Feberu ea Likhofu na e Haufi le ho Fela?
KA MONGOLLI OA TSOHA! NIGERIA
HO SA tsotellehe tsoelo-pele e hlollang lefapheng la meriana le saense, moloko oa batho o sitoa ho otlolla a mangata a mathata a oona a lilemo-lemo. Hona e bile ’nete ka boiteko ba ho fenya feberu ea likhofu.
Kamoo ho bonahalang kateng, ho na le lintho tsohle tse hlokahalang bakeng sa ho etsa mosebetsi ona. Lingaka li utloisisa mekhahlelo eo kokoana-hloko ena e amehang e feto-fetohang libōpeho ho eona bophelong. Boloetse bona bo lemohuoa habonolo. Ho na le lithethefatsi tse atlehang ho bo phekola. Baeta-pele ba mebuso ba labalabela ho ntšetsa pele boiteko ba ho bo thibela. Empa ha ho bonahale eka boloetse bona bo hlaselang batho ba limilione Afrika, Amerika Boroa, Asia, Bochabela bo Hare le Caribbean bo tla tloha bo fela.
Feberu ea likhofu (eo hape e bitsoang bilharziasis kapa schistosomiasis) e hlasetse batho ka likete-kete tsa lilemo. Mahe a omelelitsoeng a fumanoang litopong tse omelelitsoeng tsa Egepeta a fana ka bopaki ba hore boloetse bona bo ne bo hlasela Baegepeta mehleng ea bo-faro. Lilemo tse likete tse tharo hamorao, boloetse bona bona bo ntse bo hlasela Egepeta, bo fokolisa baahi ba limilione ba naha eo. Metseng e meng e Molomong oa Nile, batho ba 9, ho ba bang le ba bang ba 10, ba kenoe ke boloetse bona.
Egepeta ke e ’ngoe feela ea linaha tse 74 kapa ho feta tseo feberu ea likhofu e leng seoa ho tsona. Ho ea ka lipalo tsa World Health Organization (WHO), lefatšeng ka bophara batho ba limilione tse 200 ba kenoe ke boloetse bona. Ho bakuli ba limilione tse 20 ba sa foleng, ba ka bang 200 000 baa shoa selemo ka seng. Har’a maloetse a bakoang ke likokoana-hloko a linaha tse chesang tse mongobo, ho tlalehoa hore feberu ea likhofu e etelloa pele ke malaria feela mabapi le lenane la batho bao e ba tšoarang le tšenyo eo e e bakang sechabeng le moruong.
Mekhahlelo ea Bophelo ba Kokoana-hloko Ena
Ho utloisisa feberu ea likhofu, e leng ho bolelang ho tseba hore na e ka thibeloa le ho phekoloa joang, ho bolela ho utloisisa kokoana-hloko e e bakang. Ntlha ea sehlooho ke ena: Hore e phele e be e atlehe molokong o mong ho ea ho o mong, kokoana-hloko ena e hloka libaka tse peli tseo e ka lulang ho tsona, e leng libōpuoa tse peli tse phelang tseo e ka iphepang ka tsona eaba ea hōlela ka ho tsona. Se seng ke seanyesi, se kang motho; se seng ke khofu ea metsing a hloekileng.
Se etsahalang ke sena. Ha motho ea kenoeng ke kokoana-hloko ena a sesetsa kapa a ithusetsa ka metsing a letamo, letša, molapo kapa nōka, o ntša mahe a kokoana-hloko ena—mohlomong mahe a ka bang milione ka letsatsi. Mahe ana a manyenyane hoo motho a ke keng a a bona ntle ho mochine o hōlisang ponahalo ea lintho. Mahe ana ha a kopana le metsi, aa qhotsoa, a ntša likokoana-hloko tsena. Likokoana-hloko tsena li sebelisa boea bo bonyenyane bo ’meleng ea tsona hore li sèsè ho ea kena khofung ea metsi a hloekileng ’me li kena ho eona. Libekeng tse latelang tse ’nè ho isa ho tse supileng, haeba li le ka hare ho khofu, lia ikatisa.
Ha li e-tsoa khofung eo, nako ea hore li fumane motho kapa seanyesi se seng ’me li kene ho eena ke lihora tse 48 feela. Ho seng joalo, lia shoa. Ha li fihla seanyesing se joalo se keneng ka metsing, likokoana-hloko tsena li phunya letlalo ’me li kena maling. Sena se ka ’na sa etsa hore letlalo la motho le hlohlone, le hoja a sa hlokomele ho hang hore o hlasetsoe. Kokoana-hloko ena ha e le maling, e fetela methapong ea mali ea senya kapa ea mala, ho itšetlehile ka hore na ke kokoana-hloko ea mofuta ofe. Ka mor’a libeke, likokoana-hloko tsena lia hōla e ba libōkō tse tona le tse tšehali tse bolelele boo e ka bang limilimithara tse 25. Hoba li kopane, e tšehali e qala ho behela mahe ka maling a seanyesi seo e leng ka ho sona, kahoo e fihla mokhahlelong oa ho qetela.
Hoo e ka bang halofo ea mahe ana a tsoela ka ntle ho ’mele oa seanyesi se hlasetsoeng, a tsoa le mantle (haeba e le feberu ea likhofu ea mala) kapa mosese (haeba e le feberu ea likhofu ea mosese). Mahe a mang a sala ’meleng ’me a senya litho tsa bohlokoa. Ha boloetse bona bo ntse bo nama, ea hlasetsoeng a ka ’na a tšoaroa ke feberu, a ruruha mpa a ba a lutlela mali ka hare. Qetellong boloetse bona bo ka baka kankere ea senya kapa ba fokolisa sebete kapa liphio. Bahlaseluoa ba bang ba felloa ke matla a ho ba le bana kapa ba shoa litho. Ba bang baa shoa.
Litharollo le Mathata
Bonyane ho ka etsoa lintho tse ’nè ho thibela boloetse bona hore bo se ke ba ata. Haeba bohato leha e le bofe ho ena e mene bo ne bo nkoa lefatšeng ka bophara, boloetse bona bo ne bo tla fenngoa ka ho feletseng.
Bohato ba pele ke ho felisa likhofu mehloling ea metsi. Likhofu lia hlokahala hore kokoana-hloko ena e hōle. Ha likhofu li le sieo, feberu ea likhofu ha e eo.
Boiteko bo boholo e bile ba ho etsa chefo e bohale ka ho lekaneng hore e bolaee likhofu empa e ke ke ea silafatsa tikoloho. Ka bo-1960 le bo-1970, boiteko ba ho felisa likhofu bo ile ba atleha ho bolaea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang libakeng tse khōlō tse nang le metsi. Theodor Bilharz Research Institute ea Egepeta, ho ’nile ha etsoa boiteko ba ho fumana ntho e ka bolaeang likhofu e sa lematse lintho tse ling tse phelang. Dr. Aly Zein El Abdeen, mopresidente oa setsi sena, o bua sena mabapi le ntho e joalo: “E tla tšeloa ka metsing, a sebelisetsoang lijalo, a nooang ke batho le liphoofolo, le ao litlhapi li phelang ho ’ona, ka hona re lokela ho nepisisa hantle hore ha ho letho la lintho tsena le amehang.”
Bohato ba bobeli ke ho bolaea likokoana-hloko tse bathong. Ho fihlela bohareng ba bo-1970, phekolo e ne e akarelletsa lithethefatsi tse neng li baka maloetse a mang a mangata le mathata. Hangata, phekolo e ne e batla letoto la liente tse bohloko. Ba bang ba ne ba ipelaetsa ka hore phekolo e bohloko le ho feta boloetse ka bobona! Ho tloha ka nako eo, ho ’nile ha etsoa lithethefatsi tse ncha tse kang praziquantel, tse atlehang ho loantša feberu ea likhofu, ’me li ka nooa.
Le hoja lithethefatsi tsena li bile le katleho ha li sebelisoa mererong e entsoeng Afrika le Amerika Boroa, bothata bo ka sehloohong linaheng tse ngata e ’nile ea e-ba theko ea tsona. WHO e ile ea tletleba ka 1991: “Linaha tse oetsoeng ke seoa sena ha li khone ho tsoela pele ka mananeo a pharaletseng a ho laola [feberu ea likhofu] ka lebaka la phekolo e lefelloang haboima; hangata litheko tse boima tsa sethethefatsi ka bosona li feta chelete eo linaha tse ngata tsa Afrika li ka e kenyelletsang meralong ea tsona ea tšebeliso ea lichelete ea mafapha a bophelo.”
Esita le moo ho etsoang hore bakuli ba fumane lithethefatsi tsena ba sa li lefelle, batho ba bangata ha ba ee ho ea phekoloa. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hobane batho ba bolaoang ke boloetse bona ha ba bakae, ha ho bapisoa, ka hona batho ba bang ha ba nahane hore ke bothata bo tebileng. Lebaka le leng ke hore batho hase kamehla ba lemohang matšoao a boloetse bona. Likarolong tse ling tsa Afrika, mosese o nang le mali (letšoao le ka sehloohong la boloetse bona) o tloaelehile hoo o nkoang e le karolo e loketseng ea ho hōla.
Bohato ba boraro ke ho ntša mahe ana mecheng eo metsi a tsamaeang ka eona. Haeba ho ne ho hahuoa matloana hore ho sireletsoe tšilafalo ea melapo le matamo tsa libaka ka bomong le haeba e mong le e mong a ne a a sebelisa, kotsi ea ho tšoaroa ke feberu ea likhofu e ne e ka fokotseha.
Ka mor’a hore ho kenngoe lipompo tsa metsi ’me ho hahuoe matloana, liphuputso tsa lefatše ka bophara li bontša ho fokotseha ho hoholo ha boloetse bona, empa litokisetso tsena ha li tiise thibelo ea bona. Rasaense Alan Fenwick, ea entseng liphuputso ka feberu ea likhofu ka lilemo tse fetang tse 20, o re: “Ho hlokahala motho a le mong feela hore a ithusetse mocheng o tsamaisang metsi ho qalisa mekhahlelo ea bophelo ba kokoana-hloko ena.” Kotsi e ’ngoe ke ea lipeipi tse phatlohang tsa likhoere-khoere, tse qhallang mantle a kenoeng ke kokoana-hloko ena ka mehloling ea metsi.
Bohato ba bone ke ho tlosa batho metsing a silafalitsoeng ke kokoana-hloko ena. Sena le sona ha se bonolo joalokaha se ka ’na sa bonahala eka se bonolo. Linaheng tse ngata matša, melapo le linōka tsa metsi a nooang li boetse li sebelisetsoa ho itlhatsoa, ho nosetsa lijalo le ho hlatsoa liaparo. Batšoasi ba litlhapi ba kena metsing letsatsi le letsatsi. ’Me letsatsing le bataolang la linaha tse chesang, tse mongobo, metsi a emeng, ho bana e ka ba letangoana la ho sesa leo ba ke keng ba le qoba.
Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bokamoso?
Ha ho pelaelo hore batho ba tšepahalang le mekhatlo e tšepahalang ba sebetsa ka khothalo ho loantša feberu ea likhofu le hore ho se ho entsoe tsoelo-pele e khōlō. Bafuputsi ba bile ba sebeletsa ho etsa ente e e loantšang.
Leha ho le joalo, litebello tsa ho fenya boloetse bona li bonahala li le lerootho. Bukeng ea bongaka ea Sefora ea La Revue du Praticien, Dr. M. Larivière o re: “Ho sa tsotellehe katleho . . . , boloetse bona bo hōle le ho fela.” Le hoja batho ka bomong ba ka bo thibela le ho bo phekola kannete, pheko e akaretsang ea bothata bona ba feberu ea likhofu e ka ’na ea se ke ea fumaneha ho fihlela ho fihla lefatše le lecha la Molimo. Bibele e tšepisa hore “ha ho motho . . . ea tla re: Ke bohloko.”—Esaia 33:24.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ha batho ba kena metsing a silafetseng, ba ka kenoa ke likokoana-hloko tse bakang feberu ea likhofu