Hore ke Buisane le Ngoan’a Ka, ke Ile ka Ithuta Puo e ’Ngoe
HO TSOALOA ha mor’a rōna, Spencer, ka August 1982 e bile e ’ngoe ea linako tse thabisang ka ho fetisisa bophelong ba rōna. E ne e le lesea le matlafetseng! ’Na le monna oa ka re ne re ile ra rera ho ema lilemo tse hlano pele re e-ba le letsibolo la rōna. Ha likhoeli li ntse li feta ka mor’a ho tsoaloa ha hae, e bile ho re thabisang hakaakang ho mo bona a hōla! Ho hlahlojoa ha hae ke ngaka khoeli le khoeli ho ne ho tsamaea hantle kamehla. Ke ile ka leboha Jehova ka tlhohonolofatso e babatsehang joalo.
Leha ho le joalo, nakong eo Spencer a neng a e-na le likhoeli tse robong, ke ile ka qala ho belaela hore phoso e teng. O ne a sa arabele mantsoeng kapa melumong e itseng. Ho hlahloba kutlo ea hae, ke ne ke ema moo a ke keng a mpona ebe ke kotumanya lipitsa kapa lintho tse ling. Ka linako tse ling o ne a reteleha, empa e ne e sa be kamehla. Tlhahlobong ea hae ea khoeli ea borobong, ke ile ka buisana le ngaka ka ho ngongoreha ha ka, empa e ile ea ntiisetsa hore mor’a ka o phela hantle le hore ha ho letho le lokelang ho ntšoenya. Leha ho le joalo, ha likhoeli li ntse li feta, o ne a ntse a sa arabele leha e le ho bua.
Tlhahlobong ea ha a le selemo, ke ile ka boela ka hlahisa ho tšoenyeha ha ka ho ngaka. E ile ea boela ea fumana ho se letho le phoso, leha ho le joalo ea re fetisetsa ngakeng ea litsebe. Ke ile ka isa Spencer moo bakeng sa tlhahlobo, empa liphello li ne li sa tšoane. Ke ile ka boela ka lekhetlo la bobeli le la boraro, ka ’na ka bolelloa hore liphello li ntse li sa tšoane. Ngaka e ne e nahana hore ha Spencer a ntse a hōla, o tla fumana liphello tse molemo tlhahlobong. Lilemo tse tharo tse qalang tsa bophelo ba ngoana ke tsa bohlokoa bakeng sa ho etsa tsoelo-pele puong. Ke ile ka ngongoreha haholo. Ke ile ka tsoela pele ho botsa ngaka ea litsebe hore na ke litlhahlobo life tse ka fanang ka liphello tse qaqileng. Qetellong, e ile ea mpolella ka tlhahlobo ea karolo ea boko e amanang le kutlo e fumanehang Massachusetts Eye and Ear Infirmary.
Ke Ile ka Ikutloa ke Sithabetse
Bekeng e latelang re ile ra ea sepetleleng sa Boston. Ke ile ka rapela Jehova hore a mphe matla a ho jara liphello tsa tlhahlobo, ho sa tsotellehe hore na li tla li le joang. Ka pelong ke ne ke ipoleletse hore Spencer o na le bothata ba ho utloa le hore thuso ea ho utloa ke sohle se neng se tla hlokahala. Ke ne ke fositse hakaakang! Ka mor’a tlhahlobo, theknishiene e ile ea re bitsetsa ofising ea eona. Liphello e ne e le tse qaqileng: Spencer o ne a e-na le bothata bo tebileng ba ho se utloe bo bakoang ke hore methapo ea hae ea kutlo e ne e senyehile ka ho feletseng. Ha ke botsa hore na seo hantle-ntle se bolela’ng, e ile ea ntlhalosetsa hore mor’a ka ha a khone ho utloa mantsoe le boholo ba melumo e meng. Sena e ne e le seo ke neng ke sa lebella ho se utloa; ke ile ka ikutloa ke sithabetse.
Hang-hang, ke ile ka ipotsa, ‘Ekaba see se etsahetse joang? Ekaba se bakiloe ke’ng?’ Ke ile ka boela ka nahana ka boimana le pelehi tsa ka. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tsamaile hantle. Ha ho mohla Spencer a kileng a ba le tšoaetso ea tsebe kapa a tšoaroa ke sefuba se matla. Ke ne ke ferekane maikutlo ruri! Mothating oo ke ne ke tla etsa joang? Ke ile ka founela ba lapeng le metsoalle e seng mekae ’me ka ba bolella ka liphello tsa tlhahlobo. Motsoalle e mong oa Paki o ile a nkhothalletsa ho talima sena joaloka phephetso; ke ne ke tla lokela feela ho ruta Spencer ka tsela e ’ngoe e fapaneng. Ke ile ka leboha Jehova ka tšehetso eo e neng e hlokahala.
Ke’ng se Neng se Tla ba Molemo ka ho Fetisisa Bakeng sa Spencer?
Ke ne ke sa tsebe letho ka ho hōlisa ngoana ea sethōlō leha e le hore na ho bolela’ng ho ba sethōlō. Ke ne ke tla hōlisa mor’a ka le ho buisana le eena ka ho feletseng joang? Mehopolo le metouto e mengata haholo e ile ea farasa kelellong ea ka.
Bekeng e latelang re ile ra khutlela sepetlele, ’me theknishiene e ile ea buisana le rōna ka likhetho tseo re nang le tsona. E ile ea hlalosa hore mokhoa o mong, e leng oa ho sebelisa molomo, o ne o lebisa tlhokomelo ho ntlafatseng tsebo ea ho bua le ho talima motho ea buang molomong. Mokhoa o mong e ne e le ho sebelisa puo ea matsoho, e leng puo ea lithōlō. Ho ne ho e-na le lenaneo le neng le tla fana ka thupelo ka puo ea matsoho ’me hamorao le ne le tla akarelletsa tsebo ea ho talima motho ea buang molomong le ea ho bua. Theknishiene e ile ea boela ea buella tšebeliso ea lithuso tsa ho utloa bakeng sa ho hōlisa kutlo ea mor’a ka e sa ntseng e setse. Joale re ile ra etela ngaka ea litsebe tikolohong eo re ahileng ho eona, e ileng ea kenya ka litsebeng tsa Spencer lihōlisa-molumo le lithuso tsa ho utloa. Ketelong eo ngaka ea litsebe e ile ea etsa tlhahiso ea hore Spencer e ka ba seithuti se molemo sa mokhoa oa ho sebelisa molomo.
Ke’ng se neng se tla ba molemo ka ho fetisisa bakeng sa Spencer? Ke ile ka nahana ka seo e neng e hlile e le sa bohlokoa. Jehova o batla hore re buisane le bana ba rōna; sena ke sa bohlokoa haholo haeba re batla ho ba le bophelo bo atlehileng ba lelapa. Re ne re ka ’na ra phehella mokhoa oa ho sebelisa molomo ’me ra lebisa tlhokomelo ho ntlafatseng tsebo ea ho bua le ea ho talima motho ea buang molomong. Ho ne ho ka etsahala hore Spencer o tla ntlafatsa tsebo ea hae ea ho bua ho isa bohōleng boo ba bang ba neng ba ka mo utloisisa. Empa seo se ne se ke ke sa tsejoa ka lilemo tse ngata! Re ne re lokela ho etsa joang mothating oo? Re ile ra etsa qeto ea ho sebelisa puo ea matsoho.
Khoeling e latelang Spencer o ile a ngolisoa ho se neng se bitsoa lenaneo la puisano e feletseng. ’Na hammoho le Spencer re ile ra ithuta puo ea motheo ea matsoho, ’me Spencer a boetse a fuoa thupelo ea ho bua Senyesemane le ho talima motho ea buang molomong. Ke ile ka bontšoa kamoo nka rutang mor’a ka kateng. Likhoeli li ile tsa feta, ’me Spencer o ne a tsoela pele hantle haholo. Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke e-ba le linako tseo ka tsona ke ikutloang ke ferekane. Ke ne ke nyahama ha ke hlokomela bana ba bang ba re “’Mè” kapa ba ithuta ho re “Jehova.” Empa joale ke ne ke ee ke ipotse, ‘Ke hobane’ng ha ke ikutloa ka tsela ee? Mor’a ka o thabile ’me o shahlile.’ Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse ho ananela tokelo ea ho ba le ngoana ea phetseng hantle joalo.
Ha Spencer a le lilemo li peli, re ile ra lokisetsa ho ba teng kopanong ea Lipaki tsa Jehova eo ho eona lenaneo le neng le tla tolokoa ka American Sign Language (ASL). Ke ile ka buisana ka maikutlo a ka a ho nyahama le banyalani ba bang ba sebelitseng le Lipaki tsa lithōlō ka lilemo tse ngata. Ba ile ba mpolella ka liboka tsa Lipaki tsa Jehova tsa khoeli le khoeli tse tšoaroang ka ASL tse neng li tšoareloa Massachusetts, ’me ba nkhothalletsa ho ea ho tsona.
Ke ile ka latela keletso ea bona, ’me ’na hammoho le Spencer ra qala ho kopanela ho tsona. Moo re ile ra ba le monyetla oa ho kopana le ho buisana le batho ba baholo ba lithōlō. Phuthehong ea rōna ea Senyesemane, Spencer o ne a rua molemo o fokolang libokeng. O ne a itšoarella ka ’na, kaha e ne e le ’na feela eo a ka buisanang le eena. Ho se tsitse ha hae nakong ea liboka ho ile ha eketseha ha a ntse a hōla, ’me boitšoaro ba hae ba mpefala. Leha ho le joalo, ha re kopanela libokeng tse neng li tšoaroa ka puo ea matsoho, boemo bo ile ba fetoha. O ne a khona ho buisana le e mong le e mong ka bolokolohi ntle le hore ’mè oa hae e be toloko ea hae. O ile a hlaolela likamano tse hlokahalang le batho ba ka phuthehong. Bobeli ba rōna re ile ra ntlafatsa tšebeliso ea rōna ea puo ea matsoho, ’me ka ithuta ho ba tichere e molemo thutong ea rōna ea lehae ea Bibele. E bile ho babatsehang hakaakang! Joale, ka lekhetlo la pele, libokeng ke ne nka lula le mor’a ka ke le ’MÈ feela e seng ke le toloko ea hae!
Phetoho e Khōlō Bakeng sa Ka
Ka tumello ea monna oa ka, ha Spencer a le lilemo li tharo, ke ile ka mo ngolisa lenaneong la bana ba lithōlō le ba nang le bothata ba ho utloa, le neng le le sekolong sa sechaba. Liboka tsa sehlopha li ne li tšoaroa bakeng sa ho rupela batsoali, ’me ke ile ka sebelisa monyetla ona bakeng sa ho ithuta ho eketsehileng. Sebokeng se seng moifo o neng o bōpiloe ka batho ba baholo le bacha ba lithōlō o ile oa buisana le sehlopha. Ba moifong ba ile ba hlalosa hore ba bile le puisano e fokolang kapa ha baa ba le eona ho hang le batsoali kapa litho tsa malapa abo bona. Ha ke ba botsa hore na lebaka ke lefe, ba ile ba arabela ka ho re batsoali ba bona ha ho mohla ba kileng ba ithuta puo ea matsoho, kahoo ha ho mohla ba kileng ba khona ho buisana ka ho feletseng le batsoali ba bona ka bophelo, maikutlo a bona, kapa lithahasello tsa bona. Ho ile ha bonahala hore ba ne ba sa ikutloe e le karolo ea malapa abo bona.
Ena e ile ea e-ba phetoho e khōlō ho ’na. Ke ile ka nahana ka mora oa ka. Ke ne ke sitoa ho jara khopolo ea hore a hōle ’me a tlohe hae ho se mohla a kileng a ba le katamelano le batsoali ba hae. Ke ile ka ikemisetsa ho tsoela pele ho ntlafatsa tsebo ea ka ea puo ea matsoho ho feta leha e le neng pele. Ha nako e ntse e feta, ke ile ka hlokomela ka ho eketsehileng hore qeto ea ho sebelisa puo ea matsoho e ne e le molemo ka ho fetisisa ho rōna. Puo ea hae e ne e tsoela pele ho ntlafala, ’me re khona ho buisana ka moqoqo leha e le ofe, joaloka, “Re batla ho ea kae nakong ea phomolo?” kapa “U batla ho etsa eng ha u hōla?” Ke ile ka hlokomela hore na nka be ke lahlehetsoe ho le hokae haeba ke ne ke lekile ho itšetleha ka ho bua ka mantsoe bakeng sa puisano.
Ha a le lilemo li hlano, Spencer o ile a kenyelletsoa sekolong se tloaelehileng sa bana ba utloang se nang le tichere e neng e khona ho sebelisa puo ea matsoho. O ile a ba lenaneong lena ka lilemo tse tharo tse telele. O ne a hloile sekolo, ’me ho ne ho se bonolo ho mo bona a feta har’a litsietsi tse khōlō hakaalo. Ka ho thabisang, ke ne ke khona ho buisana le eena ha re ntse re leka litsela tse sa tšoaneng tsa ho tobana ka katleho le mathata a hae. Leha ho le joalo, qetellong ke ile ka etsa qeto ea hore lenaneo lena la sekolo sa sechaba ha le molemo bakeng sa boitlhompho ba hae leha e le bakeng sa tsoelo-pele ea hae thutong.
Ka 1989 lenyalo la ka le ile la qhalana. Joale ke ne ke se ke le motsoali ea se nang molekane ea nang le mora ea lilemo li tšeletseng eo bokhoni ba hae ba puo ea matsoho bo neng bo eketseha ka potlako. Le hoja ke ne ke khona ho buisana le eena, ke ne ke tseba hore ke hloka ho ntlafatsa tsebo ea ka ea ASL e le hore ke boloke le ho matlafatsa puisano lipakeng tsa rōna.
Nako ea ho Falla
Ke ile ka batlisisa mananeo a mangata a bana ba lithōlō libakeng tse ’maloa ’me ka fumana sekolo, Massachusetts, moo ho neng ho sebelisoa ASL hammoho le Senyesemane ho se neng se nkoa e le boiteko ba ho sebelisa lipuo tse peli. Ho feta moo, ke ile ka bolelloa hore haufinyane ho ne ho tla ba le phutheho ea Lipaki tsa Jehova ea ASL sebakeng sa Boston, ’me motsoalle e mong a etsa tlhahiso ea hore re fallele moo. Joaloka motsoali ea se nang molekane, khopolo ea ho siea lehae le lelapa le metsoalle sebakeng sa mahae sa New Hampshire ho ea sebakeng se phetheselang sa toropo e ne e le thata ho amoheleha. Spencer le eena o ne a thabela ho phela mahaeng. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le lintho tse peli tseo ke neng ke lokela ho li nahanela. Ho ne ho hlokahala hore Spencer a be sekolong seo ho sona matichere le liithuti ba buisanang kaofela ka bolokolohi ka puo ea matsoho, ’me ke ne ke e-na le boikutlo ba hore ho tla ba molemo ha re le phuthehong le Lipaki tse ling tsa lithōlō.
Re ile ra falla lilemong tse ’nè tse fetileng, ha Spencer a ne a le lilemo li robong. Nakoana ka mor’a moo, Phutheho ea Puo ea Matsoho Malden, Massachusetts, e ile ea thehoa, ’me ho tloha nakong eo, Spencer o entse tsoelo-pele e babatsehang. Boitšoaro ba hae bo ntlafetse haholo, ’me o thabela ho ba teng libokeng. Ke nyakallela ho mo bona a buisana le ba bang ’me a theha setsoalle le bona. Bara le barali beso ba lithōlō phuthehong ke mehlala e babatsehang bakeng sa mor’a ka, ba mo thusitse hore a hlokomele hore le eena a ka finyella lipakane tsa moea. ’Me sena o se entse. Hona joale o nehelana ka lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ’me o sebeletsa e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang. O se a bontšitse takatso ea hae ea ho kolobetsoa.
Ke thabo e kaakang eo ke bang le eona tšebeletsong, ha ke mo bona a hlalosetsa lithōlō tse ling ka tumelo ea hae, ka puo ea matsoho! Boitlhompho ba hae bo eketsehile ka ho tsotehang. Spencer o mpoleletse kamoo a ikutloang kateng ka phutheho. O ile a re: “Re karolo ea eona. Bara le barali babo rōna ba khona ho buisana le ’na.” Ha ho sa le mohla mora oa ka a nkōpang hore re tsamaee hang ka mor’a liboka. Hona joale ke ’na ea lokelang ho mo bolella hore ke nako ea ho tloha Holong ea ’Muso!
Sekolong sa hae sa hona joale, Spencer o khona ho buisana habonolo le bana ba bang ba lithōlō. Lipuisano tsa hae le bona li mo thusitse ho bona phapang pakeng tsa pono ea lefatše ka bana le pono ea Jehova ka bona. ’Na le Spencer re buisana ka bolokolohi ’me re na le katamelano e haufi, tumellanong le melao-motheo ea Bibele. Ha a fihla hae motšehare oa mantsiboea, re etsa mosebetsi oa hae oa sekolo o etsetsoang hae hammoho. Re ea libokeng tsa rōna le tšebeletsong ea ntlo le ntlo hammoho. Leha ho le joalo, Spencer o khona ho bona hore hase bana bohle sekolong sa hae ba nang le katamelano e haufi joalo le batsoali ba bona.—Bakolose 3:20, 21.
“Re Khona ho Bua ka Ntho Leha e le Efe”
Hoo e ka bang selemong se fetileng, ke ile ka hlokomela hore Spencer o ntalimile joalokaha eka o batla ho mpolella ho hong. Ke ile ka mo botsa hore na ho na le ntho eo a e hlokang. O ile a re: “Che.” Ke ile ka mo botsa lipotso tse seng kae tsa kamoo lintho li tsamaeang kateng sekolong le tse ling tse joalo. Ke ne ke bona hore ho teng ho hong hoo a batlang ho mpolella hona. Joale, nakong ea thuto ea rōna ea lelapa ea Molula-Qhooa, o ile a re, “Na ua tseba hore batsoali ba liithuti tse ling sekolong ha ba tsebe puo ea matsoho?” Ke ile ka mo talima ka ho makala. O ile a re: “Ke tiile. Ho na le batsoali ba sitoang ho buisana le bana ba bona.” O ile a hlalosa hore batsoali ba bang ba ile ba ea sekolong ’me a ba bona ba supa kapa ba tšoantša lintho tseo ba batlang ho li bua, e le ha ba leka ho buisana le bana ba bona. “’Na ke lehlohonolo haholo hobane u ithutile puo ea matsoho. Re khona ho buisana. Ha u supe feela; re khona ho bua ka ntho leha e le efe.”
See se ile sa nkama pelong hakaakang! Ba bangata ba rōna ha re ananele boiteko ba batsoali ba rōna ho fihlela ha re se re hōlile. Empa ke mona, a le lilemo li 12, mora oa ka o ne a mpolella kamoo a lebohang kateng ka hore re khona ho thabela puisano e nang le moelelo.
E ’ngoe ea lipakane tsa ka joalokaha ke le ’mè e ne e le ho ba le katamelano e molemo le mora oa ka le ho ba haufi le eena. Sena mohlomong se ka be se sa etsahala haeba ke ne ke sa ithuta puo ea matsoho. Ho inehela ha ka ho Jehova ho ile ha ntšusumelletsa ho nka boikarabelo ba ka ka ho teba joaloka motsoali; sena se entse hore liqeto tsa bohlokoa mabapi le puisano li be bonolo haholoanyane. Bobeli ba rōna re ruile molemo moeeng ka lebaka la liqeto tsena. Mantsoe a Deuteronoma 6:7 ke a bohlokoa hakaakang, moo batsoali ba laeloang ho buisana le bana ba bona ka litaelo tsa Jehova ‘ha ba lutse tlung ea bona, leha ba le tseleng ba tsamaea, leha ba ea robala, leha ba tsoha.’ Ka sebele ke leboha haholo hore ebe ’na le Spencer re khona ho buisana ka bolokolohi ka “lintho tse hlollang tsa Molimo.” (Liketso 2:11)—Joalokaha ho boletse Cindy Adams.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
‘Ke ne ke sitoa ho jara khopolo ea hore a hōle ho se mohla a kileng a ba le katamelano le batsoali ba hae’