Na Ua Tseba?
(Likarabo lipotsong tsena li ka fumanoa litšupisong tsa Bibele tse fanoeng, ’me lethathamo le feletseng la likarabo le hatisitsoe leqepheng la 24. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona buka “Insight on the Scriptures,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.)
1. Ke’ng se ileng sa thibela Jesu hore a etse mesebetsi e matla har’a batho ba sebaka sa habo? (Mareka 6:5, 6)
2. Ke limela life tse peli tse ileng tsa boleloa ke Jesu ha a supa botšepehi bo feletseng ba Bafarisi ho lefeng karolo ea leshome? (Luka 11:42)
3. Ke phoofolo efe e ileng ea sebelisoa boprofeteng ho bontša kamoo Jesu a neng a tla ema e le “semumu” kateng ha a hlorisoa? (Esaia 53:7)
4. Ke mang eo e neng e le moprista e moholo ea ileng a fumana kahlolo e bohloko ka lebaka la ho hlompha bara ba hae ho feta Jehova? (1 Samuele 2:27-29)
5. Ke’ng eo Jesu a ileng a e ‘khalemela ka matla,’ hoo e ileng ea tlohela mohoehali oa Simone ’me a phela hantle? (Luka 4:38, 39)
6. Karolo e qalang ea mokoloko e bitsoa’ng? (Exoda 14:19)
7. Bophelo bo bokhutšoanyane ba motho bo tšoantšoa le eng, ha bo bapisoa le ‘polelo ea Jehova e lulang e le teng ka ho sa feleng’? (1 Petrose 1:24, 25)
8. Baiseraele ba ile ba ja manna ka lekhetlo la pele ’me molao oa Sabatha oa kenngoa tšebetsong lefeelleng lefe? (Exoda 16:1, 13-31)
9. Tse ling tsa lintho tseo litšoantšo li sitoang ho li etsa ke life? (Pesaleme ea 115:5-7)
10. Kaha ba ile ba hlōleha ho halaletsa le ho hlompha Molimo metsing a Meriba, ke bo-mang ba ileng ba haneloa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng? (Numere 20:12, BPN)
11. Ke karolo efe ea ’mele e sebelisitsoeng ka mokhoa oa tšoantšetso ho bontša bokhoni ba ho fana ka matla kapa bonatla? (Esaia 51:9)
12. Ho bontša bophahamo ba boprista ba Kreste, ke’ng seo Pauluse a reng Levi o ile a se lefa ha a ntse a le lethekeng la Abrahama? (Baheberu 7:9, 10)
13. Ke polelo efe e sebelisitsoeng ka Bibeleng ho bontša hore morena oa Iseraele o ne a emela puso ea bomolimo ea Jehova? (1 Likronike 29:23)
14. Ke’ng eo ka seng ho libōpuoa tse ’nè tse phelang ponong ea Johanne se tšoanang le eona? (Tšenolo 4:7)
15. Ke’ng se neng se letetse lefatše ka mor’a hore Diabolose a ntšoe leholimong? (Tšenolo 12:12)
16. Ho ile ha sebelisoa mokhoa ofe ho arola Naha e Tšepisitsoeng har’a meloko e 12? (Numere 26:55, 56)
17. Ke nonyana efe e nang le mahlo a mabeli a shebileng pele, ho e nolofalletsa hore mahlo a eona ka bobeli a bonele ntho hong? (Pesaleme ea 102:6)
18. Ke’ng eo Timothea a neng a tla e totobaletsa ba bang ka ho tsoela pele a ikakhela ka setotsoana linthong tsa moea? (1 Timothea 4:15)
19. Daniele o ne a le boemong bofe ’musong oa Babylona? (Daniele 2:48)
20. Ke’ng eo Adama le Eva ba ileng ba e rōkahanya bakeng sa ho etsa liaparo? (Genese 3:7)
21. Ha a hatisa ntlha ea hae ea ho se sebelise leleme hampe, ke’ng eo Jakobo a ileng a re sefate sa feiga se ke ke sa e hlahisa? (Jakobo 3:12)
22. Ke karolo efe feela ea seaparo sa Jesu eo batho ba kulang ba neng ba tšoanela ho e ama e le hore ba ka folisoa ka ho feletseng? (Matheu 14:36)
23. Maseli a leholimo a ne a tla sebeletsa e le lipontšo tsa eng? (Genese 1:14)
24. Ke bo-mang ka ho khetheha ba neng ba lokela ho hlokomeleha ka ho ba ba mekhoa e itekanetseng, ba hlomphehang bophelong le mesebetsing e molemo? (Tite 2:2, 3)
25. Esaia o itse ke eng eo batho ba neng ba tla e tšoareloa, e le hore ho se be “motho ea ahileng Jerusalema ea tla re: Ke bohloko”? (Esaia 33:24)
26. Le hoja temana eo a e qotsitseng, Pesaleme ea 140:3, e e bitsa “marabe,” ke lebitso lefe le akaretsang leo Pauluse a le sebelisitseng bakeng sa noha ee e chefo? (Baroma 3:13)
27. Tlhaku ea botšelela alfabeteng ea Seheberu ke efe?
28. Ke lentsoe lefe le sebelisitsoeng ho khetholla motho eo e seng Mojuda? (Baroma 2:9, 10; bona BPN.)
29. Lebitso la kou ea likepe ea Italy moo Pauluse a ileng a qeta beke teng le Bakreste-’moho ha a ne a le leetong la hae la ho ea ema ka pel’a Sesare ke mang? (Liketso 28:13, 14)
30. Pauluse o re eletsa hore re behe mahlo a rōna linthong life tse sa feleng? (2 Bakorinthe 4:18)
31. Ke’ng seo Bakreste ba sa lokelang ho se etsa ka bobona, kaha se tla hlokomeloa ke Jehova? (Baroma 12:19)
32. Ha a hatisa matla a senyang a Gehena, ke’ng eo Jesu a ileng a re ha e shoe moo? (Mareka 9:48)
Likarabo Tsa Lipotso
1. Ho hloka ha bona tumelo
2. Koena, rue
3. Nku
4. Eli
5. Feberu ea hae
6. Ka pele
7. Joang bo omellang
8. Lefeelleng la Sine
9. Ho bua, ho bona, ho utloa, ho fofonela, ho tšoara, ho tsamaea
10. Moshe le Arone
11. Letsoho
12. Karolo ea leshome
13. “A lula teroneng ea Jehova”
14. Tau, pohoana, motho, ntsu
15. Bomalimabe
16. Ka lotho
17. Sephooko
18. Tsoelo-pele ea hae
19. ’Musisi oa naha
20. Mahlaku a sefate sa feiga
21. Mehloaare
22. Mophetho o litjellane
23. Linako, matsatsi, lilemo
24. Banna le basali ba hōlileng
25. Libe tsa bona
26. Noha e nyenyane e chefo
27. Waw
28. Molichaba
29. Puteoli
30. “Linthong tse sa bonoeng”
31. Ho batla ho iphetetsa
32. “Tšenyane ea bona”