Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 6/8 leq. 21
  • Ho Bua ka Boemo ba Leholimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bua ka Boemo ba Leholimo
  • Tsoha!—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsahala’ng ka Boemo ba Leholimo?
    Tsoha!—2003
  • Na Lefatše le Kotsing?
    Tsoha!—2008
  • Lefatše le Tšoeroe ke “Feberu”—Na ho na le Pheko?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na ho na le ho Hong ho Phoso ka Boemo ba Leholimo?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 6/8 leq. 21

Ho Bua ka Boemo ba Leholimo

HO SA tsotellehe hore na u phela hokae le hore na u mang, boemo ba leholimo bo ama bophelo ba hao. Haeba ho bonahala eka letsatsi le tla futhumala ’me ho chese, u apara liaparo tse bobebe. Haeba ho bata, u apara jase ’me u roala katiba. Ha pula e na teng? U nka sekhele sa hao.

Ka linako tse ling, boemo ba leholimo boa re thabisa; ka linako tse ling, boa re soetsa. Nako le nako, bo fetoha ’molai ka sebōpeho sa maholiotsoana, litsokotsane, komello, lifefo tsa lehloa, kapa lipula tsa likhohola. Ho sa tsotellehe hore na rea bo rata kapa ha re bo rate, rea bo nyefola kapa rea bo hlokomoloha, boemo ba leholimo bo lula bo le teng, bo susumetsa bophelo ba rōna ho tloha letsatsing la rōna la tsoalo ho fihlela letsatsing la rōna la ho shoa.

Motho e mong o kile a bua ka ho phoqa: “Motho e mong le e mong o bua ka boemo ba leholimo, empa ha ho ea etsang letho ka bona.” Ka sebele, kamehla ho ’nile ha bonahala eka boemo ba leholimo bo ka nģ’ane ho matla a rōna hore re ka bo fetola ka tsela leha e le efe. Leha ho le joalo, litsebi tse ngata tse ntseng li eketseha ha li sa lumela seo. Li bolela hore ho ntšetsoa ha carbon dioxide le likhase tse ling sepakapakeng sa rōna ho tlisa phetoho ea nako e telele boemong boo re bo tloaetseng ba leholimo—boemong ba mohatsela le mocheso.

Ho ea ka litsebi, phetoho ee e tlang ke ea mofuta ofe? Mohlomong karabo e nang le matla ka ho fetisisa ke e tsoang ho Intergovernmental Panel on Climate Change (IPCC), e nkileng botsebi ba litsebi tse fetang 2500 tse tsoang linaheng tse 80, e leng litsebi tsa boemo ba leholimo, tsa moruo le tsa tlhahlobisiso ea likotsi. Tlalehong ea eona ea 1995, IPCC e ile ea phetha ka ho bolela hore lefatše le ntse le futhumala haholoanyane. Haeba lintho li tsoela pele ka tsela ena, ho ka ’na ha etsahala hore tekanyo ea mocheso e eketsehe ka hoo e ka bang likhato tse 3,5 tsa Celsius lekholong le latelang la lilemo.

Le hoja ho eketseha ha likhato tse seng kae ho ka ’na ha se ke ha utloahala ho tšoenya hakaalo, phetoho e nyenyane tekanyong ea boemo ba mohatsela le mocheso lefatšeng e ka ba tlokotsi. Se latelang ke seo ba bang ba bonang eka se tla etsahala lekholong le latelang la lilemo.

Boemo ba leholimo bo feteletseng libakeng tse ling. Libakeng tse ling, komello e ka ’na ea nka nako e telele, ha libakeng tse ling pula e ka ’na ea e-ba matlanyana. Lifefo le likhohola li ka ’na tsa e-ba mpe haholoanyane; maholiotsoana a senya le ho feta. Le hoja ba limilione ba se ba ntse ba bolaoa ke likhohola le tlala, mofuthu o akaretsang oa lefatše o ka eketsa lenane la ba shoang le ho feta.

Kotsi e ntseng e eketseha bophelong bo botle ba ’mele. Ho kula ho bakoang ke mocheso le ho shoa li ka eketseha. Ho ea ka Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, mofuthu o akaretsang oa lefatše o ka boetse oa atolosa libaka tseo likokoana tse jalang maloetse a linaheng tse chesang tse mongobo, a kang malaria le dengue, li phelang ho tsona. Ho phaella moo, ho fokotseha ha mehloli ea metsi a hloekileng ka lebaka la liphetoho ho neng ha pula le ho khetheheng ha lehloa libakeng tse ling ho ka ’na ha baka mafu a eketsehileng a jaloang ke metsi le lijo ’me ha eketsa le likokoana-hloko.

Libaka tsa tlhaho tseo limela kapa liphoofolo li phelang ho tsona li kotsing. Meru le mekhoabo, e leng tsona tse re hloekisetsang moea le metsi, li ka ’na tsa ba kotsing ea mocheso o eketsehang le ho fetoha ha mokhoa oo pula e nang ka oona. Ho cha ha meru ho ka ’na ha etsahala khafetsa le hona ka matlanyana.

Ho phahama ha boemo ba leoatle. Ba phelang libakeng tse tlaase mabōpong a leoatle ba tla tlameha ho falla ntle leha ho ka etsoa merero e hlokang chelete e ngata ea ho thiba metsi a leoatle. Lihlekehleke tse ling li ka koaheloa ke metsi ka ho feletseng.

Na tšabo e joalo ke e loketseng? Na lefatše le ntse le futhumala haholoanyane? Haeba ho joalo, na ke molato oa batho? Ka lebaka la kotsi e khōlō e larileng ka pele, hase ho makatsang ha litsebi li tšohla mathata ana ka ho teba. Lihlooho tse peli tse latelang li hlahloba lintlha tse ling tse amehang le ho araba potso ea hore na re lokela ho tšoenyeha ka bokamoso ba lefatše la rōna kapa che.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela