Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 3/8 maq. 21-22
  • Ho Phekola Ntle ho Tšelo ea Mali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phekola Ntle ho Tšelo ea Mali
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mekhoa e Meng ea ho Phekola Ntle ho Tšelo ea Mali
  • Lipaki Tsa Jehova Lia Emeloa
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Sebelisoa ha Mali Phekolong—Na ho Tla Lula ho Sireletsehile?
    Tsoha!—2006
  • Litšelo Tsa Mali—Na ke Senotlolo sa Pholoho?
    Tsoha!—1990
  • Seboka se Ikhethang sa ho Buoa Ntle ho Mali Moscow
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 3/8 maq. 21-22

Ho Phekola Ntle ho Tšelo ea Mali

Seo Litsebi li se Buang ka mongolli oa TSOHA! Norway

“LEHA nka lebala ntho e ’ngoe le e ’ngoe sebokeng sena, nke ke ka lebala lephephe la lōna.” Ho boletse joalo ngaka e bileng teng Sebokeng sa Mokhatlo oa Machaba sa Tšelo ea Mali sa bo25, se neng se tšoaretsoe Oslo, Norway, lehlabuleng le fetileng (ka la 27 June ho ea ho la 2 July, 1998). O ne a sa tsoa etela lephephe leo ho fanoang ka boitsebiso ho lona leo Lipaki tsa Jehova tse neng li lumeletsoe ho nka karolo pontšong li neng li le hlomme.a

Lingaka tse fetang 1 700 tse tsoang linaheng tse 83 li ne li le teng sebokeng sena. Ba bangata ba neng ba tlile sebokeng seo ba ne ba emetse libanka tsa mali, empa ho ne ho boetse ho e-na le lingaka tse sebetsanang le mali, tse buoang le tse robatsang ka lithethefatsi. Litsebi tsena li ile tsa fana ka boitsebiso bofe sebokeng see sa bohlokoa? Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlahisa eng pontšong ea tsona, hona ba tlileng pontšong ba ile ba arabela joang?

Mekhoa e Meng ea ho Phekola Ntle ho Tšelo ea Mali

Har’a litaba tseo ho buisanoeng ka tsona ho ne ho e-na le ea tšelo ea mali, tlhahlobo ea mali, le mekhoa e meng ea ho phekola ntle ho tšelo ea mali. Dr. C. V. Prowse, oa Tšebeletso ea Sechaba ea Tšelo ea Mali ea Scotland, o ile a bua ka “Lintho tse Ling tse ka Sebelisoang Sebakeng sa Mali a Motho le Mehloli ea Mali.” O ile a bua ka metsoako e sa tšoaneng ea liphatsa tsa lefutso (e iketselitsoeng) e susumetsang khōlo ea lintho tse phelang e ka eketsang tekanyo ea lisele tsa mali ka ho tsosa matla a ’mele a ho hlahisa lisele tsena. Ka mohlala, erythropoietin e hlahisoa ke liphio ’me e eketsa tlhahiso ea lisele tsa mali tse khubelu. Empa hona joale e ka etsoa lilaboratoring. Dr. Prowse o ile a bolela hore, “erythropoietin [e iketselitsoeng] e pakiloe hantle hore e ka phekola mefuta e sa tšoaneng ea khaello ea mali.”

Ho entsoe motsoako o tšoanang le oo bakeng sa ho eketsa matla a ’mele a ho hlahisa li-platelet tsa mali. Dr. Prowse o itse: “Lintho tse sibolotsoeng morao-rao karolong ena ke metsoako e thusang tlhahisong ea li-platelet tsa mali. Interleukin 11 e se e lumeletsoe hore e ka sebelisoa ka lebaka la ho atleha ha eona ho ntlafatseng tekanyo ea li-platelet..., ’me ho bonahala ho ka etsahala hore haufinyane thrombopoietin le motsoako o tšoanang le eona, rh-PEG-MGDF, li lumelloe hore li ka sebelisoa.”

Dr. Prowse o ile a boela a bua ka metsoako e iketselitsoeng e bakang mahloele (liprotheine tsa plasma) tse ipakileng e le tsa bohlokoa ho batho ba nang le lefu la ho lieha ha mali ho etsa mahloele: “Liprotheine tsa plasma tse ’maloa tse entsoeng ka liphatsa tsa lefutso tseo e seng tsa motho tse ’maloa li se li lumeletsoe hore li ka sebelisoa, ’me maemong a mang li pakiloe e le phekolo e ratoang haholo ka lebaka la ho ameha ka tšoaetso ea kokoana-hloko ea lihlahisoa tse entsoeng ka plasma.” Dr. Prowse o ile a eketsa ka hore “lintlha tse ling tse mabapi le ho ba teng ha mahloele joale li se li le mocheng oa ho hlahisoa.”

N. S. Faithfull, ea sebelisanang haufi-ufi le k’hamphani ea meriana, o ile a etsa nehelano e mabapi le metsoako ea perfluorocarbon (PFC). Li-perfluorocarbon tse itseng li ka tsamaisa oksijene potolohong ea mali. Mofuta oa pele oa li-k’hemik’hale tsena ha oa ka oa ipaka o khotsofatsa ka tsela e tšoanang le ea mali a “maiketsetso.” Na ho bile le tsoelo-pele e entsoeng? Faithfull o itse: “Lilemong tse seng kae tse fetileng, ntlafatso e eketsehileng ea theknoloji ea PFC e tsoetse pele ’me ho entsoe liteko ho sebelisoa marotholi a PFC [e ntlafetseng ho feta ea pele].” O ile a etsa tlaleho mabapi le liteko tse entsoeng ka e ’ngoe ea tsena bakuling ba 256 ba buuoang bakeng sa kholofalo, mafu a basali kapa tsamaiso ea ho ntša metsi—ho buoa hoo hangata ho fellang ka ho tsoa mali a mangata. Liphello e bile life? “Boitsebiso bo tsoang liphuputsong tsena ka bobeli bo ile ba bontša hore Marotholi a Tsamaisang Oksijene Maling a ne a le molemo haholo ho feta mali tabeng ea ho lokisa boemo bo kotsi [boemo bo kotsi bo bolela tlhokahalo ea tšelo ea mali] le hore boemo bo kotsi bo ile ba lokisoa ka nako e telele ho feta ha bo lokisoa ka mali a motho ea buuoang.”

Ba leng sebokeng sena ba ile ba boela ba utloa hore tekanyo ea liphatsa tsa PFC marotholing a joalo “e nyenyane haholo..., e ka ba nyenyane ka makhetlo a ka bang 40 ho feta mola oa RBC [red blood cell (lisele tsa mali tse khubelu)] o parolang ’mele ka lehare. Tekanyo ena e nyenyane e ka nolofalletsa liphatsa tsa PFC ho tšelela ka ng’ane ho methapo e menyenyane ea mali moo ho se nang li-RBC tse li setseng morao.” Ho bonahala hore sena se tšepisa hore se tla thusa tabeng ea lisele tse itseng tse senyehileng tse tletseng mali.

Ngaka ea Brithani e ile ea hatisa tlhokahalo ea ho baballa mali ha ho buuoa. E ile ea khothalletsa ka matla hore sena se etsoe ka lebaka la khaello ea mali le ka lebaka la likotsi tse tsamaisanang le tšelo ea mali. Ho etsa mohlala oa hore na ho ka etsoa ho hokae ho fokotsa tšebeliso ea mali, e ile ea bua ka ngaka e buoang e neng e sebelisa mali feela karolong ea 10 lekholong ea batho bao e ba buoang liqholo. Lingaka tse ling tse buoang sepetleleng sona seo li ne li sebelisa mali karolong ea 70 lekholong ea batho bao li ba buoang liqholo.

Lipaki Tsa Jehova Lia Emeloa

Ho ile ha etsoa hore boitsebiso bo mabapi le mekhoa e joalo e mengata le lintho tse ling tse ka sebelisoang sebakeng sa tšelo ea mali bo fumanehe lephepheng la Lipaki tsa Jehova. Plakate e ’ngoe e ne e bontša hore lefatšeng lohle, litsi tsa bongaka tse 120 hona joale li phekola ntle ho tšelo ea mali, lipampitšana tse hatisitsoeng li ne li e-na le mantsoe a qotsitsoeng lihloohong tsa bo-ngaka tse ka bang 1 000. Ho ne ho fanoa ka boitsebiso bo bontšang mekhoa e sa tšoaneng ea ho qoba tšelo ea mali—e leng mekhoa e ka ’nang ea sebelisoa pele ba buoa, nakong eo ba buoang le ka mor’a moo.

Karabelo e ne e le ntle haholo. Nakong ea seboka sena, Lipaki tse lephepheng li ile tsa bua le lingaka tse ka bang 480—bongata ba tsona li ile tsa khutla bakeng sa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, tsa ba tsa tlisa basebetsi-’moho le tsona. Moprofesa e mong oa thuto ea ho robatsa motho ka lithethefatsi le ho buoa oa California o ile a re: “Ena ke ntho e tsotehang.” Moprofesa e mong oa Jeremane o itse: “Nka sebelisa boitsebiso bona ha ke ruta liithuti tsa ka.” Ngaka e emetseng banka ea mali e khōlō ka ho fetisisa Chaena e ile ea re: “Re hloka boitsebiso bo joalo haholo ka lebaka la khaello ea phephelo ea mali.”

Letsatsi le latelang leo a fumaneng lipampitšana ka lona, mookameli oa banka ea mali ea sepetlele sa Norway o ile a khutla ’me a re: “Na nka fumana tse ling hape tse peli kapa tse tharo? Ke tla li fa lingaka tse buoang le tse robatsang ka lithethefatsi ’me ke li bolelle hore li sebelise mekhoa ena ho fokotsa kapa ho qoba tšelo ea mali ha li buoa.” Ngaka e ’ngoe e ile ea re: “Lena ke lephephe le thahasellisang ka ho fetisisa sebokeng sena.”

Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa e-ba mafolofolo lefatšeng lohle tabeng ea ho thusa batho ho fumana lingaka tse ka phekolang bakuli ntle ho tšelo ea mali le tse tla etsa seo. Lipaki li boetse li entse hore batho ba fumane boitsebiso ba morao-rao bo mabapi le lintho tse ling tse ka sebelisoang sebakeng sa tšelo ea mali. Sebokeng sena, lingaka tse makholo, ho akarelletsa le lingaka tse buoang, hammoho le basebetsi ba bang ba bongaka ba tsoang linaheng tse ngata ba ile ba bontša thahasello boitsebisong bo joalo. Sena se lokela ho ba le phello e molemo ha batho bana ba leka ka matla ho sebelisa mekhoa e mengata le lihlahisoa tse ngata tse etsang hore ho se ke ha hlokahala hore batho ba tšeloe mali.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka mabaka a bolumeli, Lipaki tsa Jehova ha li amohele tšelo ea mali, ho e-na le hoo li kōpa phekolo e ka nkelang eo sebaka. (Liketso 15:28, 29) Bakeng sa boitsebiso bo mabapi le mabaka a sena le ho utloahala ha sona, bona Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela