Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 10/8 leq. 31
  • Motsoali Ke Ofe? Ngoana ke Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motsoali Ke Ofe? Ngoana ke Ofe?
  • Tsoha!—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Haha Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 10/8 leq. 31

Motsoali Ke Ofe? Ngoana ke Ofe?

SETSEBI se seng sa kelello California, U.S.A., se tletleba ka tsela eo matla a batsoali a ho laela a senyehileng kateng lilemong tsa morao tjena. Sea ngola: “Ka ofising ea ka ke utloa lipuisano tse ngata haholo tse pakeng tsa batsoali le bana tseo ho tsona ho buisanoang eka ke pakeng tsa batho ba baholo ba babeli, eseng pakeng tsa ngoana le motsoali. Lipuisano tsa boima joaloka tse etsoang ke mekhatlo e meholo ea likhoebo li ’nile tsa tšoaroa mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha tabeng ea nako ea ho robala ho isa cheleteng eo ngoana a e fuoang le ho hlokomeleng mesebetsi ea lelapa. Ka linako tse ling ho ’nile ha e-ba thata ho tseba hore na motsoali ke ofe le hore na ngoana ke ofe.”

Bibele e fana ka keletso e leka-lekaneng ho batsoali. E ba lemosa ka kotsi ea ho ba ba thata-thata hoo ba ka khentšang ngoana oa bona, mohlomong ba tepeletsa ngoana maikutlo le ho mo nyahamisa. (Bakolose 3:21) Empa e boetse e hlokomelisa batsoali ka ho se be ba fetelletsang ka lehlakoreng le leng—ho ba ba lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ba nyahlatsang matla a bona a ho laela ka ho feletseng. Liproverbia 29:15 e re: “Mohlankana ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.” Maele a mang a Bibele a re: “Ea bokotsang khoba la hae ha a le hōlisa, le tla qetella le mo hlokela teboho.” (Liproverbia 29:21, BPN) Le hoja temana ena e bua ka lekhoba, molao-motheo oo o sebetsa ka tsela e tšoanang le ho bana.

Batsoali ba sa faneng ka tataiso le khalemelo tse hlokahalang ho bana ba bona qetellong ba kotula liphello tse boima—e leng lelapa le tsoileng taolong. Ho molemo hakaakang ho sebelisa keletso ea Bibele! Ke ’nete hore ho etsa joalo ho hloka boiteko, empa ho ka tlisa melemo ea bophelo bohle. Bibele e re: “Ruta ngoana tsela ea ho phela, ha a hōlile a ke ke be a fapoha.”—Liproverbia 22:6, BPN.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela