotsi?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela