Liphephetso le Litlhohonolofatso Tsa ho Hōlisa Bara ba Supileng
Joalokaha ho boletse Bert le Margaret Dickman
Ke hlahetse Omaha, Nebraska, U.S.A. ka 1927, ’me ka hōlela Dakota Boroa. Ke sa ntse ke hopola boshemane ba ka lilemong tse thata tsa Ho oa ho Hoholo ha Moruo (1929-42). ’Mè o ne a tloaetse ho pheha hoo a neng a ho bitsa sechu sa tlaleng. O ne a ee a tšèle mafura a manyenyane ka paneng ’me a tšèle metsi a seng makae, ebe re qopetsa ka bohobe. Ho ne ho le thata malapeng a mangata ka nako eo.
LELAPA leso e ne e se la bolumeli—le ile la bona boikaketsi bo bongata haholo malumeling a Boprostanta a sebakeng seo. Haele ’na, monahano oa ka o ne o susumelitsoe ke lilemo tse peli tsa ho ba lebothong Ntoeng ea II ea Lefatše. E bile nakong eo ke ileng ka ba le tšekamelo ea ho noa le ho bapala papali ea chelete.
Ha ke le phomolong, ke ile ka ea motjekong oa sebakeng seo ’me ka kopana le Margaret Schlaht, ngoanana oa Moukraine oa Mojeremane. Re ile ra ratana, ’me ka mor’a lefereho la likhoeli tse tharo, re ile ra nyalana ka 1946. Ka nako ea lilemo tse robeli re ne re e-na le bara ba supileng, ’me re ile ra hlokomela ka phihlelo e boima hore na ho ba batsoali ke phephetso e joang.
Ka 1951, mochine o sakhang lifate o ile oa ’ntša kotsi e tebileng ’me oa batla o nkhaola sephaka sa letsoho le letšehali. Ke ile ka tlameha ho robala sepetlele ka lilemo tse peli bakeng sa ho lokisoa linama le masapo. Ho sa le joalo, Margaret o ile a ba le boikarabelo ba ho hōlisa bara ba bahlano. Ka thuso ea metsoalle le baahelani, o ile a atleha ho feta nako eo e thata. Ha ke ntse ke le sepetlele, ke ile ka ba le nako e ngata ea ho nahana ka morero oa bophelo. Ke ile ka leka ho bala Bibele empa ke sa atlehe hakaalo ho e utloisisa.
Kapele ka mor’a hore ke tsoe sepetlele, re ile ra fallela Opportunity, motse o Washington State, ’me ’na le soare sa ka re ile ra qalisa khoebo ea ho haha. Joale ke tla tlohela Margaret hore a phete taba ena ka lehlakoreng la hae.
Ke ne ke Phathahane Haholo!
Ke hōliselitsoe polasing moo re neng re lema lijo-thollo, re ne re ruile mohlape o monyenyane oa likhomo tsa lebese, ’me re ne re boloka litholoana le meroho ka libotlolong. Ke ne ke e-na le mokhoa o tsitsitseng oa ho sebetsa o ileng oa nkoetlisetsa liphephetso tsa nako e tlang bophelong, tse neng li tla ba ngata. Re ile ra feta ka katleho Khatellong ena ea Moruo ho feta ba bangata, kaha bonyane re ne re e-ba le lijo kamehla.
Batsoali ba ka ba ne ba se na nako ea bolumeli, le hoja ’na ke ne ke kena sekolo sa Sontaha ka linako tse ling. Joale, ’na le Bert re ile ra nyalana re le lilemo li 19. Ha rea ka ra ea kerekeng—re ile ra mpa ra ba le mokete o itekanetseng kamoreng ea ho phomola ea lapeng heso, ’me ’moleli oa Phutheho a tiisa lenyalo. Ka lilemo tse seng kae, ke ile ka ba le bashanyana ba supileng—Richard, Dan, Doug, Gary, Michael, Ken, ’me qetellong ea e-ba Scott ka 1954. Ba ne ba hlile ba re lekane matsoho!
Ka mor’a hore re fallele Opportunity, mofumahali e mong o ile a etela ntlong ea rōna ho buisana le rōna ka Bibele. Ke ile ka mo botsa hore na o lumela mollong oa lihele, thuto e neng e hlile e ntšosa. Ke ile ka imoloha ha a hlalosa hore mollo oa lihele hase thuto ea Bibele le hore esita le thuto ea moea o sa shoeng ha e eo ka Bibeleng! Ke ne ke ’nile ka lula ke tšaba ho shoa le ho tšoenyeha ka hona ’me ke ne ke sitoa ho lumellanya mollo oa lihele le Molimo ea lerato. Ke ile ka ikemisetsa hore le ka mohla nke ke ka ruta bana ba ka mashano a joalo.
Ka 1955, ke ile ka qala ho ithuta Bibele ka thuso ea buka ea “’Nete e be ea Molimo.”a Joalokaha ho ka lebelloa, ke ka nako eo hantle ’moleli oa Mopentekonta ka tšohanyetso a ileng a nthahasella ’me a batla ho mpholosa ho Lipaki tsa Jehova! O ile a etsa phoso e khōlō—a qala ho mpolella ka mollo oa lihele! A ba a romela mafumahali a mararo a Mapentekonta hore a leke ho ntlohelisa ho ithuta le Lipaki.
Ho sa le joalo, Bert o ile a mamela ha ke ntse ke khanneloa thuto ea Bibele a le ka kamoreng ea ho phomola. Hamorao, o ile a qala ho bala Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste, ’me lintho li ile tsa qala ho mo hlakela. O ne a sebetsa ho fihlela bosiu bo boholo. Ka ho hlakileng, o ne a fumana ke robetse ha a fihla hae. Bosiung bo bong ke ile ka nyonyobela mokatong o ka tlaase ’me ka mo fumana a bala libuka tsa ka ka lekunutu! Ke ile ka khutlela betheng ke hata ka litšetšekoane, ke thabetse hore ebe o itlhahlobela lintho. Qetellong le eena o ile a ithuta Bibele, ’me ka 1956 re ile ra ba Lipaki tse kolobelitsoeng.
Kaha ke bile le bara ba supileng ka lilemo tse robeli, ke ile ka lemoha hore ho etsa mesebetsi eohle ea letsatsi le letsatsi ea ho ba fepa le ho ba apesa le ho leka ho boloka ntlo e hloekile e le makhethe ke phephetso. Bashanyana bana ba ile ba ithuta ho phetha karolo ea bona ka lapeng. Ke ne ke atisa ho bolela hore ha ke na mochine oa ho hlatsoa lijana—ke ne ke e-na le e supileng! Ba ne ba chenchana ka ho etsa mosebetsi ona oa kamehla o hlokahalang. Ka sebele Bert e ne e le thuso e khōlō. O ne a laea ka tsela e tsitsitseng a beha melao ka tsela e tsitsitseng empa hape o ne a boloka mecha ea puisano e bulehile. Bashanyana bana ba ne ba hlompha ntate oa bona empa ba ne ba sa mo tšabe. Ha ho mohla Bert a kileng a hlokomoloha boikarabelo ba hae ba ho ruta bara ba rōna ka seo ba mo hopolang ka sona ka lerato ha a ne a bua ka “thuto ea motheo ea likamano tsa botona le botšehali.”
Richard, mora oa rōna oa matsibolo, o ile a ea sebeletsa e le moithaopi ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e Brooklyn, New York, ka 1966. Ho bona oa pele a phurusetsa e bile teko ea sebele ho ’na. Setulo seo se se nang motho tafoleng letsatsi ka leng se ne se utloisa pelo ea ka bohloko. Empa ke ne ke thabetse hore ebe o ne a fumana phihlelo e molemo le koetliso.
Ke tla tlohela Bert hore a ntšetse taba ena pele.
Ho Hōlisa Bara ba Rōna ka Melao-motheo ea Bibele
’Na le Margaret re ile ra kolobetsoa kopanong ea Spokane, Washington. Joale re ne re e-na le phephetso ea ho hōlisa bashanyana ba rōna ho latela melao-motheo ea Bibele—seo u ka ’nang ua se bitsa tsela ea khale. Ke ne ke sa mamelle mashano leha e le afe kapa litekanyetso tse habeli, ’me bashanyana bana ba ne ba ho tseba. Re ile ra ba ruta hore Jehova o tšoaneloa ke se molemohali.
Leha ho le joalo, ba ne ba tseba hore ba ne ba ka ntšepa hobane re ne re e-na le kamano e haufi-ufi ’me re ne re etsa lintho tse ngata haholo hammoho. Re ne re thabela ho ea lebōpong la leoatle re le lelapa, ho ba le lipikiniki lithabeng, le ho bapala softball. Re ne re e-na le liphoofolo le jarete, ’me bashanyana bana kaofela ba ne ba thusa ka eng kapa eng e lokelang ho etsoa. Kahoo ba ne ba ithuta ho sebetsa le ho bapala. Re ne re leka ho boloka ho leka-lekana linthong tseo re li etsang.
Ho ba le Phihlelo e Thabisang ea Puso ea Molimo
Ka lehlakoreng la moea, re ne re e-ea libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso hammoho, ’me re ne re e-ba le thuto ea rōna ea Bibele ea lelapa ea kamehla. Ka 1957 re ile ra ba teng kopanong ea Lipaki tsa Jehova Seattle, Washington. Nakong ea lenaneo ho ile ha ipiletsoa ho malapa hore a fallele ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane ea hore Lipaki li bolele litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Lelapa la rōna le ile la nahana hore ke khopolo e molemo, ’me re ile ra qala ho lokisetsa ho falla ha rōna. Pele, re ile ra ea Missouri ka 1958 eaba re ea Mississippi ka 1959.
Ka 1958 re ile ra ba le phihlelo ea pele e thabisang e khōlō ea puso ea Molimo. Ke ile ka haha k’haravene, eo re neng re e hula ka koloi ea khale ea 1947 ea DeSoto e neng e nka batho ba bararo. Selemong seo, kaofela ha rōna re le robong re ile ra ea kopanong ea machaba New York ka koloi eo. Re ile ra qeta libeke tse ’maloa re le tseleng, re robaletsa tseleng ha re tsoa Spokane, e Lebōpong le ka Bophirimela, ha re e-ea New York—sebaka sa bohōle ba lik’hilomithara tse 4 200! Bashanyana ba hopola leeto leo ka lerato e le nako e sebelisitsoeng hamolemo le ea monyaka o moholo.
Ho Ithuta Taeo ka Kuku
Kopanong eo re ile ra fumana likopi tsa rōna tsa buka ea Ho Tloha Paradeiseng e Lahlehileng ho ea Paradeiseng e Fumanehileng Hape.b Re ile ra ithuta buka eo hammoho le Bibele thutong ea lelapa ea Bibele ea beke le beke. Bashanyana bana kaofela ba ile ba ithuta ho bala ba sa le banyenyane. Ha sekolo se e-tsoa Marge o ne a ee a qete nako e itseng le bashanyana bana, a ba mametse ha ba bala Bibele. Re ne re sa lumelle TV ho laola likelello tsa bona.
Re ne re e-na le taeo le tlhompho ka lapeng. Ka lekhetlo le leng Margaret o ne a entse kuku e khōlō—e ’ngoe ea lintho tseo a neng a ipabola ho tsona. Lijo tsa tsatsing leo li ne li akarelletsa lihoete. Kamehla re ne re khothalletsa bashanyana hore bonyane ba latsoe meroho. Doug, o ne a sa rate lihoete. O ile a bolelloa hore a ke ke a fumana kuku ha a sa je lihoete. O ile a ’na a hana ho qeta lijo tsa hae. Margaret o ile a re, “Haeba u sa je lihoete tseo, ntja e tla ja kuku ea hao.” Ha ke nahane hore Doug o ne a hlile a lumela seo a se buang ho fihlela a bona Blackie e koenya kuku ea hae e monate! O ile a ithuta thuto phihlelong eo, le bashanyana ba bang kaofela ba ile ba ithuta. Re le batsoali, ha re bua ntho re ne re tiile.
Bophelo bo ne bo Thabisa
’Na le Margaret re ne re tataisoa ke polelo ea Jesu e ho Matheu 6:33: “Le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” Re le lelapa, re ile ra leka ho beha lithahasello tsa ’Muso pele. Kaofela re ne re thabela ho ea bolela re le hammoho, ’me bashanyana ba ne ba chenchana tabeng ea ho ea le ’na ka ntlo le ntlo. E mong le e mong o ne a e-na le mokotlana oa hae oa libuka, Bibele le lingoliloeng tsa Bibele. Re ne re ba babatsa ka tsoelo-pele efe kapa efe eo ba neng ba e etsa. Margaret o ne a atisa ho ba kopa ka lerato. Ka sebele, re ne re ba bontša lerato kamehla. Kamehla re ne re e-ba le nako ea bashanyana—bophelo bo ne bo thabisa!
Ha bashanyana ba ntse ba hōla, ba ne ba e-na le boikarabelo bo kang ba ho nka batho ho ba isa libokeng, ho bula Holo ea ’Muso le ho thusa ka mesebetsi e meng. Ba ile ba ithuta ho ananela Holo ea ’Muso e le sebaka sa bona sa borapeli ’me ba thabela ho e hlokomela.
Re ne re ba khothalletsa ho fana ka litlhaloso libokeng tsa Bokreste. Ba ne ba fana ka lipuo tsa bona tse khutšoanyane Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, moo butle-butle ba ileng ba ithuta ho ba libui. Michael, mora oa rōna oa bohlano, kamehla o ne a sa rate ho bua phatlalatsa ’me o ne a e-ba le mathata ha a le sethaleng. Ha a le bohareng ba lipuo tsa hae, o ne a ee a qale ho lla ka lebaka la ho tsieleha, kaha o ne a sitoa ho qeta. Ha nako e ntse e feta, o ile a hlōla bothata boo, ’me hona joale, e le monna ea nyetseng, o sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang, ea etelang liphutheho tse sa tšoaneng ’me o fana ka lipuo ka makhetlo a ’maloa ka beke. Ke phetoho e kaakang!
Kamoo Bashanyana ba Neng ba Talima Taeo Kateng
Tsoha! e ile ea buisana le Michael ho fumana maikutlo a hae ka ho hōlisoa ka tsela ea khale. “Re ne re talima Ntate e le ea laeang ka mosa. Ke hopola hore ha ke sa le mocha, ke ile ka ea sebetsa seteisheneng sa seea-le-moea. Ke ne ke batla koloi e le hore nka boela ka kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho ba nako e tletseng. Mookameli oa seteishene sena o ile a ntšepisa ho nthekisetsa koloi ea Ford Mustang e mamati a mabeli, eo bokaholimo ba eona bo neng bo ka tlosoa kapa ba isoa tlaase, koloi e lebelo e nyenyane e neng e ratoa ke bacha. Pelo ea ka e ne e le ho eona, le hoja ke ne ke tseba hore hase koloi e molemo bakeng sa ho nka batho tšebeletsong. Ke ile ka ea ho Ntate ke e-na le tšabo e itseng. Ha ke mo bolella ka tšepiso ena, o ile a re, ‘A re buisane ka hona.’ Ke ne ke tseba hore na seo se bolela eng! O ile a buisana le ’na ’me a mpontša bohlokoa ba koloi e molemo haholoanyane. Ka hona ke ile ka reka koloi e mamati a mane e nkang batho ba bane ho ea ho ba supileng, ’me ka mor’a ho tsamaea ka eona lik’hilomithara tse fetang 160 000 kabelong ea ka ea boboleli, ke ne nka mpa ka re, ‘Ntate o ne a boetse a nepile.’
“Ho hloma re hlomola ha re sa le bana—ho tloha Washington re e-ea Missouri re ntan’o ea Mississippi—e bile phihlelo e thabisang. Re ile ra ho thabela. Esita leha ka borobong ba rōna re ile ra qeta selemo re lula k’haraveneng e bolelele ba limithara tse 11 le bophara ba limithara tse 2,5, e ne e le monyaka o moholo ’me ho ile ha re ruta ho hlophiseha le ho phela hammoho ka kutloano, esita le sebakeng sa bolulo se patisaneng. Ka ho hlakileng, re ne re tloaetse ho bapalla ka ntle haholo.
“Ntho e ’ngoe eo ke e hopolang le eo ke e ratang e ne e le kamoo Ntate a neng a tsamaisa puisano ea temana ea letsatsi le rōna kateng. Ka 1966 o ile a ea sekolong sa baholo Kingdom Farm, South Lansing, New York, ’me o ile a bona hore lelapa la Bethele le ne le etsa lipatlisiso e le hore le ka fana ka litlhaloso tsa temana letsatsi ka leng. O ile a sebelisa tokisetso e tšoanang kemisong ea rōna ea lelapa. E mong le e mong oa rōna bashanyana ba supileng o ne a abeloa tlhaloso ea hoseng e itšetlehileng ka lipatlisiso tseo re li entseng. Le hoja ka linako tse ling re ne re korotla, sena se ile sa re ruta kamoo re ka etsang lipatlisiso kateng le ho itlhalosa. Mekhoa e joalo ha e fele.
“Ke ile ka khahloa ke boitelo ba ’Mè le Ntate molemong oa rōna. Nakong eo ka eona baholoane ba ka ba babeli Richard le Dan ba ka beng ba kenya chelete ka lapeng, batsoali ba rōna ba ile ba ba khothalletsa ho ea Brooklyn, New York, ho ea sebeletsa e le baithaopi ntlo-khōlō ea lefatše lohle ea Mokhatlo oa Watch Tower. Batsoali ba rōna ba ile ba boela ba boloka chelete e le hore ba bahlano ho rōna ba ka ea New York ka sefofane ho ea bona ntlo-khōlō ka mahlo. Seo se ile sa nkama haholo. Se ile sa eketsa kananelo ea rōna ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.
“Joale e-re ke khutlisetse taba ena ho Ntate.”
Re Bile le Maima a Rōna
Joaloka lelapa le leng le le leng, re bile le mathata a rōna le maima. Ha bashanyana bana ba kena lilemong tsa lefereho, ke ile ka tlameha ho ba eletsa mabapi le ho potlakela ho kena lenyalong le ngoanana oa pele ea ba khahlang. Re ile ra boela ra tiisa hore ba ba le motho ea ba lebetseng ha ba laetsana. Re ne re batla hore ba be le phihlelo e itseng bophelong pele ba khetha molekane oa bophelo bohle. Ka linako tse ling ba ne ba ee ba lle esita le lipelo tsa bona li utloe bohloko ka nakoana, empa qetellong, ba ile ba hlokomela bohlale ba keletso ea Bibele—haholo-holo ea ho nyala “Moreneng.” Re ne re ba babatsa ka bohlale ba bona.—1 Bakorinthe 7:39.
Scott, mora oa rōna oa bosupa, o ile a re llisa. O ile a inehela litloaelanong tse mpe mosebetsing. O ile a qetella a khaotsoe phuthehong. Seo se ile sa re bakela masoabi a maholo kaofela ha rōna, empa re ile ra hlompha qeto ea baholo ea boahloli. Scott o ile a tlameha ho ithuta ka phihlelo e bohloko hore ho sebeletsa Jehova ke tsela e molemohali ea bophelo.
Ha ho mohla re kileng ra tela hore o tla khutlela phuthehong. Hoa thabisa hore ebe ka mor’a lilemo tse hlano o ile a khutlisetsoa ka phuthehong. Ha a hetla morao, o re, “Ntho e le ’ngoe e ileng ea nthusa ha ke ntse ke khaotsoe ke hore le hoja ho kopana ha ka le lelapa ho ne ho lekanyelitsoe haholo, kamehla ke ne ke tseba hore lelapa leso lea nthata.” Scott o ile a ’na a hatela pele ’me o ’nile a sebeletsa e le moholo ka lilemo tse robeli tse fetileng.
Ka masoabi, litloholo tsa rōna tse peli li ile tsa khaoloa lilemong tsa morao tjena. Empa re tšelisoa ke hore taeo e tsoang ho Jehova e ka fella ka liphetoho tse molemo.
Phetoho e Khōlō Bophelong ba Rōna
Qetellong, ka 1978, bashanyana bana kaofela ba ne ba phuruselitse. Ha lilemo li ntse li feta, ke ile ka ba le phihlelo mabapi le tsamaiso ea mocheso, ea ho kenya moea o pholileng mehahong le ea ho hloekisa moea. Ka 1980, ’na le Margaret re ile ra amohela memo e hlollang ea ho sebeletsa ntlo-khōlō ea Brooklyn ea Mokhatlo oa Watch Tower ka likhoeli tse robong. Lilemo tse 18 hamorao, re ntse re le hona teng!
Re hlohonolofalitsoe haholo. E ne e se kamehla ho leng bonolo ho hōlisa bara ba rōna ka tsela ea khale, ho latela melao-motheo ea Bibele, empa ho re putsitse. Boemo boo lelapa la rōna le leng ho bona hona joale ke hore bashanyana ba rōna ba bahlano ba sebeletsa e le baholo ba phutheho, ’me a le mong ke molebeli ea tsamaeang. Re na le litloholo tse 20 le litloholoana tse ’nè—’me bongata ba tsona li ’neteng ’me lia tšepahala ho Molimo.
Re bone bonnete ba mantsoe a mopesaleme: “Bonang, bara ke lefa la Jehova, ’me tholoana ea popelo ea mosali ke moputso. Bana ba bocha ba rōna ba joalo ka metsu letsohong la mohale.”—Pesaleme ea 127:3, 4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., ka 1946; hona joale ha e sa hatisoa.
b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]
Re na le bara ba rōna le lingoetsi (ka letsohong le letona) le litloholo (ka thōko ka letsohong le letona) sehopotsong sa lechato la rōna sa bo50, ka 1996