Ha Naha e Fetoha Lehoatata
HO TLALEHOA hore mafatšeng ao e ka bang a 100, naha e ntse e fetoha lehoatata butle-butle ’me hona ho ama bophelo ba batho ba fetang limilione tse 900, selemo le selemo ho baka tahlehelo e hakanyetsoang ho liranta tse likete tsa limilione tse 183 cheleteng e kenang lefatšeng lohle. Le hoja libaka tse futsanehileng li amehile haholo (tse 81 tsa linaha tsena ke tse tsoelang pele moruong), ho fetoha ha naha lehoatata ho sokela linaha tsa k’honthinente e ’ngoe le e ’ngoe.
United Nations Environment Programme (UNEP) e re ho fetoha ha naha lehoatata “ke bo bong ba mathata a tebileng ka ho fetisisa a tikoloho a lefatše lohle.” Ka nako e tšoanang, bafuputsi le bona ba re “lehoatata ha le name.” Ho ka ba joalo joang?
Mahoatata aa Feto-fetoha, ’me Litlhaloso Lia Fetoha
Ka mor’a komello e telele tikolohong ea Sahel e Afrika (1968-73), khopolo ea hore mahoatata a namela libakeng tsa temo e ile ea kokoteloa likelellong tsa batho. Leha ho le joalo, “lipale tsa masoabi le tšenyeho” tse ileng tsa boleloa ke bo-rasaense ka nako eo, kamoo ho bolelang Donald A. Wilhite, motsamaisi oa International Drought Information Center e Univesithing ea Nebraska (U.S.A.), li ne li “thehiloe boitsebisong bo sa fellang, bo batliloeng ka nako e khutšoanyane, bo ileng ba fana ka taba e sa nepahalang.”
Hona joale litšoantšo tse tsoetseng pele tse nkoang ka satellite tse senolang lenane la lintho tse phelang, li bontša hore lenane la limela lea fetoha linakong tsa komello le tsa lipula. Ho feto-fetoha hona, kamoo litsebi li bolelang kateng, “ho fana ka maikutlo a hore lehoatata lea nama kapa lea ngotleha.” Kahoo mahoatata aa “feto-fetoha” empa hase kamehla a “hōlang.” Leha ho le joalo, Dr. Wilhite, o hatisa hore “naha e fetoha lehoatata.” Empa hantle-ntle see se bolela eng?
Ho Fetoha ha Naha Lehoatata
Hangata “ho fetoha ha naha lehoatata” ho ferekanngoa le ho nama le ho ngotleha ha mahoatata. Leha ho le joalo, ho fetoha ha naha lehoatata, kamoo ho hlalosang sehlopha se seng sa bafuputsi, ke ketsahalo e fapaneng. Ha ho nama le ho ngotleha ho etsahala meeling ea mahoatata a teng hona joale, ho fetoha ha naha lehoatata ho etsahala haholo libakeng tse aparetsoeng ke komello e khōlō, tseo tse ling tsa tsona e ka ’nang eaba li hōle haholo le lehoatata leha e le lefe. Libaka tse joalo tse khōlō tsa temo tsa naha e aparetsoeng ke komello, tseo e leng karolo ea 35 lekholong ea mobu oa lefatše, li ntse li fetoha mahoatata butle-butle. Hona joale ketsahalo eo e talingoa e le ho fetoha ha naha lehoatata.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe maikutlo ana a batsi a hore na naha e fetoha lehoatata hokae, pherekano e mabapi le liketsahalo tsena tse peli e ntse e tsoela pele. Hobane’ng? Panos, mokhatlo oa boitsebiso oo ntlo-khōlō ea oona e leng London, o sebetsanang ka ho khetheha le litaba tsa tsoelo-pele tseo ho sa lumellanoeng ho tsona, o supa lebaka le leng la pherekano ena. Ka linako tse ling, baetsi ba meralo ba tšoara likelello tsa batho ka khopolo ena e hlakileng ea lehoatata le namang hobane ke “khopolo eo ka eona tšehetso ea bopolotiki e fumanehang habonolo haholoanyane ho feta ha ba bua ka ketsahalo e rarahaneng haholoanyane ea ‘ho fetoha ha naha lehoatata.’”
“Tsebo e fetohang,” kamoo ho totobatsang Panos, “e tsositse ho ngangisana ho hoholo ka hore na hantle-ntle ‘ho fetoha ha naha lehoatata’ ke eng.” Ho tsekoa’ng? Hore na naha e fetoloa lehoatata ke batho kapa ke boemo ba leholimo. Qalong, Machaba a Kopaneng a ile a etsa tšisinyo ea ho hlalosa ho fetoha ha naha lehoatata e le “tšenyeho ea naha libakeng tse aparetsoeng ke komello, tsa pula e nyenyane le tsa mocheso o nang le lesoe tse bakoang haholo-holo ke phello ea liketso tsa batho tse senyang.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Camilla Toulmin, motsamaisi oa Drylands Project e International Institute for Environment and Development o re linaha tse ngata li ile tsa khopisoa ke tlhaloso ena hobane e jarisa motho molato oa ho fetoha ha naha lehoatata. Kahoo, haufinyane tjena, karolo e qetellang ea tlhaloso e ile ea fetoloa hore e re “tse bakoang ke ho se tšoane ha maemo a leholimo le liketso tsa batho.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Tlhaloso ena e ncha e jarisa batho hammoho le boemo ba leholimo molato oa ho fetoha ha naha lehoatata, empa ha ea ka ea felisa khang. Hobane’ng?
“Litsebi tse ling,” kamoo ho bolelang Panos, “li lumela hore ho ata ha litlhaloso le likhang tse hlahang ka lebaka la hona, ha e le hantle, ke boiteko ba ho fumana lichelete tse eketsehileng bakeng sa linaha tse ngatanyana tseo ho nahanoang hore li kotsing.” Phello ea khang e tsoelang pele ke hore “poleloana ena ka boeona e fetohile e batlang e sa bolele letho.” Ba bang ba teng ba bileng ba bolelang hore poleloana “ho fetoha ha naha lehoatata” e lokela ho lahloa ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ho hlakile hore ho qapa poleloana e ’ngoe ho ke ke ha rarolla bothata kapa ha tlosa lisosa tsa bona. Ho fetoha ha naha lehoatata ho bakoa ke eng?
Lisosa le Liphello
Buka e bitsoang Desertification, ea Alan Grainger, e re lisosa tse ka sehloohong ke temo e feteletseng, lekhulo le imeloang ke liphoofolo, ho rengoa ha meru le mekhoa e mebe ea ho nosetsa. Haeba ka nako e le ’ngoe, ho etsahala tse peli kapa ho feta tsa lisosa tsena, hangata phello ke naha e fetohang lehoatata. Ho feta moo, maemo a tlatsetsang—a kang liphetoho palong ea baahi, boemong ba leholimo le maemong a kahisano le a moruo—a etsa hore bothata bo lemohuoe haholoanyane.
Phello e ’ngoe e totobetseng ea ho fetoha ha naha lehoatata ke tšenyeho ea matla a ho hlahisa lijo a linaha tse aparetsoeng ke komello. Ho etsahala lefatšeng ka bophara empa haholo-holo Afrika, moo karolo ea 66 lekholong ea k’honthinente e leng lehoatata kapa naha e aparetsoeng ke komello. Leha ho le joalo, ho fetoha ha naha lehoatata ho na le liphello tse ling tse bohloko. Ho baka ntoa. “Motsoebereng oa lisosa tse bakang ho se tsitse kahisanong le lipolotiking, tšollo ea mali le ntoa,” kamoo ho bolelang buka ea Greenwar—Environment and Conflict, “tšenyeho ea tikoloho e phetha karolo e hōlang.”
Esita le boiteko ba ho thibela lintoa bo senya tikoloho haholo, bo totisa bofuma. Joang? Panos e hlalosa hore: “Mebuso, ka lebaka la ho talimana le ho se tsitse lipolotiking ho bakoang ke ho tseka lirafshoa tse ntseng li qepha ka lebaka la tšenyeho ea naha, e atisa ho nka khato ea ntoa ho hatella pefo. Ka tsela ena, mebuso e sebelisa chelete e teng mererong ea sesole ho e-na le hore e felise bofuma.” Leha ho le joalo, ho e-na le ho loantša liphello tsa ho fetoha ha naha lehoatata, ke eng e ka etsoang ho loantša lisosa tsa hona?
Ha ho na Pheko ea Kapele
Ka mor’a ho nahana potso eo ka likhoeli tse 13, baemeli ba linaha tse fetang 100 ba ile ba amohela “Tumellano ea Machaba a Kopaneng ea ho Loantša ho Fetoha ha Naha Lehoatata,” e leng moralo oo, ho ea ka Machaba a Kopaneng, e leng “mohato oa bohlokoa o eang pele” oa ho hlōla ho fetoha ha naha lehoatata. Har’a lintho tse ling, tumellano ena e ile ea laela hore linaha tse tsoetseng pele moruong, li fetisetse ho linaha tse sa tsoelang pele moruong, theknoloji ea ho etsolla mahoatata, mananeo a liphuputso le a koetliso ’me, haholo-holo, tšebeliso e molemo ea tsebo ea batho ba sebaka ka seng. (UN Chronicle) Na tumellano ee e ncha e tla emisa tšenyeho ea linaha tse aparetsoeng ke komello?
Panos e re hore phapang e tle e be teng ho hlokahala lipolelo haesita le tšehetso e bonahalang. Hama Arba Diallo, e mong oa bahlophisi ba tumellano ena, o tlalehile hore lipakeng tsa 1977 le 1988, ho ile ha sebelisoa liranta tse ka bang likete tse limilione tse ’nè ka selemo mehatong ea ho etsolla mahoatata. Leha ho le joalo, ho ea ka UNEP, hore ho be le tsoelo-pele ea sebele, ho hlokahala hore lichaba tse sa tsoelang pele moruong tse 81 li sebelise chelete e fetang eo ka makhetlo ao e ka bang a mane kapa a robeli.
Empa ke mang ea tla jara mokitlane oo? Panos ea lemosa: “Ho tla ba le chelete e nyenyane ea mosebetsi oa ho etsolla mahoatata e hlahang bocha linaheng tse tsoetseng pele moruong,” e phaella ka hore “ha ho utloahale hore linaha tse futsanehileng tseo naha ea tsona e ntseng e fetoha mahoatata li lebelle tharollo e bonolo kapa e potlakileng tumellanong e entsoeng.” Leha ho le joalo, Panos e phetha ka tšepo, ’nete ea hore lefatšeng ka bophara hona joale ho buisanoa ka ho fetoha ha naha lehoatata, e eketsa ho phatlalla ha bothata bona, “hoo e leng mohato oa tsoelo-pele ka bohona.”
“Naha e Tšehla e Tla Thaba”
Ha e le hantle, lilemong tse mashome tse fetileng, banna le basali ba bangata ba ile ba atleha ho etsa hore batho ba falimehele haholoanyane tlokotsi e neng e tla tlisoa ke ho fetoha ha naha lehoatata ho tsoelang pele. Mapetjo a kang “Meru e bile teng pele ho motho, empa boteng ba hae bo baka mahoatata,” a qholotsa batho hore ba etsolle boemo bona.
Leha ho le joalo, batho ba nang le tsebo ba boetse ba hlokomela hore bothata ba ho fetoha ha naha lehoatata bo rarahane. Ba talima litaba ka tsela ea sebele hoo ba utloisisang hore motho, ho sa tsotellehe hore na merero ea hae e metle hakae, oa haelloa tabeng ea ho sebetsana le lisosa tsa mathata a kajeno a lefatše lohle.
Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang hoa khothatsa ho batho ba amehileng ka bokamoso ba polanete ea rōna ho tseba hore ’Mōpi oa lefatše o tšepisitse hore o tla sebetsana ka katleho le bothata bona le a mang a tikoloho. ’Me kaha litšepiso tsa Molimo tse ngotsoeng ka Bibeleng e bile ’nete kamehla, hoa utloahala ho lebella phethahatso ea seo Jehova a ileng a bululela moprofeta Esaia hore a se ngole mabapi le bokamoso ba mahoatata le ba naha e senyehileng: “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joalo ka leshoma. . . . Hobane metsi a tla kolla naheng e tšehla, melatsoana e phalle mahalaopeng. Mahoatata a mahlabathe a tla fetoha matša a metsi, naha e omeletseng e be le liliba tsa metsi.” (Esaia 35:1-7; 42:8, 9; 46:8-10) E tla ba thabo e kaakang haufinyane ho bona ha ho fetoha ha naha lehoatata ho emisoa ’me ho etsolloa!
[Lebokose le leqepheng la 16]
Karolo Lekholong Ea Naha Eo E Leng Lehoatata Kapa E Aparetsoeng Ke Komello
Afrika 66%
Amerika Boroa 31%
Amerika Leboea 34%
Asia 46%
Australia 75%
Europe 32%
Lefatše 41%
[Lebokose le leqepheng la 17]
Na Ho Nosetsa Ho Fetola Naha Mahoatata?
Na ho nosetsa—ho tšella naha—ho ka fetola naha mahoatata? E, ho nosetsa ho fosahetseng hoa ho etsa. Hona ho etsahala ha metsi a mobu o nosetsoang a sa phalle. Ntho ea pele, mobu o tlapelana ke metsi; ebe joale o ba letsoai; ’me hamorao, ho ba le lehoho la letsoai ka holimo. “Ho nosetsa ho fosahetseng,” kamoo ho bolelang Panos, “ho fetola naha lehoatata kapele ho itšetlehile ka hore na mekhoa e mecha ea ho nosetsa e buleha kapele hakae.”
[’Mapa o leqepheng la 16, 17]
LEHOATATA
LE KOTSING
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mountain High Maps® Copyright © 1995 Digital Wisdom, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Naha e lengoang e fetoha mahoatata butle-butle