Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 11/8 maq. 12-16
  • Thuto e Ithutoang Pitseng ea Mafura

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto e Ithutoang Pitseng ea Mafura
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefa la Sejuda
  • Puso ea Nazi
  • Ho Falla ha Letšoele le Tšohileng
  • Bophelo ba Bophaphathehi
  • Khetho ea Lelapa Leso ea Bolumeli
  • Ho Sebeletsa Naheng e Ncha
  • Nka Buseletsa Eng ho Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ke Susumelitsoe ke Botšepehi Bo sa Sekisetseng ba Lelapa Leso ho Molimo
    Tsoha!—1998
  • “Re Tla Etsa Tsohle Molemong oa Tumelo e sa Tl’o Fela”!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ho Tšepa Tlhokomelo ea Jehova e Lerato
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 11/8 maq. 12-16

Thuto e Ithutoang Pitseng ea Mafura

Matšabeho a ntoa ke a mang a lintho tsa bongoaneng ba ka tseo ke ntseng ke li hopola, haholo-holo nakong eo re neng re baleha e le hore re pholose bophelo ba rōna ho elella qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ha ke ne ke le lilemo li ’nè feela. Lelapa leso la litho tse supileng le ne le phela Prussia Bochabela, eo e neng e le karolo ea Jeremane ka nako eo.

KE NE ke shebile lefifing la bo-nka-ntjana, ke mametse ho atamela ha sehlopha sa lifofane tse lihang libomo tsa Russia. Ka tšohanyetso, mahlaseli a fahlang le ho phatloha ho thibang litsebe ho ile ha hotetsa litanka tse bolokang mafura limithara tse makholo a seng makae thōkoana le rōna. Terene eo re neng re e palame e ile ea khohlopeha seporong, ’me batho ba bokolla. Empa ka mor’a nakoana lifofane tse lihang libomo li ile tsa feta, ’me leeto la rōna la tsoela pele.

Ketsahalong e ’ngoe ke ile ka tsoha borokong boo ke ntseng ke bo tsipa hanyenyane ’me ka bona mosali e mong ea llang a leka ho theoha lekarecheng la likhomo leo re neng re le ka ho lona. Ntate o ile a mo thiba ’me a mo hulela ka hare. Mosali eo o ne a ile a khaleha pel’a monyako, a sikile lesea la hae. Ha a phaphama, o ile a fumana hore lesea le shoele ke serame. Joale banna ba ile ba lahlela setopo seo ka ntle lehloeng, ’me ’m’a ngoana a sithabelitsoe ke mesarelo o ile a leka ho bula monyako le ho itahlela ka ntle e le hore a shoe le ngoana oa hae.

E le ho loantša serame, ho ne ho behiloe setofo se sephara bohareng ba lekareche la likhomo. Patsi e seng kae lehlakoreng le leng la lekareche e ne e sebelisoa ha ho hlokahala bakeng sa ho pheha litapole. Mekotlana ea litapole e ne e boetse e sebeletsa e le libethe tsa rōna, kaha ho robala ho eona ho ne ho fana ka tšireletso e itseng mohatseleng o hlahang fatše ka lekarecheng.

Ke hobane’ng ha re ne re baleha e le hore re pholose bophelo ba rōna? Lelapa labo rōna le ile la pholoha joang likhoeling tseo tsa bophaphathehi? E-re ke u bolelle.

Lefa la Sejuda

Ke hlahile ka la 22 December, 1940—ke le oa ho fela baneng ba bahlano—ke hlahela Lyck, Prussia Bochabela (moo hona joale e leng Elk, Poland). Mahloriso a bolumeli a ne a ile a qobella baholo-holo ba ka ba Bajuda ho falla Jeremane karolong e qetellang ea lilemo tsa bo-1700. Ba ile ba fallela Russia nakong ea phallo ea letšoele le leholo historing. Joale, ka 1917, e le ho phema ho hlorisoa ha Bajuda Russia nakong eo, ntate-moholo oa ka eo e neng e le Mojuda o ile a fallela Prussia Bochabela ho tloha motsaneng oa habo o haufi le Nōka ea Volga.

