Lefatše le Rutiloeng Lehloeo
KA TLHAHO batho ke baithati. ’Me boithati, haeba bo sa laoloe, bo ka fetoha lehloeo. Joalokaha eka boithati ba tlhaho ha bo bobe ka ho lekaneng, mokhatlo oa batho o hlile o koetlisa batho hore e be baithati!
Ke ’nete hore ho etsa qeto e akaretsang hase kamehla ho sebetsang, leha ho le joalo maikutlo a mang a atile hoo a ke keng a qheleloa thōko ka ho re ke mekhelo feela. Na hase ’nete hore hangata bo-ralipolotiki ba thahasella ho hlōla likhethong ho e-na le ho thusa litho tsa mabatooa a bona? Na hase ’nete hore hangata bo-rakhoebo ba thahasella ho fumana chelete, ka mokhoa o sa tšepahaleng haeba ho hlokahala, ho e-na le ho thibela lihlahisoa tse kotsi ho kena ’marakeng? Na hase ’nete hore hangata baruti ba thahasella ho fumana botumo kapa chelete ho e-na le ho tataisa mehlape ea bona tseleng ea boitšoaro le lerato?
Ho Qala ka ba Banyenyane
Ha bana ba hōlela tikolohong e ba lumellang ho iketsetsa borata, ha e le hantle ba koetlisetsoa ho ba baithati, kaha ho nahanela le ho hloka boithati ho qheleloa thōko molemong oa ho khotsofatsa litakatso tsa bona tsa bongoana. Ha liithuti li le likolong le likolecheng, li rutoa hore li loanele ho hlahella boemong ba pele, eseng feela litabeng tsa sekolo empa hape le lipapaling. Lepetjo ke hore, “Haeba u boemong ba bobeli, ho tšoana leha u le oa ho qetela!”
Lipapali tsa video tse bontšang pefo li ruta bacha ho rarolla mathata ka tsela ea boithati—ea hore sera se tlosoe tseleng! Ka sebele boo hase boikutlo bo khothalletsang lerato! Lilemo tse fetang leshome tse fetileng, mookameli e mong oa lefapha la bongaka United States o ile a lemosa hore lipapali tsa video li beha bacha kotsing. O ile a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leka ho hleka sera tseleng. Ha ho letho le molemo lipapaling tseo.” Lengolo le eang ho The New York Times le boletse hore lipapali tse ngata tsa video “li ipiletsa litšekamelong tse mpe ka ho fetisisa tsa batho” ’me la tsoela pele: “Li hlaolela moloko oa bahlankana le baroetsana ba sa tsotelleng, ba lifela-peloana.” Mothoholetsi e mong oa lipapali tsa video oa Jeremane o ile a tšepahala ka ho lekaneng ho lumela bonnete ba tlhaloso ena ea morao ha a re: “Nakong ea ha ke li bapala ke ne ke e-ba lefatšeng la litoro leo ho lona lepetjo le ka sehloohong le sebelisoang e leng: ‘Bolaea kapa u bolaoe.’”
Ha le kopana le khethollo ea merabe, lehloeo le ba kotsi ho feta. Ke ka lebaka leo, Majeremane a hlileng a amehileng ka boteng ba livideo tsa mekha e khomaretseng meetlo tse bontšang pefo khahlanong le melata, haholo-holo khahlanong le Maturkey. A na le lebaka le utloahalang la ho ameha, kaha ho tloha ka la 1 January, 1994, Maturkey a ne a etsa karolo ea 27,9 lekholong ea bajaki ba Jeremane ba 6878100.
Maikutlo a khethollo ea merabe a ntšetsa pele seo bochaba bo se rutang bana ho tloha boseeng, e leng hore ho hloea lira tsa sechaba sa heno ha ho phoso. Moqoqo oo George M. Taber a o ngoletseng Time, o itse: “Maanong ’ohle a lipolotiki a historing, mohlomong le matla ka ho fetisisa ke la bochaba.” O ile a tsoela pele ho hlalosa: “Ho ’nile ha tšolloa mali a mangata lebitsong la bona ho feta sesosa leha e le sefe se seng ntle le bolumeli. Ka makholo a lilemo baeta-pele ba ’nile ba hlohlelletsa mahoohoo ho etsa morusu ka ho jarisa morabe o mong o ahisaneng le bona molato oa likhathatso tsohle tseo ba nang le tsona.”
Lehloeo le bileng teng ka nako e telele ho batho ba merabe, kapa lichaba tse ling ke lona le bakang mathata a mangata lefatšeng kajeno. ’Me ho hloea melata, ho tšaba basele kapa melata, hoa eketseha. Leha ho le joalo, ho thahasellisang ke hore sehlopha sa litsebi tsa Majeremane tsa litaba tsa kahisano se ile sa hlokomela hore melata e hloiloe haholo libakeng tseo ho tsona ho phelang melata e seng mekae. Sena se bonahala se paka hore hangata hoo ho bakoa ke ho ba leeme ho e-na le ho ba le phihlelo ea botho. Litsebi tsa litaba tsa kahisano li fumane hore: “Bacha ba khothalletsoa ho ba leeme haholo-holo ke metsoalle ea bona le ke malapa abo bona.” Ha e le hantle, karolo ea 77 lekholong ea bao ho buisanoeng le bona, le hoja ba ne ba tšehetsa leeme, ba ne ba sa kopane ka ho toba, kapa ba kopana hanyenyane feela le melata.
Ho ruta thuto ea boithati ha ho boima, etsoe kaofela ha rōna re futsitse karolo e itseng ea boithati ho batsoali ba sa phethahalang. Empa bolumeli bo phetha karolo efe khohlanong e pakeng tsa lerato le boithati?
Ke’ng Seo Bolumeli bo se Rutang?
Ka tloaelo batho ba nahana hore bolumeli bo khothalletsa lerato. Empa haeba ho joalo, ke hobane’ng ha liphapang tsa bolumeli e le tsona lisosa tsa motheo likhohlanong tse Ireland Leboea, Bochabela bo Hare le India, ha re bolela mehlala e meraro feela? Ke ’nete hore batho ba bang ba tsitlallela hore liphapang tsa lipolotiki ke tsona tse lokelang ho jara molato meferefereng eo, eseng bolumeli. Ho na le khang ka ntlha eo. Leha ho le joalo, ho hlakile hore bolumeli bo hlophisitsoeng bo hlōlehile ho ruta batho ho ba le lerato le matla ka ho lekaneng ho hlōla leeme la lipolotiki le la merabe. Ha e le hantle, balumeli ba bangata ba K’hatholike le Orthodox le ba malumeli a mang ba khothalletsa leeme, le isang pefong.
Ha ho letho le phoso ka ho leka ho shanofatsa lithuto le mekhoa ea sehlopha se itseng sa bolumeli tseo mohlomong motho a nahanang hore li fosahetse. Empa na see se fana ka tokelo ea ho sebelisa pefo ho se loantša kapa ho loantša litho tsa sona? Ka ho tobileng The Encyclopedia of Religion ea lumela: “Baeta-pele ba bolumeli ba susumelelitse hore ho hlaseloe lihlopha tse ling tsa bolumeli ka mabifi ka makhetlo a mangata historing ea Bochabela bo Haufi le Europe.”
Encyclopedia ena e senola hore pefo e jele setsi bolumeling, ha e re: “Ba lumelang lithutong tsa Darwin hase bona feela ba amohelang hore ntoa ke ea bohlokoa tsoelo-peleng ea litaba tsa kahisano le tse amanang le kelello. Bolumeli bo ’nile ba sebeletsa e le mohloli o sa psheng oa ntoa, oa pefo, ’me, kahoo, oa tsoelo-pele.”
Pefo e ke ke ea lokafatsoa ka hore ea hlokahala bakeng sa tsoelo-pele, kaha sena se tla be se le khahlanong le molao-motheo o tsebahalang haholo oo Jesu Kreste a faneng ka oona ha moapostola Petrose a ne a leka ho mo sireletsa. Petrose o ile “a otlolla letsoho la hae ’me a tsomula sabole ea hae ’me a hlatha lekhoba la moprista ea phahameng ’me a tlosa tsebe ea lona. Joale Jesu a re ho eena: ‘Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.’”—Matheu 26:51, 52; Johanne 18:10, 11.
Pefo e etsoang ho batho—ebang ba molemo kapa ba babe—hase tsela e lerato. Kahoo, batho ba retelehelang pefong ba shanofatsa boipolelo ba bona ba hore ba etsisa Molimo ea lerato. Morao tjena mongoli Amos Oz o ile a hlokomela: “Ke ho tloaelehileng ho balumeli ba chesehang ka ho feteletseng hore . . . ‘litaelong’ tseo ba li fumanang ho Molimo, ha e le hantle, kamehla ke taelo e le ’ngoe e reng: Le bolaee. Molimo oa bohle ba chesehang ka ho feteletseng o utloahala eka ke diabolose.”
Bibele e bua ho hong ho hlileng ho tšoanang le hoo: “Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba totobala ka ’nete ena: E mong le e mong ea sa tsoeleng pele ka ho loka ha a simolohe ho Molimo, leha e le ea sa rateng mor’abo. E mong le e mong ea hloeang mor’abo ke ’molai, ’me lea tseba hore ha ho ’molai eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena. Haeba leha e le mang a re: ‘Ke rata Molimo,’ ’me leha ho le joalo a hloile mor’abo, ke ea leshano. Etsoe ea sa rateng mor’abo, eo a mo boneng, e ke ke ea e-ba ea ratang Molimo, eo a e-s’o mo bone. ’Me re na le taelo ena e tsoang ho eena, hore ea ratang Molimo o lokela hore e be ea ratang le mor’abo.”—1 Johanne 3:10, 15; 4:20, 21.
Bolumeli ba ’nete, bo tlameha ho latela tsela ea lerato, e akarelletsang ho bontša lerato esita le ho lira. Ka Jehova rea bala: “O chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:44, 45; bona le 1 Johanne 4:7-10.) O fapane hakaakang le Satane, molimo oa lehloeo! O hohela le ho tšoasa batho hore ba phele bophelo ba boitšoaro ba hlephileng, ba tlōlo ea molao le ba boithati, kahoo ba tlatse bophelo ba bona ka litlokotsi le masisa-pelo. O tsoela pele ho etsa sena le hoja a tseba hantle hore qetellong mokhoa ona o sothehileng oa bophelo o tla ba lebisa timetsong. Na eo ke molimo ea lokelang ho sebeletsoa, eena ea hlōlehang—eo ho bileng ho totobetseng hore ha aa ikemisetsa—ho sireletsa ba mo latelang?
Ho Tšaba, ho Halefa, Kapa ho ba le Boikutlo ba Tahlehelo
Hore litšobotsi tsena li baka lehloeo ho ka netefatsoa habonolo. Tlaleho ea Time e re: “E bile feela ka likhathatso tsa bo-1930 ha hlakantsutsu ea mekhatloana ea bohanyetsi ea Europe e atleha ho ithuisa molemo ka menyetla e mengata eo ho neng ho bonahala eka ke e metle. . . . Ka lebaka la ho tšaba ho lahleheloa ke mesebetsi, batho ba bang ba halefela mebuso e nang le pono e leka-lekaneng ka lebaka la ho hloka matla ha eona ’me ba jarisa melata e har’a bona molato o mong le o mong.” Ho Rheinischer Merkur/Christ und Welt, Jörg Schindler o ile a lebisa tlhokomelo ho baphaphathehi ba lipolotiki ba likete tse mashome ba balehetseng Jeremane lilemong tse fetang mashome a mabeli tse fetileng. The German Tribune ea eletsa: “Khethollo ea merabe ea eketseha ho pholletsa le Europe.” Tšubuhlellano ea bajaki ba bangata hakana e baka maikutlo a lehloeo. Batho ba utluoa ba tletleba ka hore: ‘Ba re jella chelete, ba re nkela mesebetsi, ba kotsi ho barali ba rōna.’ Theodore Zeldin, setho sa Koleche ea St. Antony, Oxford, o boletse hore batho ba “ba mabifi hobane ba ikutloa ba le kotsing kapa ba nyenyefalitsoe. Ke lisosa tsa khalefo ea bona tse hlokang ho hlokomeloa.”
Moqolotsi e mong oa litaba thelevisheneng oa Brithani, Joan Bakewell, o sebelisa mantsoe a loketseng ho hlalosa lefatše la rōna, lefatše le rutang baahi ba lona lehloeo. Oa ngola: “Ha ke Mokreste ea latelang bolumeli bo tloaelehileng, empa ke hlokomela ’nete e feletseng le e phethahetseng thutong ea Jesu: bokhopo ke tlokotsi e bolaeang e bakoang ke ho haella ha lerato. . . . Kea tseba hore re phela sechabeng se sa lumeleng thuto ea lerato hakaalo. Ka sebele, ke sechaba se leleme le boreleli hoo se qhelelang thōko thuto e joalo ka hore ke e haelloang ke tsebo, ea ho nkeha maikutlo, e inahaneloang, se nyefolang likhopolo tsa ho etelletsa ho tsotella le ho hloka boithati ka pele ho ho fumana phaello le ho ipatlela se molemo. Se bolela se lomahantse meno se re: ‘A re talimeng linnete,’ ha se buella lintho tsa morao-rao tsa khoebo, sea qhekella linthong tseo se tlamehang ho li etsa le ho bebofatsa bopaki bo hlakisang hore se fositse. Lefatše le joalo le hlahisa batho ba hlōlehang, ba itšehlang thajana, ba sa atleheng ho finyella lintho tseo sechaba se li nkang e le tse tlang pele bakeng sa katleho, tse fanang ka boikutlo ba ho itšepa le tse etsang malapa a thabileng.”
Ka ho hlakileng, molimo oa lefatše lena, Satane, o ruta moloko oa batho lehloeo. Empa re le batho ka bomong, re ka ithuta ho ba le lerato. Sehlooho se latelang se tla bontša hore sena se ka khoneha.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Na lipapali tsa video li ka ruta bana ba hao lehloeo?
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Pefo ea ntoa ke letšoao la ho se tsotelle le lehloeo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pascal Beaudenon/Sipa Press