Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 6/8 maq. 22-26
  • Boemo ba Leholimo bo Ferekaneng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boemo ba Leholimo bo Ferekaneng
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipelaelo li Hlahisa Likhang
  • Ho Entsoe Eng?
  • Litšenyehelo Tsa Phetoho
  • Tatellano e Rarahaneng ea Matla
  • Ho Etsahala’ng ka Boemo ba Leholimo?
    Tsoha!—2003
  • Na Liboka Tse Mabapi le Boemo ba Leholimo li Tla bo Ntlafatsa?
    Tsoha!—2011
  • Lefatše le Tšoeroe ke “Feberu”—Na ho na le Pheko?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Lefatše le Kotsing?
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 6/8 maq. 22-26

Boemo ba Leholimo bo Ferekaneng

KA LITSELA tse sa tšoaneng, ba bangata ba rōna ba itšetlehile ka libeso tse entsoeng ka carbon. Ka mohlala, re khanna likoloi tse tsamaeang ka petrole kapa disele. Re sebelisa motlakase o fehloang ke mechine ea motlakase e sebelisang mashala, khase ea lintho tsa tlhaho, kapa oli. Re besa patsi, mashala a patsi, khase ea lintho tsa tlhaho le mashala bakeng sa ho pheha kapa ho iphuthumatsa. Lintho tsena kaofela li eketsa carbon dioxide sepakapakeng. Khase ena e thibella mocheso o hlahang letsatsing.

Re boetse re eketsa likhase tse ling tse thibellang mocheso sepakapakeng tse hlahisang mocheso o akaretsang oa lefatše. Nitrous oxide e tsoa menontšeng ea nitrogen e sebelisoang temong. Khase ea methane e hlaha masimong a mongobo a reise le moiteling oa likhomo. Li-chlorofluorocarbon (li-CFC) li tsoa tlhahisong ea lipolasetiki le mesebetsing e meng ea indasteri. Li-CFC hase feela hore li thibella mocheso empa li boetse li senya lera la ozone le ka holimo sepakapakeng.

Ka ntle ho li-CFC, tseo hona joale li behiloeng tlas’a taolo, likhase tsena tse thibellang mocheso li ntšetsoa sepakapakeng ka tekanyo e ntseng e eketseha. Ka lehlakoreng le leng, lebaka la sena ke keketseho ea batho lefatšeng, hammoho le keketseho ea tšebeliso ea matla, tšebetso ea indasteri le temo. Ho ea ka Mokhatlo oa Tšireletso ea Tikoloho o mane Washington, hona joale batho ba ntšetsa lithane tse limilione tse likete tse tšeletseng tsa carbon dioxide le likhase tse ling tse bakang mocheso o akaretsang sepakapakeng selemo le selemo. Likhase tsena tse bakang mocheso o akaretsang ha li nyamele feela tjee; li ka ’na tsa solla sepakapakeng ka lilemo tse mashome-shome.

Ka kakaretso bo-rasaense ba batla ba kholisehile haholo ka lintho tse peli. Ea pele, lilemong tsa morao tjena tse mashome le tse makholo, tekanyo ea carbon dioxide le likhase tse ling tse bakang mocheso o akaretsang e eketsehile sepakapakeng. Ea bobeli, lilemong tse fetang lekholo tse fetileng, ka karolelano tekanyo ea mofuthu lefatšeng e eketsehile ka likhato tse pakeng tsa 0,3 le 0,6 Celsius.

Ho hlaha potso, Na ho na le moo mofuthu o akaretsang oa lefatše o amanang teng le ho bokellana ha likhase tse bakang mocheso o akaretsang tse hlahisitsoeng ke batho? Bo-rasaense ba bang ba bolela hore ho ka ’na ha se ke ha e-ba joalo, ba bontša hore ho eketseha ha tekanyo ea mofuthu ho bakoa ke liphetoho tsa tlhaho le hore letsatsi e ka ’na ea e-ba lona le ikarabellang. Leha ho le joalo, litsebi tse ngata tsa boemo ba leholimo li lumellana le mantsoe a tlalehong ea Intergovernmental Panel on Climate Change. E boletse hore ho eketseha ha tekanyo ea mofuthu “e ke ke eaba ho bakiloe ke tlhaho ka ho feletseng” le hore “tlhahlobo ea bopaki e bontša hore ho na le tšusumetso ea batho e hlokomelehang tabeng ea boemo ba mocheso le mohatsela lefatšeng ka kakaretso.” Leha ho le joalo, ho sa ntsane ho e-na le lipelaelo ka hore na seo batho ba se etsang se futhumatsa lefatše kapa che—haholo-holo ka hore na lefatše le ka ’na la futhumala kapele hakae lekholong la bo21 la lilemo le hore na ha e le hantle liphello e ka ’na ea e-ba life.

Lipelaelo li Hlahisa Likhang

Ha litsebi tsa boemo ba leholimo li bolela esale pele mocheso o feteletseng oa lefatše, li itšetleha ka boemo ba maiketsetso ba mocheso le mohatsela o laoloang ke lik’homputha tse lebelo ka ho fetisisa le tse matla ka ho fetisisa lefatšeng. Leha ho le joalo, boemo ba mocheso le mohatsela lefatšeng bo lekanyetsoa ke tšebelisano e rarahaneng ka ho fetisisa ea potoloho ea lefatše, sepakapaka, maoatle, leqhoa, libōpeho tsa naha le letsatsi. Ka lebaka la litšobotsi tsena tse ngata tse amehang ka tekanyo e khōlō joalo, ho ke ke ha khoneha hore k’homputha leha e le efe e bolele ka nepo esale pele se tlang ho etsahala lilemong tse 50 kapa tse 100 ho tloha hona joale. Makasine ea Science e sa tsoa hlokomela: “Litsebi tse ngata tsa boemo ba leholimo li lemosa hore ha ho hlile ha ho e-s’o hlake tabeng ea hore na seo batho ba se etsang se se se qalile ho futhumatsa lefatše kapa che—leha e le hore na mocheso o feteletseng oa lefatše o hlileng o leng mobe o tla fihla neng.”

Lipelaelo li etsa hore ho be bonolo ho latola hore ho na le tšokelo e itseng. Bo-rasaense ba sa kholisehang ka taba ea mofuthu o akaretsang oa lefatše, hammoho le liindasteri tse matlahali tseo thahasello ea tsona ea moruo e leng ho boloka boemo ba tsona ba hona joale, ba pheha khang ea hore tsebo e teng hona joale ha e lokafatse hore ho nkoe khato ea ho lokisa boemo e ka ’nang ea hloka chelete e ngata. Ba bolela hore, etsoe bokamoso bo ka ’na ba se ke ba e-ba bobe joalokaha batho ba bang ba nahana.

Litsebi tsa tikoloho li bolela hore lipelaelo tsa saense ha lia lokela ho koeetsa baetsi ba meralo ho ba etsa ba sa tsotelleng. Le hoja e le ’nete hore boemo ba mocheso le mohatsela nakong e tlang bo ka ’na ba se ke ba e-ba bobe joalokaha ba bang ba tšohile, ho ka ’na ha boela ha etsahala hore boemo bo be bobe le ho feta! Ho phaella moo, li bontša hore ho se kholisehe ka se tlang ho etsahala nakong e tlang ha ho bolele hore ho lokeloa ho phuthoa matsoho hore ho fokotsoe boemo bo kotsi bo ka ’nang ba hlaha. Ka mohlala, batho ba khaotsang ho tsuba ha ba qale ka ho batla bopaki ba saense ba hore haeba ba tsoela pele ho tsuba, ntle ho pelaelo ba tla tšoaroa ke kankere ea matšoafo lilemong tse 30 kapa 40 hamorao. Ba khaotsa hobane ba hlokomela kotsi e ka ’nang ea hlaha ’me ba batla ho e fokotsa kapa ho e tlosa.

Ho Entsoe Eng?

Kaha ho na le khang e khōlō hakana ka bothata ba hore lefatše lea futhumala—esita le ka hore na bothata bo joalo bo hlile bo teng—hase ho makatsang hore ebe ho na le maikutlo a fapaneng ka hore na ho etsoe eng. Ka lilemo tse ’maloa lihlopha tsa litsebi tsa tikoloho li ’nile tsa buella ka ho pharaletseng hore ho sebelisoe mehloli ea matla e sa bakeng tšilafalo. Mehloli eo ea matla e ka fumanoa letsatsing, moeeng, linōkeng le pokellong ea liliba tse ka tlas’a lefatše tsa mouoane le metsi a chesang ’me ea sebelisoa.

Litsebi tsa tikoloho li ile tsa boela tsa phehella mebuso ho ntša melao e lekanyetsang ho ntšoa ha likhase tse thibellang mocheso. Mebuso e ile ea arabela ka ho tekena lilekane. Ka mohlala, ka 1992, Sebokeng sa Lefatše se neng se tšoaretsoe Rio de Janeiro, Brazil, baemeli ba linaha tse ka bang 150 ba ile ba tekenela selekane se neng se tiisa boikemisetso ba bona ba ho fokotsa ho ntšoa ha khase e thibellang mocheso, haholo-holo ea carbon dioxide. Pakane e ne e le hore ka selemo sa 2000, ho ntšoa ha likhase tse thibellang mocheso lichabeng tse tsoetseng pele indastering ho be ho theohetse boemong boo e neng e le ho bona ka 1990. Le hoja tse seng kae li entse khatelo-pele ntlheng ena, linaha tse ngata tse ruileng li hōle le ho boloka tšepiso eo ea tsona e itekanetseng. Ho e-na le ho fokotsa, linaha tse ngata li hlahisa likhase tse thibellang mocheso ho feta leha e le neng pele! Ka mohlala, ho nahanoa hore ka selemo sa 2000 carbon dioxide e tla beng e ntšitsoe ke United States ho ka ’na ha etsahala hore e be e phahame ka karolo ea 11 lekholong ho feta ka 1990.

Morao tjena, ho bile le tšisinyo ea ho kenya “mekhoa e atlehang” litumellanong tsa machaba. Ho e-na le ho etsa hore phokotso e etsoe ka boithatelo joaloka tumellanong ea 1992, ho na le mehoo ea hore ho etsoe melao eo pakane ea eona e leng ho laola ho ntšoa ha likhase tse thibellang mocheso.

Litšenyehelo Tsa Phetoho

Baeta-pele ba lipolotiki ba labalabela ho talingoa e le metsoalle ea lefatše. Leha ho le joalo, ba boetse ba lula ba behile leihlo liphellong tseo phetoho e joalo e ka ’nang ea li tlisa moruong. Kaha, ho ea ka makasine ea The Economist, karolo ea 90 lekholong ea batho e itšetlehile ka matla a libeso tse entsoeng ka carbon, ho khaotsa ho li sebelisa ho tla tlisa liphetoho tse khōlō; ’me ho tšohloa ka ho teba litšenyehelo tsa phetoho e joalo.

Ho tla bitsa chelete e kae ho fokotsa likhase tse thibellang mocheso tse ntšoang ho li fokoletsa boemong bo ka tlaase ho boo e neng e le ho bona ka 1990 ka karolo ea 10 lekholong ka selemo sa 2010? Karabo ea potso eo e itšetlehile ka hore na u e botsa mang. Nahana ka pono ea United States, e leng naha e ntšetsang likhase tse thibellang mocheso sepakapakeng ka bongata ho feta leha e le efe e ’ngoe. Lihlopha tsa bafuputsi ba tšehelitsoeng ka lichelete ke indasteri li lemosa hore phokotso e joalo e ne e tla bolela ho senyeheloa ke lidolara tse limilione tse likete moruong oa United States selemo le selemo le ho felloa ke mosebetsi ha batho ba 600 000. Ka lehlakoreng le leng, litsebi tsa tikoloho li bolela hore ka ho finyella pakane e tšoanang ho ne ho tla baballoa lidolara tse limilione tse likete selemo le selemo moruong le ho hlahisa mesebetsi e mecha e 773 000.

Ho sa tsotellehe mehoo ea lihlopha tsa litsebi tsa tikoloho ea hore ho nkoe khato e potlakileng, ho na le liindasteri tse matla—tse etsang likoloi, tsa lik’hamphani tsa oli le tse hlahisang mashala, ha re bolela tse seng kae feela—tse sebelisang lichelete tsa tsona tse ngata le tšusumetso ea tsona ho nyenyefatsa tšokelo ea mofuthu o akaretsang oa lefatše le ho fetelletsa liphello tse tlang ho ba teng moruong haeba ho kheloheloa ho sebeliseng libeso tse nkiloeng mesaletseng ea limela.

Khang e tsoela pele. Leha ho le joalo, haeba batho ba fetola boemo ba mocheso le mohatsela ’me ba sa etse letho ka hona haese ho bua ka hona feela, polelo e reng e mong le e mong o bua ka boemo ba leholimo empa ha ho le ea mong ea etsang letho ka bona e tla nka moelelo o mocha o tšosang.

[Lebokose le leqepheng la 23]

Ho Bontšitsoe Phello ea Mocheso o Feteletseng oa Lefatše

Phello ea Mocheso o Feteletseng oa Lefatše: Sepakapaka sa lefatše, joaloka marulelo sekhurumetsing sa limela, se thibella mocheso oa letsatsi. Khanya ea letsatsi e futhumatsa lefatše, empa mocheso oo e o hlahisang—o tsamaeang ka mahlaseli a letsatsi—o sitoa ho feta habonolo sepakapakeng. Ho e-na le hoo, likhase tse thibellang mocheso li thibella mahlaseli ’me li khutlisetsa a mang a ’ona lefatšeng, ka hona li eketsa mofuthu lefatšeng.

1. Letsatsi

2. Mahlaseli a letsatsi a thibeletsoeng

3. Likhase tse thibellang mocheso

4. Mahlaseli a letsatsi a fetang

[Lebokose/Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 23]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Matla a Laolang Boemo ba Mocheso le Mohatsela

E le hore re utloisise khang e teng hona joale e mabapi le mocheso o akaretsang oa lefatše, ho hlokahala hore re utloisise matla a mang a hlollang a etsang hore boemo ba rōna ba mocheso le mohatsela bo be seo bo leng sona. A re ke re hlahlobeng metheo e seng mekae.

1. Letsatsi—Mohloli oa Mofuthu le Khanya

Bophelo lefatšeng bo itšetlehile ka sebōpi se seholohali sa nyutlelie seo re se bitsang letsatsi. Le le leholo ho feta mafatše a milione, letsatsi le fana ka mohloli o tšepahalang ka ho fetisisa oa mofuthu le khanya. Ho fokotseha ha phepelo ea letsatsi ho ne ho tla koalla lefatše la rōna ka leqhoeng; ho eketseha ha eona ho ne ho tla etsa lefatše pitsa e chesang e hobang. Kaha lefatše le potoloha le le sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse limilione tse 150 ho tloha letsatsing, le fumana halofo feela ea matla a karolo e le ’ngoe ho tse limilione tse sekete a ntšoang ke letsatsi. Leha ho le joalo, ena ke tekanyo e loketseng bakeng sa ho hlahisa boemo ba mocheso le mohatsela boo bophelo bo ka atlehang ho bona.

2. Sepakapaka—Kobo e Futhumatsang ea Lefatše

Hase letsatsi feela le lekanyetsang tekanyo ea mofuthu lefatšeng; sepakapaka sa rōna le sona se phetha karolo ea bohlokoa. Lefatše le khoeli li hōle le letsatsi ka sebaka se lekanang, kahoo ka bobeli li batla li fumana tekanyo e lekanang ea mocheso o tsoang letsatsing. Leha ho le joalo, le hoja ka karolelano mofuthu lefatšeng e le likhato tse 15 tsa Celsius, ka karolelano khoeling ho bata hoo e leng likhato tse ka tlaase ho 18 tsa Celsius. Ke hobane’ng ha ho e-na le phapang ee? Lefatše le na le sepakapaka; khoeli ha e na sona.

Sepakapaka sa rōna—e leng pokello e ririellaneng ea oksijene, nitrogen le likhase tse ling—se boloka mofuthu o mong oa letsatsi ’me se lumella o mong ho feta. Hangata tšebetso ena e bapisoa le ea sekhurumetsi sa limela. Mohlomong ua tseba hore sekhurumetsi sa limela ke ntlo eo mabota le marulelo a eona a entsoeng ka khalase kapa polasetiki. Khanya ea letsatsi e kena habonolo ’me e futhumatsa bokahare ba sona. Ka nako e tšoanang, marulelo le mabota a sona a lumella mocheso hore o tsoe butle.

Ka tsela e tšoanang, sepakapaka sa rōna se lumella khanya ea letsatsi ho feta le ho futhumatsa lefatše. Ka lehlakoreng le leng, lefatše le khutlisetsa mocheso sepakapakeng e le mahlaseli a mocheso. Boholo ba mahlaseli ana ha a ee sepakapakeng ka ho toba hobane likhase tse ling tse sepakapakeng lia a monya ’me li a khutlisetsa lefatšeng, e leng ho eketsang mofuthu lefatšeng. Tšebetso ena ea ho futhumatsa e bitsoa mocheso o feteletseng oa lefatše. Haeba sepakapaka sa rōna se ne se sa tšoare mocheso oa letsatsi ka tsela ena, lefatšeng ho ka be ho se na bophelo joaloka khoeling.

3. Mouoane—Khase e Thibellang Mocheso e Hlokahalang ka ho Fetisisa

Karolo ea 99 lekholong ea sepakapaka sa rōna e entsoe ka likhase tse peli: nitrogen le oksijene. Le hoja likhase tsena li phetha karolo ea bohlokoa lipotolohong tse rarahaneng tse tšehetsang bophelo lefatšeng, li batla li sa phethe karolo e tobileng tabeng ea ho laola boemo ba mocheso le mohatsela. Tšebetso ea ho laola boemo ba mocheso le mohatsela e sallane le karolo e setseng ea sepakapaka e etsang karolo ea 1 lekholong, ea likhase tse thibellang mocheso, tse akarelletsang mouoane, carbon dioxide, nitrous oxide, methane, li-chlorofluorocarbon le ozone.

Khase ea bohlokoa ka ho fetisisa e thibellang mocheso—e leng mouoane—hase hangata ho nahanoang hore ke khase, kaha re tloaetse ho nahana ka metsi a le sebōpehong sa ’ona se mokelikeli. Leha ho le joalo, molek’hule o mong le o mong oa mouoane o sepakapakeng o tletse matla a mocheso. Ka mohlala, ha mouoane o marung o hatsela ’me o ipōpa, o ntša mocheso, o bakang ho potoloha ho matla ha moea holim’a metsi. Ho feta ha mouoane ka sekhahla sepakapakeng sa rōna ho phetha karolo ea bohlokoa le e rarahaneng tabeng ea ho lekanyetsa boemo ba leholimo le mocheso le mohatsela.

4. Carbon Dioxide—Ea Hlokahala Bakeng sa Bophelo

Khase eo ho buuoang hangata ka eona tabeng ea mofuthu o akaretsang oa lefatše ke carbon dioxide. Ho fosahetse ho nyatsa carbon dioxide ka hore ke ntho feela tjee e bakang tšilafalo. Carbon dioxide ke motsoako oa bohlokoa tšebetsong eo ho eona limela tse nang le botala li iketsetsang lijo. Batho le liphoofolo ba hema oksijene ’me ba ntša carbon dioxide. Limela li nka carbon dioxide ’me li ntša oksijene. Ha e le hantle, ke e ’ngoe ea litokisetso tseo ’Mōpi a li entseng ho etsa hore bophelo bo be teng lefatšeng.a Leha ho le joalo, ho ba le carbon dioxide e ngata haholo moeeng ka ho hlakileng ho ne ho tla tšoana le ho ala kobo e ’ngoe betheng. Ho ne ho tla etsa hore lintho li futhumale ho feta.

Tatellano e Rarahaneng ea Matla

Letsatsi le sepakapaka hase tsona feela tse lekanyetsang boemo ba mocheso le mohatsela. Ho boetse ho ameha maoatle le maqhoa, lirafshoa le limela, tsamaiso e rarahaneng ea tikoloho ea lefatše, tatellano ea tšebelisano ea lik’hemik’hale tsa lefatše le bophelo le tikoloho eo limela le liphoofolo li phelang ho eona le tsela eo lefatše le potolohang letsatsi ka eona. Ho ithuta boemo ba mocheso le mohatsela ho akarelletsa hoo e batlang e le likarolo tsohle tsa saense lefatšeng.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Letsatsi

Sepakapaka

Mouoane (H20)

Carbon dioxide (CO2)

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hoo e batlang e le lintho tsohle tse phelang li fumana matla mehloling e nang le carbon, kahoo li itšetlehile ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang ka khanya ea letsatsi. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tse phelang tse atlehang bolibeng bo lefifi ba leoatle ka ho fumana matla lik’hemik’haleng tse se nang carbon. Ho e-na le tšebetso eo ho eona limela li iketsetsang lijo, lintho tsena tse phelang li sebelisa tšebetso e bitsoang chemosynthesis.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela