Mafu a Seoa Lekholong la Bo20 la Lilemo
LEFU la Seoa la Europe le Asia la lekholong la bo14 la lilemo ha lea ka la lebisa bofelong ba lefatše, joalokaha ba bang ba ne ba ile ba bolela esale pele. Empa ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Na maloetse a bolaeang le mafu a mehleng ea rōna li bontša hore re phela ho seo Bibele e se bitsang ‘matsatsi a ho qetela’?—2 Timothea 3:1.
U ka ’na ua nahana: ‘Ka sebele ha ho joalo.’ Hona joale likhatelo-pele tsa bongaka le saense li entse ho hongata ho re thusa ho utloisisa le ho loantša mafu ho feta leha e le neng pele historing ea batho. Litsebi ho tsa meriana li hlahisitse meriana e mengata e sa tšoaneng e thibelang likokoana-hloko le liente tse loantšang mafu—e leng libetsa tse matla khahlanong le mafu le likokoana-hloko tse a bakang. Ho ntlafatsoa ha tsela eo batho ba hlokomeloang ka eona lipetlele hammoho le ho hloekisoa ha metsi, ho sireletsoa ha matloana le tsela eo lijo li lokisoang ka eona ho boetse ho thusitse ho loantša mafu a tšoaetsanoang.
Lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng, ba bangata ba ile ba nahana hore ntoa e ne e se e batla e hlōtsoe. Sekholopane se ne se se se felisitsoe, ’me boikemisetso e ne e le ho felisa mafu a mang. Litlhare tse ling li ile tsa atleha ho kokobetsa maloetse a se nang palo. Litsebi tsa bongaka li ne li talimile bokamoso ka tšepo ea katleho. Mafu a tšoaetsanoang a ne a tla fenngoa; tlhōlo e ne e tla latela tlhōlo e ’ngoe. Botsebi ho tsa meriana bo ne bo tla hlōla.
Empa ha boa ka ba hlōla. Kajeno mafu a tšoaetsanoang e ntse e le sesosa se itlhommeng pele lefatšeng sa lefu, a bolaile batho ba fetang limilione tse 50 ka 1996 feela. Tšepo ea katleho ea nakong e fetileng e nketsoe sebaka ke kameho ka bokamoso. The World Health Report 1996, e ntšitsoeng ke World Health Organization (WHO), ea lemosa: “Boholo ba tsoelo-pele e finyeletsoeng mashomeng a lilemo morao tjena ntlafatsong ea bophelo ba batho e kotsing hona joale. Re eme lintšing tsa tlokotsi e akaretsang ea mafu a tšoaetsanoang. Ha ho naha e sireletsehileng.”
Mafu a Khale e se e le a Bolaeang ho Feta
Lebaka le leng la kameho ke hore mafu a tsebahalang, ao ho kileng ha nahanoa hore a hlōtsoe, a boetse a khutla ka libōpeho tse bolaeang le ho feta tseo ho bileng ho leng thatanyana ho li phekola. Mohlala ke lefuba, lefu leo ho kileng ha nahanoa hore le thibetsoe ka ho feletseng linaheng tse tsoetseng pele moruong. Empa lefuba ha lea ka la nyamela; hona joale le bolaea batho ba ka bang limilione tse tharo ka selemo. Haeba ho sa ntlafatsoe mehato ea ho le thibela, ho lebeletsoe hore batho ba ka bang limilione tse 90 ba tšoaroe ke lefu lena lilemong tsa bo-1990. Lefuba le hanang ho phekoleha ka litlhare lea nama linaheng tse ngata.
Mohlala o mong oa lefu le hlahang hape ke malaria. Lilemong tse 40 tse fetileng lingaka li ne li tšepa hore li tla felisa malaria ka potlako. Kajeno lefu leo le bolaea batho ba ka bang limilione tse peli selemo se seng le se seng. Malaria ke lefu le teng libakeng tse itseng, kapa le lulang le le teng, linaheng tse fetang 90 ’me le sokela karolo ea 40 lekholong ea baahi ba lefatše. Menoang e tsamaisang kokoana-hloko ea malaria ha e sa bolaoa ke chefo e bolaeang likokoanyana, ’me likokoana-hloko tseo ka botsona ha li sa bolaoa ke lithethefatsi hoo lingaka li tšohang hore mafu a mang a amanang le malaria a ka ’na a se ke a phekoleha haufinyane.
Mafu le Bofutsana
Mafu a mang a bolaea a sa khaotse ho sa tsotellehe mehato e teng e nang le bokhoni ba ho a loantša. Ka mohlala, nahana ka meningitis ea mokokotlo. Ho na le liente tse thibelang meningitis le litlhare tse e phekolang. Lefu leo le ile la qhoma Afrika e ka boroa ho Sahara mathoasong a 1996. Mohlomong u ile ua utloela ka lona; leha ho le joalo, le ile la bolaea batho ba fetang 15000—boholo e le bafutsana le bana.
Tšoaetso ea matšoafo, e akarelletsang pneumonia, e bolaea batho ba limilione tse ’nè selemo le selemo, boholo e le bana. Maselese e bolaea bana ba milione ka selemo, ’me mokhokhothoane o eketsa ka ba bang ba 355 000. Ho shoa ha batho bana ba bangata ho ka be ho ile ha thibeloa ka liente tse sa bitseng chelete e ngata.
Letsatsi ka leng ho shoa bana ba ka bang likete tse robeli ka lebaka la ho lahleheloa ke metsi ’meleng ke letšollo. Ho shoa ha bana bana ba bangata ho ne ho ka thibeloa ka ho sebelisa matloana a sireletsehileng kapa ho noa metsi a hloekileng kapa ho fana ka motsoako o ritelehang habonolo o khutlisetsang metsi ’meleng.
Ba bangata ba batho bana ba shoa linaheng tse ntseng li hōla moruong, e leng tseo ho tsona ho atileng bofutsana. Batho ba ka bang limilione tse 800—e leng karolo e khōlō ea baahi ba lefatše—ha ba khone ho fumana tlhokomelo ea bophelo bo botle. The World Health Report 1995 e ile ea re: “’Molai e moholo ka ho fetisisa le sesosa se seholo ka ho fetisisa sa ho kula le mahlomola lefatšeng ho pota o thathamisitsoe ho elella qetellong ea Tlhophiso ea Mafu ea Machaba. O fuoe nomoro ea Z59.5—bofutsana bo otlang pelo.”
Mafu a sa Tsoa Hlokomeleha
Leha ho le joalo, mafu a mang aa fihla, a fumanehile morao tjena. Morao tjena WHO e itse: “Lilemong tse 20 tse fetileng, bonyane ho hlaheletse mafu a 30 a macha a sokelang bophelo ba batho ba limilione tse makholo. Bongata ba mafu ana ha a na pheko, setlhare kapa ente tse a thibelang, ’me monyetla oa ho a thibela kapa ho a laola oa fokola.”
Ka mohlala, nka HIV le AIDS. Le hoja li ne li sa tsejoe lilemong tse ka bang 15 tse fetileng, hona joale li hlasela batho k’honthinenteng e ’ngoe le e ’ngoe. Hona joale, batho ba baholo ba ka bang limilione tse 20 ba tšoaelitsoe HIV, ’me ba fetang limilione tse 4,5 ba na le AIDS. Ho ea ka Human Development Report 1996, hona joale AIDS ke sesosa se itlhommeng pele sa lefu ho batho ba baholo ba ka tlaase ho lilemo tse 45 Europe le Amerika Leboea. Lefatšeng ka bophara batho ba ka bang 6000 ba tšoaetsoa letsatsi le letsatsi—e leng a le mong ka metsotsoana e meng le e meng e 15. Likhakanyo li bontša hore lenane la ba nang le AIDS le tla tsoela pele ho eketseha ka sekhahla. Ho ea ka mokhatlo o mong oa machaba United States, ho hakanngoa hore selemong sa 2010, nako ea bophelo ba batho ba lichabeng tse anngoeng habohloko ke AIDS Afrika le Asia e tla theohela ho lilemo tse 25.
Na AIDS ke lefu le ikhethang, kapa na ho ka ’na ha e-ba le seoa sa mafu a mang se ka bakang tšenyo e tšoanang kapa esita le e mpe ho feta? WHO ea araba: “Ntle ho pelaelo, mafu a e-song ho tsejoe hona joale empa ao e ka ’nang ea e-ba AIDS ea ka moso a ntse a loanela ho hlahella.”
Litšobotsi Tse Etsang Hore Kokoana-hloko e Atlehe
Ke hobane’ng ha litsebi tsa bophelo li tšoenyeha ka bokamoso ba mafu a akaretsang? Lebaka le leng ke ho hōla ha metse e meholo. Lilemong tse lekholo tse fetileng, ke hoo e ka bang karolo ea 15 lekholong feela ea baahi ba lefatše e neng e phela metseng e meholo. Leha ho le joalo, likhakanyo li bontša hore selemong sa 2010, ba fetang halofo ea baahi ba lefatšeng ba tla be ba phela metseng ea litoropo, haholo-holo metseng e meholo ea linaha tse sa tsoelang pele hakaalo moruong.
Likokoana-hloko tse tšoaetsanoang li ata haholo libakeng tse nang le sepenya sa baahi. Haeba motse o e-na le matlo a loketseng hammoho le tsamaiso e loketseng ea likhoerekhoere le metsi le tlhokomelo e loketseng ea bophelo, kotsi ea ho qhoma ha mafu a seoa ea fokotseha. Empa metse e meholo e hōlang ka potlako ka ho fetisisang ke e linaheng tse futsanehileng. Metse e meng e meholo e na le ntloana e le ’ngoe feela bakeng sa batho ba bang le ba bang ba 750 kapa ho feta. Libaka tse ngata tsa litoropo li boetse li haelloa ke matlo a loketseng le metsi a nooang a hloekileng hammoho le lisebelisoa tsa bongaka. Libakeng tseo ho tsona ho phelang batho ba likete tse makholo ba subuhlellaneng maemong a litšila, monyetla oa hore ho be le tšoaetsano ea mafu o eketseha haholo.
Na see se bolela hore mafu a seoa a ka moso a tla fella feela metseng e meholo e nang le sepenya sa baahi, e futsanehileng? Koranta ea Archives of Internal Medicine ea araba: “Re tlameha hore kannete re utloisise hore libaka tse nyenyane tse ka thōko tse futsanehileng haholo, ho hlōleha ha tsona ka ho feletseng ho rarolla mathata a tsona a moruo le liphello tse tlisoang ke ’ona li fana ka monyetla o moholo oa ho jala mafu a tšoaetsanoang le ho imela theknoloji ea batho kaofela.”
Ha ho bonolo ho thibella boloetse bo itseng sebakeng se itseng feela. Matšoele-tšoele a batho a lula a le tseleng. Letsatsi le letsatsi batho ba ka bang milione ba tšela meeli ea machaba. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ba milione ba tsamaela pakeng tsa linaha tse ruileng le tse futsanehileng. Ha batho ba ntse ba tsamaea, likokoana-hloko tse bolaeang le tsona li ba sala morao. The Journal of the American Medical Association e re: “Hona joale ho qhoma ha lefu le itseng sebakeng se itseng ho tlameha ho nkoa e le tšokelo ho linaha tse ’maloa, ’me ka ho khetheha ho tseo tse sebeletsang e le litsi tse khōlō tsa maeto a machaba.”
Kahoo, ho sa tsotellehe khatelo-pele ea bongaka lekholong lena la bo20 la lilemo, mafu a seoa a tsoela pele ho bolaea batho ba bangata, ’me ba bangata ba tšohile hore tlokotsi e mpe le ho feta e sa tla. Empa Bibele e re’ng ka bokamoso?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Mafu a tšoaetsanoang e ntse e le sesosa se itlhommeng pele sa lefu, a bolaile batho ba fetang limilione tse 50 ka 1996 feela
[Lebokose le leqepheng la 6]
A Hana ho Phekoleha ka Lithibela-mafu
Ho ntse ho e-ba thatanyana ho phekola mafu a mangata a tšoaetsanoang kaha a se a hana ho phekoleha ka lithibela-mafu. Se etsahalang ke sena: Ha libaktheria li tšoaetsa motho, li lula li ikatisa, li fetisetsa liphatsa tsa tsona tsa lefutso baneng ba tsona. Baktheria e ’ngoe le e ’ngoe e ncha e hlahang, ho ka etsahala hore e be le phapang e itseng liphatseng tsa lefutso—phoso e nyenyane tlhahong ea baktheria e ncha e e fa tšobotsi e ncha. Monyetla oa hore liphatsa tsa lefutso tsa baktheria li fapane ka tsela e etsang hore e hane ho phekoleha ka lithibela-mafu o fokola haholo. Empa libaktheria li ikatisa ka libilione, ka linako tse ling li hlahisa meloko e meraro ea tsona ka hora. Kahoo, mekhelo ea hlaha—hang ka mor’a nako, ho hlaha baktheria eo ho leng thata ho e bolaea ka lithibela-mafu.
Kahoo ha motho ea tšoaelitsoeng a sebelisa lithibela-mafu, libaktheria tse phekolehang ka lithibela-mafu lia shoa, ’me mohlomong motho o ikutloa a hlaphohetsoe. Leha ho le joalo, libaktheria tse hanang ho phekoleha ka lithibela-mafu li tsoela pele ho phela. Empa joale ha li sa tlameha ho loanela lijo le sebaka le likokoana-hloko tse ling tsa habo tsona. Li se li lokolohile hore li ka ikatisa hape li sa sitisoe. Kaha baktheria e le ’ngoe e ka ikatisa ho ba libaktheria tse fetang limilione tse 16 ka letsatsi, ha ho nke nako e telele pele motho a boela a kula hape. Leha ho le joalo, hona joale o se a kulisoa ke mofuta oa libaktheria tse hanang ho phekoleha ka litlhare tse neng li lokela ho li bolaea. Libaktheria tsena li ka boela tsa tšoaetsa batho ba bang ’me ka mor’a nakoana tsa hlahisa liphatsa tse ling hape tsa lefutso tse fapaneng le tse hanang ho phekoleha ka lithibela-mafu.
Mohlophisi oa koranta ea Archives of Internal Medicine o re: “Ho eketseha ho potlakileng ha libaktheria, likokoana-hloko, li-fungus, le linoa-mali tse hanang ho phekoleha ka liphekolo tsa rōna tse teng hona joale tsa phekolo ho etsa hore motho a se hlole a ipotsa hore na o tla hlōla ntoa khahlanong le mafu, empa a ipotse hore na e tla mo hlōla neng.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
[Lebokose le leqepheng la 7]
A Mang a Mafu a Macha a Tšoaetsanoang ho Tloha ka 1976
Moo le Qalileng ho
Selemo Seo Hlahella Teng
le Tsbahetseng Kapa ho Tsebahala Teng
ka sona Lebitso la Lefu
1976 Legionnaires’ disease United States
1976 Cryptosporidiosis United States
1976 Ebola hemorrhagic fever Zaire
1977 Hantaan virus Korea
1980 Hepatitis D (Delta) Italy
1980 Human T-cell lymphotropic virus 1 Japan
1981 AIDS United States
1982 E. coli O157:H7 United States
1986 Bovine spongiform encephalopathy* United Kingdom
1988 Salmonella enteritidis PT4 United Kingdom
1989 Hepatitis C United States
1991 Venezuelan hemorrhagic fever Venezuela
1992 Vibrio cholerae O139 India
1994 Brazilian hemorrhagic fever Brazil
1994 Human and equine morbillivirus Australia
Mafu a Khale a Boetse aa Khutla
Lefuba: Ho lebeletsoe hore batho ba fetang limilione tse 30 ba bolaoe ke lefuba leshomeng lena la lilemo. Ka lebaka la phekolo e haellang ea lefu leo nakong e fetileng, lefuba le sa phekoleheng ka litlhare hona joale le sokela lefatše ka bophara. Hona joale mefuta e meng ea libaktheria ha e sa loantšoa ke litlhare tse neng li e felisa ntle ho tikatiko nakong e fetileng.
Malaria: Lefu lena le tšoara batho ba ka bang limilione tse 500 selemo le selemo, ’me le bolaea ba limilione tse peli. Ho le thibela ho ’nile ha sitisoa ke khaello kapa tšebeliso e mpe ea litlhare. Ka lebaka leo, likokoana-hloko tsa malaria li se li hana ho phekoleha ka litlhare tse neng li kile tsa li bolaea pele. Ho rarahanyang bothata ho feta ke menoang e hanang ho bolaoa ke sebolaea-likokoanyana.
K’holera: K’holera e bolaea batho ba 120 000 ka selemo, haholo-holo Afrika, moo seoa sa lefu lena se atileng ’me se hlaselang khafetsa. K’holera e neng e sa tsejoe Amerika Boroa ka lilemo tse mashome, e ile ea qhoma Peru ka 1991 ’me ho tloha moo ea namela hohle k’honthinenteng eo.
Dengue: Kokoana-hloko ena e jaloang ke menoang e kulisa batho ba hakanyetsoang ho ba limilione tse 20 ka selemo. Selemong sa 1995 seoa se sebe ka ho fetisisa sa dengue se ile sa qhoma bonyane linaheng tse 14 tsa Latin America le Caribbean ka lilemo tse 15. Seoa sa dengue se etsahala khafetsa ka lebaka la ho hōla ha metse e meholo, ho ata ha menoang e nang le dengue le ho tsamaea ha batho ba bangata bao e ba tšoereng.
’Metso o mosoeu: Letšolo la mananeo a kentelo ea thibelo ea lefu lena le qalileng lilemong tse ka bang 50 tse fetileng le entse hore lefu lena le be teng ka seoelo haholo linaheng tse tsoetseng pele moruong. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1990 seoa sa ’metso o mosoeu se ile sa qhoma linaheng tse 15 tsa Europe Bochabela le tsa moo pele e neng e le Soviet Union. Ho ile ha shoa hoo e ka bang motho a le mong ho ba bane ba ileng ba tšoaroa ke lefu lena. Likhoeling tsa pele tse tšeletseng tsa 1995, ho ile ha tlalehoa hore o tšoere batho ba ka bang 25 000.
Lefu le tšoaetsanoang ka matsetse a litoeba: Selemong sa 1995, bonyane ho tlalehetsoe World Health Organization (WHO) ka batho ba 1400 ba hlasetsoeng ke seoa seo. Lefu leo le nametse libakeng tseo pele li neng li se na seoa seo ka mashome a lilemo, United States le libakeng tse ling.
[Credit Line]
Mohloli: WHO
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ho sa tsotellehe lintlafatso tse entsoeng tlhokomelong ea bophelo bo botle, botsebi ho tsa meriana bo hlōlehile ho emisa ho nama ha mafu a tšoaetsanoang
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
WHO photo by J. Abcede
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Mafu a nama habonolo ha batho ba phela moo ba subuhlellaneng maemong a litšila
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Batho ba ka bang limilione tse 800 linaheng tse tsoelang pele moruong ha ba khone ho fumana tlhokomelo ea bophelo bo botle