Ntate-moholo o ile a fumana tokelo ea ho ba moahi oa Jeremane, ’me Prussia Bochabela e ne e bonahala eka ke sebaka se sireletsehileng. Bao mabitso a bona a qalang e neng e le a Sejuda ba ile ba sebelisa mabitso a Searyane. Kahoo, Ntate, e leng Friedrich Salomon, o ile a tsejoa e le Fritz. Ka lehlakoreng le leng, ’Mè e ne e le Moprussia. Eena le Ntate, eo e neng e le sebini ba ile ba nyalana ka 1929.

Bophelo ba batsoali ba ka bo ne bo bonahala bo tletse thabo ’me bo tšepisa. Nkhono Fredericke le ’mè oa Nkhono Wilhelmine (ka ha habo ’Mè) ba ne ba e-na le polasi e khōlō, eo e ileng ea e-ba lehae la bobeli la batsoali ba ka le rōna bana. ’Mino o ile oa phetha karolo e khōlō bophelong ba lelapa leso. ’Mè o ne a letsa meropa benteng ea Ntate ea tantši.

Puso ea Nazi

Ka 1939, leru le letšo le ile la qala ho aparela boemong ba lipolotiki. Adolf Hitler eo ho neng ho thoe ke tharollo ea ho qetela ea qaka ea Bojuda o ile a qala ho tšoenya batsoali ba ka. Rōna bana re ne re sa tsebe hore re na le lefa la Bojuda, ’me ha rea ka ra tseba ka hona ho fihlela lefung la ’Mè ka 1978—lilemo tse robong ka mor’a lefu la Ntate.

E le hore ho se be le motho ea ka mo belaellang hore ke Mojuda, Ntate o ile a kenella Lebothong la Ntoa la Jeremane. Qalong, o ile a sebeletsa sehlopheng sa ’mino. Leha ho le joalo, kamoo ho bonahalang kateng motho e mong ea tsebang semelo sa hae o ile a bolela hore ke Mojuda, ’me kahoo lelapa lohle leso le ile la hlongoa lipotso le ho nkoa lifoto. Litsebi tsa Manazi li ile tsa leka ho fumana hore na re ne re e-na le litšobotsi tsa Bojuda kapa che. E tlameha ebe li ile tsa bona re tšoana le Maaryane haholo, kahoo, ka lehlohonolo, ha rea ka ra tšoaroa leha e le ho koalloa teronkong.

Ha Jeremane e hlasela Poland ka la 1 September, 1939, tšabo e ile ea qala ho aparela sebaka sa rōna seo e neng e kile ea e-ba sa khotso. ’Mè o ne a batla ho fallela hang-hang sebakeng se sireletsehileng, empa liofisiri tsa Manazi li ile tsa qobella lelapa ho se etse joalo. Joale, ha mabotho a ntoa a Russia a fihla a lebile Prussia Bochabela nakong ea lehlabula la 1944, Majeremane a ile a rera ho tlosa batho Lyck le libakeng tse e pota-potileng. Ka letsatsi le leng ka July, re ile ra fuoa lihora tse tšeletseng feela bakeng sa ho siea lehae la rōna.

Ho Falla ha Letšoele le Tšohileng

’Mè o ne a tsielehile. Ho nkuoa eng? Ho u-oa hokae? Ho tsamauoa joang? Na re tla ke re khutle? Lelapa le leng le le leng le ne le lekanyelitsoe ka thata-thata lintho tseo le ka li nkang. Ka bohlale ’Mè o ile a khetha lintho tse hlokahalang—tse lekaneng feela hore re ka khona ho li nka—ho akarelletsa nkho e khōlō ea letsopa e tšetseng mafura a nama ea khomo le maqa a nama ea kolobe. Malapa a mang a ile a khetha ho nka matlotlo a ’ona a lintho tse bonahalang.

Ka la 22 October, 1944, mabotho a Russia a ile a kena Prussia Bochabela. Mongoli o ile a hlalosa: “E ne e se ho makatsang hore masole a Russia a boneng ha malapa a ’ona a bolaoa ka sehlōhō ’me mahae le lijalo tsa ’ona li chesoa, a batle ho iphetetsa.” Thipitlo eo e ile ea baka moferefere Prussia Bochabela, ’me batho ba ile ba baleha ba tšohile.

Ka nako eo re ne re le baphaphathehi, re lula ho elella hare bophirimela ho Prussia Bochabela. Tsela feela ea ho pholoha e neng e bonahala e le teng ke ea Leoatle la Baltic, kahoo batho ba ne ba balehela boema-kepe motseng oa Danzig (eo hona joale e leng Gdansk, Poland). Likepe tsa moo li ne li laetsoe ho phetha merero ea sesole bakeng sa tšebetso ea pholoso maemong a tšohanyetso. Lelapa leso le ile la siuoa ke terene e neng e lokela ho re isa ho ea palama sekepe sa baeti sa Jeremane, Wilhelm Gustloff, se neng se tloha Gdynia, haufi le Danzig, ka la 30 January, 1945. Hamorao re ile ra utloa hore likepe tsa Russia tsa ntoa li tebisitse sekepe seo le hore baeti ba ka bang 8000 ba ile ba timela metsing ao a leqhoa.

Kaha tsela ea pholoho ea leoatleng e ne e koetsoe, re ile ra leba bophirimela. Ha Ntate a ntse a le phomolong ea nakoana lebothong la ntoa, o ile a tsamaea le rōna karolo e itseng ea leeto la terene, joalokaha ho hlalositsoe sethathong. Ka mor’a nakoana o ile a tlameha ho khutlela tšebeletsong ea sesole, ’me re ile ra tsoela pele ka leeto leo le lelelele, le kotsi re le bang. ’Mè o ne a behile pitsa ela e tšetseng mafura leihlo, a ntse a kepela hanyenyane ka ho eona. E ne e le lijelello tsa makumane leha e le afe a lijo tseo re li thonakang tseleng, ho re boloka re phela nakong eo ea mariha a malelele a batang. Pitsa eo e nkileng mafura e ile ea ipaka e le ea bohlokoa ho feta khauta kapa silevera ea mofuta ofe kapa ofe!

Qetellong, re ile ra fihla toropong ea Stargard, moo masole a Jeremane le mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu a neng a hlomme setsi seo ho phakoang sopho ho sona haufi le seteishene sa terene. Ho ngoana ea lapileng haholo, sopho eo e ne e le monate haholo. Qetellong, re ile ra fihla Hamburg, Jeremane, re lapile ’me re khathetse, empa re le motlotlo hore ebe rea phela. Re ile ra behoa polasing e haufi le nōka ea Elbe, hammoho le batšoaruoa ba ntoa ba Russia le Poland. Boemo ba rōna bo ne bo le kotsing ha ntoa e lala Europe ka la 8 May, 1945.

Bophelo ba Bophaphathehi

Ntate e ile ea e-ba motšoaruoa ea hapiloeng ke Maamerika, ’me a ile a mo tšoara hantle, haholo-holo ha a hlokomela hore e ne e le sebini. A ile a sebelisa tsebo ea hae ea ’mino ka ho mo kenyelletsa moketeng oa ’ona oa Letsatsi la Boipuso. Nakoana ka mor’a moo, o ile a khona ho baleha le ho khutlela Hamburg, moo re ileng ra boela ra kopana teng ka thabo. Re ile ra lula ntlong e nyenyane, ’me ka mor’a nakoana bo-nkhono’a rōna ba babeli ba ile ba fihla ba sireletsehile ’me ba lula le rōna.

Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, baahi ba moo, ho akarelletsa le Kereke ea habo rōna ea Lutere, ba ile ba qala ho nyatsa baphaphathehi ba bangata. Mantsiboeeng a mang moruti o ile a chakela lapeng. Ho bonahala a ne a ikemiselitse ho baka khopiso ka ho bua ntho e ’ngoe e khopisang mabapi le boemo ba rōna re le baphaphathehi. Ntate, eo e neng e le senatla, o ile a tuka ke bohale ’me a khorohela ’moleli eo. ’Mè le bo-nkhono ba ile ba namola Ntate. Empa o ile a qotsa moruti eo a mo phahamisa ho mo isa monyako, ’me a mo sutumelletsa ka ntle. Ho tloha nakong eo o ile a thibela hore ho ka ba le puisano leha e le efe ea bolumeli ha hae.

Nakoana ka mor’a ketsahalo ena, Ntate o ile a fumana mosebetsi litereneng tsa Jeremane ’me re ile ra fallela mathōkong a Hamburg, moo re ileng ra lula lekarecheng le sa sebelisoeng la terene. Hamorao, Ntate o ile a re hahela ntlo e itekanetseng. Empa lehloeo ho baphaphathehi le ile la tsoela pele, ’me kaha ke ne ke sa le ngoana e monyenyane, ke ile ka ba mohlaseluoa ea ka sehloohong oa tšoaro e mpe ’meleng le maikutlong e etsoang ke bana ba moo.

Khetho ea Lelapa Leso ea Bolumeli

Ha ke ne ke sa le ngoana, ke ne ke robala ka kamoreng e le ’ngoe le bo-nkhono’a ka ba babeli. Ho sa tsotellehe litaelo tseo Ntate a neng a fane ka tsona, ha Ntate a ne a le sieo, ka bobeli ba bona ba ne ba bua le ’na ka Molimo, ba bina lifela, ’me ba bala Libibele tsa bona. Thahasello ea ka ea moea e ile ea tsosoa. Kahoo, ha ke le lilemo li leshome, ke ile ka qala ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 22 ho ea le ho khutla kerekeng ka Lisontaha. Leha ho le joalo, ke tlameha ho lumela hore ke ile ka soetseha ha lipotso tse ngata tseo ke neng ke li botsa li sa arajoe ka tsela e nkhotsofatsang.

Joale, lehlabuleng la 1951, monna e mong ea apereng ka bokhabane o ile a kokota monyako heso ’me a bontša ’Mè kopi ea makasine ea Molula-Qhooa. O ile a re: “Molula-Qhooa o fana ka temohisiso ka ’Muso oa Molimo.” Pelo ea ka e ile ea tlōla ke thabo, kaha ke seo ke neng ke se batla. ’Mè o ile a o hana ka bonolo, ntle ho pelaelo e le ka lebaka la ho hanyetsa ha Ntate bolumeli. Leha ho le joalo, ke ile ka mo kōpa ka tieo hoo a ileng a nolofala ’me a mphumanela kopi e ’ngoe. Nakoana hamorao, Ernest Hibbing o ile a khutla ’me a siea buka e reng “Nete e be ea Molimo.”

Lekhetlong lena, Ntate o ne a bile le kotsi mosebetsing ’me leoto la hae le robehile. Sena se ne se bolela hore o ne a tlameha ho lula lapeng, e leng ntho eo a neng a e hloile. Le hoja leoto la hae le ne le kentsoe samente, o ne a khona ho tsamaea ka lona a qhiletsa. Re ne re makatsoa ke hore o ne a lula a nyamela motšehare, a hlaha ka nako ea lijo feela. Sena se ile sa etsahala beke kaofela. Ke ile ka hlokomela hore neng le neng ha Ntate a nyamela, buka ea ka le eona ea nyamela. Joale, ka nako e ’ngoe ea lijo Ntate o ile a re ho ’na: “Ha monna eo a e-tla hape, ke batla ho mo bona!”

Ha Mor’abo rōna Hibbing a khutla, ho makaleng ha rōna Ntate o ile a akhela buka ela tafoleng ’me a re: “Buka ena ke ’nete!” Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa hang-hang, ’me ka mor’a nakoana litho tse ling tsa lelapa le tsona tsa kopanela thutong eo. Mor’abo rōna Hibbing e ile ea e-ba moeletsi eo ke mo tšepang le motsoalle oa ka oa sebele. Ka mor’a nakoana ke ile ka lelekoa sekolong sa Sontaha ka lebaka la ho leka ho arolelana le ba bang tumelo ea ka e ncha. Kahoo ke ile ka itokolla Kerekeng ea Lutere.

Ka July 1952, ke ile ka qala ho kopanela le motsoalle eo oa ka ea ratehang boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka ntlo le ntlo. Sontaha se seng le se seng, Mor’abo rōna Hibbing o ne a nkhothalletsa ho mamela ka hloko tsela eo a nehelanang ka molaetsa ka eona ho beng ba matlo. Ka mor’a libeke tse seng kae, o ile a supa setsiketsi se seholo sa mehaho ’me a re: “Ke ea hao kaofela hore u e sebetse u le mong.” Ha nako e ntse e feta, ke ile ka hlōla letsoalo la ka ’me ka atleha ho buisana le batho le ho ba siela lingoliloeng tsa Bibele.

Ka mor’a nakoana, ke ile ka tšoaneleha bakeng sa kolobetso e le pontšo ea boinehelo ba ka ho Jehova. ’Na le Ntate re ile ra kolobetsoa hong ka la 29 March, 1953, ’me hamorao selemong sona seo ’Mè le eena o ile a kolobetsoa. Qetellong, litho tsohle tsa lelapa leso li ile tsa latela, ho akarelletsa le khaitseli ea ka Erika; baholoane ba ka Heinz, Herbert, le Werner; le bo-nkhono ba rōna ba ratehang bao ka bobeli ba neng ba se ba le lilemong tsa bo-80. Joale, ka January 1959, ke ile ka ba pula-maliboho, kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba bitsoang kateng.

Ho Sebeletsa Naheng e Ncha

Kamehla Ntate o ’nile a nkhothalletsa ho tloha Jeremane, ’me ha ke nahana ka liketsahalo tse fetileng ke lumela hore sena e ne e le ka lebaka la tšabo ea hae e tsoelang pele ea mahloriso ho Bajuda. Ke ile ka etsa kōpo ea ho fallela Australia, ke nahana hore oo e tla ba monyetla oa ho sebeletsa ke le moromuoa Papua New Guinea kapa sehlekehlekeng se seng sa Pacific. ’Na le moholoane oa ka Werner re ile ra fihla hammoho Melbourne, Australia, ka la 21 July, 1959.

Ka mor’a libeke li se kae, ke ile ka kopana le Melva Peters, ea neng a sebeletsa e le mosebeletsi oa nako e tletseng Phuthehong ea Footscray, ’me re ile ra nyalana ka 1960. Re ile ra hlohonolofatsoa ka barali ba babeli, bao le bona ba ileng ba rata Jehova Molimo ’me ba nehela bophelo ba bona ho eena. Re ’nile ra leka ka matla ho boloka bophelo ba rōna e le bo itekanetseng e le hore re le lelapa re ka hahamalla lipakane tsa moea ka botlalo. Melva o ile a sebeletsa e le pula-maliboho ka lilemo tse ngata ho fihlela mathata a bophelo a mo sitisa ho tsoela pele. Hona joale ke sebeletsa ke le moholo le pula-maliboho Phuthehong ea Belconnen, e motseng oa Canberra.

Liphihlelong tsa ka tsa bongoaneng, ke ithutile ho thabela le ho khotsofalla litokisetso tsa Jehova. Joalokaha ho bontšitsoe ke pitsa ea ’Mè ea mafura, ke ile ka hlokomela hore ho pholoha ha hoa itšetleha ka khauta leha e le silevera, empa ho itšetlehile ka litlhoko tsa motheo tsa lintho tse bonahalang ’me, habohlokoa le ho feta, ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, Bibele, le ka ho sebelisa seo le se rutang.—Matheu 4:4.

Mantsoe a tebileng a ’mè oa Jesu, Maria, ka sebele ke a ’nete: “Ba lapileng [Jehova] o ba khotsofalitse ka botlalo ka lintho tse molemo ’me ba neng ba e-na le leruo o ba khutlisitse ba se na letho.” (Luka 1:53) Ka thabo, nka bala litho tsa lelapa leso tse 47 tse tsamaeang tseleng ea ’nete ea Bibele, ho akarelletsa le litloholo tse supileng. (3 Johanne 4) Re le kaofela, hammoho le bana ba rōna ba bangata le litloholo tsa moea, ’na le Melva re lebeletse bokamoso bo babatsehang bo sireletsehileng tlas’a tlhokomelo e mosa ea Jehova le ho boela re kopana ka thabo le baratuoa ba rōna ha ba tsosoa bafung.—Joalokaha ho boletse Kurt Hahn.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Masole a Russia a fihla Prussia Bochabela, ka 1944

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Sovfoto

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Moholoane oa ka Heinz, khaitseli ea ka Erika, ’Mè, baholoane Herbert le Werner le ’na ka pele

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

’Na le mosali oa ka Melva

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Pitsa e kang ena, e tletse mafura, e ile ea re boloka

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela