Ke Joang U ka Thabelang Bophelo bo Botle?
PHEKOLO ke moqoqo o tloaelehileng. Ho bonahala eka motsoalle e mong le e mong kapa moahelani o na le mokhoa oa phekolo oo a o ratang boloetseng ka bong. Hoa utloahala hore tšusumetso ea ho iphekola e ka ba matla haholo. Leha ho le joalo, ngaka e ’ngoe ea Brazil e re, ho na le batho ba “eang ngakeng feela ha ba kula haholo. Ba ka ’na ba e-ba le lipatlo tse bakoang ke boloetse ba letlalo bo sa phekoleheng ho sa tsotellehe ho iphekola ka likhoeli tse ngata. Ha ba ea ngakeng, ho fumaneha hore ba na le mofuta oa kankere e ka beng e phekotsoe e sa qala.”
Kaha ho fumana boloetse ha bo qala hangata ho pholosa bophelo, ho lieha ho ka baka mahlomola a mangata. Ngaka e ’ngoe e buoang ea pheta: “Mosali e mong ea lilemo li 30 o ile a lieha ho ilela khoeli ’me a ba le lehlabanyana botlaaseng ba mpa. O ile a iphekola ka meriana e mengata e felisang lehlaba le borurusi ’me lehlaba lena le ile la kokobela. Empa matsatsi a mararo hamorao, o ile a tepella ka sekhahla ka lebaka la ho tsoa mali haholo ’me o ile a potlakisetsoa sepetlele. Ke ile ka mo buoa hang-hang, kaha ke ile ka fumana hore o imetse ka har’a mothapo o isang lehe pōpelong. O ile a pholoha ka sobana-la-nale!”
Moroetsana e mong oa São Paulo o ne a nahana hore o haelloa ke mali, empa bothata ba hae e ne e le ho se sebetse hantle ha liphio. Kaha o ile a lieha ho phekoloa, ho kenngoa liphio tse ling e ile ea e-ba eona feela pheko e neng e ka khoneha. Ngaka ea hae ea phetha: “Hangata mokuli o qea-qea ho ea ngakeng, oa iphekola kapa o batla mekhoa e meng eo a e bolelloang ke batho ba se nang tsebo ea bongaka, ’me o qetella a kula ka ho tebileng.”
Ka sebele, ha re batle ho nyenyefatsa matšoao ao ’mele ea rōna e a bontšang. Empa re ka qoba ho lula re nahana ka liphekolo kapa ho iphekola joang? Bophelo bo botle bo hlalosoa e le “boemo ba ho phela hantle ’meleng, kelellong kapa moeeng” kapa e le “ho se be le maloetse a ’mele kapa bohloko.” Se thahasellisang ke hore ho lumeloa hore kajeno maloetse a mangata a ka thibeloa ka tekanyo e khōloanyane kapa e nyenyane. Ho latela Dr. Lewis Thomas, “kaha ho hang ha rea bōptjoa re le batho ba sa phelang hantle ’meleng, re libōpuoa tse matla, tse tšoarellang, tse tletseng bophelo bo botle ka tsela e hlollang.” Kahoo, ho e-na le ho ‘lula re hatellehile maikutlo ka ho nahana ka maloetse le ho itšoenya ka ho tlōlisang ka bophelo ba rōna bo botle hoo re ka ’nang ra potlakisa lefu la rōna,’ re lokela ho sebelisana le ’mele le matla a oona a ikhethang a ho iphekola. Ngaka e nang le tsebo kapa mophekoli le eona e ka ’na ea re thusa.
Nako ea ho ea Ngakeng
Ngaka e ’ngoe ea Brazil e buella thuso ea litsebi “haeba matšoao a joalo ka feberu, hlooho, lehlatso kapa lehlaba la ka mpeng, la ka sefubeng kapa qholong a sa nyametsoe ke moriana o tloaelehileng ’me a ntse a hlaha khafetsa ntle ho lebaka le totobetseng kapa haeba bohloko e le bo hlabang kapa bo matla haholo.” Ngaka e ’ngoe e re khothalletsa ho ea ngakeng neng kapa neng ha re sa tiisehe ka tsela ea ho sebetsana le matšoao a rōna kapa re ikutloa hore ho na le ntho e sa tloaelehang. Ea eketsa: “Ha ngoana a kula, ho e-na le ho iphekolela eena, hangata batsoali ba khetha ho fumana thuso ea litsebi.”
Empa na ke ka linako tsohle ho hlokahalang lithethefatsi? Na ho sebelisa lithethefatsi e tla ba tšitiso? Na ho na le liphello tse kotsi, tse kang bohloko ba ka maleng kapa ho senyeha ha sebete kapa liphio? Ho thoe’ng ka phello ea tsona ha li kopana le lithethefatsi tse ling? The New Encyclopædia Britannica e re: “Ke bakuli ba seng bakae feela ba talimang mathata a bona ba sa ferekana kapa esita le ka kutloisiso.” Empa, ngaka e hlokolosi e ka re thusa ho bona hore lithethefatsi tsohle li koetlile kotsi le hore ke lithethefatsi tse seng kae feela tse sebelisoang kajeno tse se nang liphello tse kotsi. Bala feela litemoso tsa liphello tse kotsi tse ka bang teng lebitsong la sethethefatsi seo ngaka e tla u laela ho se sebelisa seo u tla se reka nakong e tlang! Esita le moriana oo ka molao o rekisoang ntle ho lengolo la ngaka o ka ba kotsi kapa oa bolaea haeba o sa sebelisoe ka tsela e loketseng kapa o sebelisoa ho feta tekano.
Tlhokahalo ea temoho e hatisoa ke tlaleho ea Richard A. Knox ho The Boston Globe: “Bafuputsi ba Univesithi ea Stanford ba tlaleha hore batho ba limilione ba tšoeroeng ke boloetse ba masapo le manonyeletso bao kamehla ba noang lithethefatsi tse bolaeang bohloko, ba kotsing ea ho tsoa mali ka tšohanyetso, ho ka ’nang ha fella ka lefu.” Oa eketsa: “Ho feta moo, bafuputsi ba lemosa hore ho kopanya lithethefatsi tse bolaeang bohloko le tse etsang hore asiti e se ke ea sebetsa kapa lipilisi tse tloaelehileng tsa lesokolla ha ho sireletse khahlanong le mathata a tebileng a ka maleng ’me ho ka ba ha eketsa kotsi.”
Ho thoe’ng ka ho iphekola ho tloaelehileng? Ngaka e ’ngoe ea Ribeirão Prêto, Brazil e re: “Ke nahana hore ho ne ho tla ba molemo haholo haeba bohle ba ne ba ka ba le meriana e seng mekae lapeng . . . Leha ho le joalo, meriana ena e lokela ho sebelisoa ka masene le ka kahlolo e molemo.” (Bona lebokose, leqepheng la 7.) Hape, thuto ea motheo ea bophelo bo botle e kolekela bophelong bo molemo. Kaha maemo aa fapana ho ea ka motho ka mong, Tsoha! ha e buelle lithethefatsi, liphekolo kapa meriana ea tlhaho ka ho khetheha.
U ka Etsa’ng Hore U Phele Hantle?
Jonathan Swift, mongoli oa lekholong la bo18 la lilemo o ile a ngola: “Lingaka tse molemo ka ho fetisisa lefatšeng ke Ngaka Lijo, Ngaka Khutso le Ngaka Thabo.” Ka sebele, lijo tse matlafatsang, phomolo e loketseng le ho khotsofala ke metsoako ea bohlokoa ea bophelo bo botle. Se fapaneng le seo, ho sa tsotellehe lipolelo tse etsoang ka papatso e masene, re ke ke ra reka bophelo bo botle feela ka ho noa lithethefatsi. “Tšebeliso e sa hlokahaleng esita le e kotsi ea meriana” e ka ’na ea fokolisa matla a ’mele a ho loantša maloetse.—Dicionário Terapêutico Guanabara.
Leha ho le joalo, ka ho nka boikarabelo mabapi le mokhoa oa rōna oa bophelo, ’me re qoba ho sebelisa lithethefatsi hampe, ho tsuba, ho noa ho tlōlisa le ho ba le khatello e ngata kelellong, re ka ntlafatsa bophelo ba rōna bo botle haholo. Marian, ea lilemong tsa bo-60 le eo e bileng moromuoa ka nako e telele Brazil o re: “Ke thabetse bophelo bo batlang bo le botle ka ho phela bophelo bo itekanetseng le ka ho ja lijo tse matlafatsang tse sa tšoaneng.” O boetse oa hlalosa: “Hangata ke rata ho tsoha esale hoseng, ka hona ho robala ka nako hoa hlokahala.” Kahlolo e molemo le mekhoa e metle ha lia lokela ho nkoa habobebe, leha e le hona hore bohlokoa ba ho hlahlojoa ke ngaka joalo-joalo le puisano e molemo le ngaka e tšoanelehang eo lelapa le tloaetseng ho ea ho eona bo ka nkoa habobebe.
Le hoja a batla ho lula a phela hantle, Marian o hlokolosi hore a se ke a hlokomoloha bophelo ba hae bo botle leha e le hona ho ameha ka ho tlōlisang ka bona. O re: “Ke boetse ke rapella tataiso ea Jehova mabapi le liqeto leha e le life tse amanang le bophelo bo botle tseo ho hlokahalang hore ke li etse, e le hore nka etsa se molemohali le bakeng sa nakong e tlang ’me ke se ke ka qeta nako e ngata haholo le matlotlo ke leka ho ntlafatsa bophelo ba ka.” Oa eketsa: “Kaha ho ba mahlahahlaha hoa hlokahala, ke rapela hore Molimo a nthuse hore ke be le kahlolo e molemo tabeng ea hore na ke sebelisa nako ea ka le matla joang, e le hore ke se ke ka ipaballa ka ho sa hlokahaleng ’me, ka nako e tšoanang, ke itekanye mesikaro.”
E le hore re thabe e le kannete, re ke ke ra hlokomoloha bokamoso. Esita leha re sitsitsoe ka bophelo bo batlang bo le botle nakong ea hona joale, boloetse, bohloko, mahlomola le lefu qetellong, li sa ntse li le teng. Na ho na le tšepo leha e le efe ea sebele ea hore re tla ke re thabele bophelo bo botle ka ho phethahetseng?
[Lebokose le leqepheng la 6]
Melemo ea ho Itlhokomela ka ho Lekaneng
Bophelo bo botle ba hao ho isa bohōleng bo itseng bo itšetlehile ka seo u se jang le seo u se noang. Haeba u leka ho tsamaisa koloi ka peterole e hlapolotsoeng ka metsi kapa u tšela tsoekere peteroleng, enjene e tla senyeha kapele. Ka ho tšoanang, haeba u leka ho phela ka lijo le lino tse sa matlafatseng, u tla qetella u fokolloa ke bophelo. Lefatšeng la lik’homputha, ba re sena ke GIGO, e bolelang “garbage in, garbage out [hore haeba motho a fa k’homputha boitsebiso bo fosahetseng, k’humputha e tla fana ka liphello tse fosahetseng].”
Dr. Melanie Mintzer, moprofesa oa bongaka ba lelapa, oa hlalosa: “Ho na le mefuta e meraro e sa tšoaneng ea bakuli: ke ba eang ngakeng ba isa lintho tseo ba neng ba ka li phekola habonolo lapeng, ke ba eang ngakeng ka mabaka a utloahalang le ba sa eeng ngakeng esita leha ba lokela ho ea. Ba leng sehlopheng sa pele hangata ba senya nako ea lingaka le ea bona le chelete. Ba leng sehlopheng sa boraro ba ka ’na ba beha bophelo ba bona kotsing ka ho lieha ho fumana tlhokomelo e loketseng ea litsebi. Lingaka li rata eka batho ba eketsehileng ba ka be ba le sehlopheng se bohareng.”
“Linotlolo tse supileng tsa bophelo bo khotsofatsang ka ho fetisisa ke: ja lijo le ho noa lino tse matlafatsang, koetlisa ’mele kamehla, u se ke ua tsuba, fumana phomolo e lekaneng, laola moroalo oa hao oa khatello ea kelello, e-ba le likamano tse haufi tsa botsoalle, ’me ka masene u ele hloko ho fokotsa kotsi ea hore u kule le ea ho tsoa likotsi.”—Before You Call the Doctor—Safe, Effective Self-Care for Over 300 Medical Problems, ea Anne Simons, M.D., Bobbie Hasselbring le Michael Castleman.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Polokelo ea Meriana ea Lapeng
“Ho ile ha hakanngoa hore hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea matšoao—ho opeloa, bohloko, matetetso le matšoao a mang a ho kula kapa boloetse—a utluoang ke batho ba baholo bao ntle le moo ba phelang hantle, a nkoa habobebe ’me ha ho mohla a bolelloang mang kapa mang. . . . Hangata ho sebelisoa moriana o phekolang kapele, joaloka li-aspirin tse peli bakeng sa hlooho.”
“Se atisang ho etsa hore sena se khonehe ke polokelo ea meriana ea lapeng. E fokotsa maeto a ho ea ngakeng kapa tleliniking a sa hlokahaleng le a bitsang chelete e ngata.”—Complete Home Medical Guide, Koleche ea Univesithi ea Lingaka tsa Meriana le tse Buoang ea Columbia.
Mohloli oona ona o khothalletsa polokelo ea meriana ea lapeng e akarelletsang lipolastara, theipi e khomaretsang, masela a hloekileng a maqeba, lipolokoe tsa boea bo bonolo, masela a tlamisang, meriana e sa tšoaneng e tlotsang le litlolo, moriana o thibelang likokoana-hloko, likere, thermometer le lintho tse ling tse ka sebelisoang.
Bakeng sa meriana o khothalletsa lipilisi tsa ho kokobetsa feberu le bohloko, meriana e thibelang lesokolla, meriana ea sefuba, metsoako e sebetsanang le bokuli bo bakoang ke lintho tse itseng tikolohong kapa ho thibana linko, moriana o bonolo o hlephisang mala le moriana o thibelang letšollo.
[Lebokose le leqepheng la 8]
Tlhokomeliso
“Le hoja e sa hloke taelo ea ngaka, meriana ea OTC [over the counter (e rekoang ntle ho taelo ea ngaka)] ke lithethefatsi tsa sebele. Joaloka lithethefatsi tse fanoang ka taelo ea ngaka, tse ling ha lia lokela ho kopanngoa le tse ling kapa le lijo tse itseng kapa tahi. Joaloka lithethefatsi tse ling, tse ling li ka pata mathata a tebileng haholoanyane kapa tsa baka temalo. ’Me ka linako tse ling meriana e rekoang ntle ho taelo ea ngaka, ka sebele ha ea lokela hore e nkele ho ea ngakeng sebaka.
“Leha ho le joalo, tse ngata ha li na kotsi ebile lia sebetsa . . . Li etsa mosebetsi ’me li o etsa hantle.”—Using Medicines Wisely.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Hopola hore ha ho setlama kapa sethethefatsi se seng kotsi ka ho feletseng
1. Polokelo ea meriana ea morekisi
2. Morekisi ea rekisetsang meriana ka ntle
3. Mekotla ea meriana ea litlama