Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 10/8 leq. 32
  • Seo Lipampitšana Tsa Bibele li ka se Finyellang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo Lipampitšana Tsa Bibele li ka se Finyellang
  • Tsoha!—1997
Tsoha!—1997
g97 10/8 leq. 32

Seo Lipampitšana Tsa Bibele li ka se Finyellang

Motseng oa Golitsino, haufi le Moscow, Russia, Paki e ’ngoe ea Jehova e ile ea fa mosali e mong ea neng a khanna ngoana ka koloeana ea bana pampitšana e reng Thabela Bophelo ba Lelapa. Paki ena e ile ea itsoella pele ho tsamaea, empa ka mor’a nakoana ea utloa mosali eloa a e hoeletsa. O ne a e mathela, a ntse a khanna koloeana ea ngoana oa hae.

Mosali eo o ile a bolela hore o thahasella ho ithuta ho eketsehileng, kahoo Paki eo ea mo fa lipampitšana tse ling hape tse peli tse buang ka Bibele. E ile ea boela ea mo fa nomoro ea eona ea founo e le hore a ka e founela hamorao. Mantsiboeeng a letsatsi lona leo o ile a founa ’me a etsetsoa litokisetso tsa ho ba le thuto ea lehae ea Bibele beke le beke. Ka mor’a likhoeli tse supileng feela, mosali eo hammoho le moen’ae ba ile ba inehela ho sebeletseng Molimo ’me ba kolobetsoa.

Haeba u ka thabela ho bala lipampitšana tsa Bibele tse reng Thabela Bophelo ba Lelapa, Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo, Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? le Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e haufi le uena ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela